YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 8

8
Basadi ba bang ba felehetsa Jesu
1Hamorao Jesu a etela motse le motsana ka mong, a ntse a phatlalatsa, a bolela molaetsa o molemo wa Mmuso wa Modimo. Ba leshome le metso e mmedi ba ne ba ena le yena, 2le basadi ba bang ba neng ba fodisitswe meya e mebe le malwetse: Maria ya bitswang wa Magadala, eo bademona ba supileng ba tswileng ho yena, 3le Johanna, mosadi wa Kusase, qhooku ya Heroda, le Susanna, le ba bang ba bangata, ba neng ba thusa Jesu le barutuwa ka tseo ba nang le tsona.
Setshwantsho sa mojadi
(Mat. 13:1-9; Mar. 4:1-9)
4Yare ha letshwelehadi le kgobokana, mme batho ba motse ka mong ba etla ho yena, Jesu a bua ka setshwantsho, a re: 5“Mojadi o ne a tswe ho ya jala peo ya hae. Ha a ntse a jala, e nngwe ya wela ka tseleng, ya hatakelwa, mme dinonyana tsa e ja. 6E nngwe ya wela mokurutlaneng, mme hoba e mele, ya pona ke ho hloka mongobo. 7E nngwe ya wela hara meutlwa, mme hoba di hole mmoho, meutlwa ya e bipetsa. 8E nngwe ya wela mobung a motle, ya mela, ya beha tse lekgolo.”
Hoba a rialo a howa, a re: “Ya nang le ditsebe ho utlwa a utlwe!”
Sepheo sa ditshwantsho
(Mat. 13:10-15; Mar. 4:10-12)
9Jwale barutuwa ba hae ba mmotsa hore na setshwantsho seo se lekanyang? 10A re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa Modimo, empa ba bang ba neilwe ka ditshwantsho hore,
“ ‘leha ba bona,
ba se ke ba bona,
mme leha ba utlwa,
ba se ke ba utlwisisa.’ ”
Jesu o qaqisa setshwantsho sa mojadi
(Mat. 13:18-23; Mar. 4:13-20)
11“Qaqiso ya setshwantsho ke ena: Peo ke lentswe la Modimo. 12E ka tseleng ke ba utlwang, ebe hamorao ho tla Diabolosi, a tlose lentswe dipelong tsa bona, esere ba dumela, ba pholoswa. 13E mokurutlaneng ke bao ereng ha ba utlwa, ba amohele lentswe ka thabo, empa ba se na motso; ba dumela ka nakwana, ere nakong ya moleko, ba kwenehe. 14E wetseng meutlweng, ke ba utlwang, mme kgabareng ba bipetswe ke dikgathatso, maruo le menyaka ya bophelo, mme ha ba fihle ho butsweng. 15Athe e mobung o motle, ke ba utlwang lentswe, ba le kgomarele ka pelo ya sebele, e molemo, ba behe ditholwana ka mamello.”
Lebone le katlasa nkgo
(Mar. 4:21-25)
16“Ha ho ya hotetsang lebone, a le kwahele ka nkgo, kapa a le bee tlasa bethe, empa o le bea sedulwaneng, hore ba kenang ba tle ba bone lesedi. 17Ha ho letho le patilweng le ke keng la hlahela, kapa sephiri se ke keng sa tsejwa le ho pepeswa. 18Ha ho le jwalo, hlokomelang kamoo le utlwang kateng, hobane mang le mang ya nang le letho o tla ekeletswa, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a hopolang hore o na le sona.”
Bana babo Jesu le mmae
(Mat. 12:46-50; Mar. 3:31-35)
19Mma Jesu le bana babo Jesu ba tla ho yena, empa ba sitwa ho fihla ho yena ka baka la letshwele. 20A tsebiswa, ha thwe: “Mmao le bana beno ba eme kantle, ba rata ho o bona.”
21Empa a ba araba, a re: “Bao e leng mme le bana beso, ke ba utlwang, ba phethang lentswe la Modimo.”
Jesu o kgutsisa sefefo
(Mat. 8:23-27; Mar. 4:35-41)
22Ka le leng la matsatsi ao, a kena ka sekepeng le barutuwa ba hae, mme a re ho bona: “A re tsheleleng kamose wane ho letsha!” Yaba ba a tshela. 23Ha ba ntse ba tshela, a kgaleha. Sefefo sa theohela letsheng, sekepe sa qala ho tlala metsi, mme ba ba kotsing.
24Ba atamela, ba mo tsosa, ba re: “Monghadi, monghadi, re a timela!”
A tsoha, a kgalemela moya le maqhubu; yaba di a kgaotsa, mme ha eba le kgutso. 25Yaba o re ho bona: “Tumelo ya lona e ho kae?”
Ba tshoha, ba hlollwa, mme ba botsana, ba re: “Ekaba motho eo ke mang, ya laelang le meya le metsi, mme di mo mamele?”
Phodiso ya Mogerasa ya nang le bademona
(Mat. 8:28-34; Mar. 5:1-20)
26Yaba ba tshelela ka sekepe naheng ya Bagerasa, e malebana le Galelea. 27Yare ha a tswela lebopong, a kgahlanyetswa ke monna e mong ya tswang motseng, ya neng a ena le bademona, e se e le nako e telele a sa apare letho, a sa dule ka tlung, a mpa a dula mabitleng. 28Yare ha a bona Jesu, a itihela fatshe pela hae, a re ka lentswe le phahameng: “O nkene kang, Jesu Mora wa Modimo ya hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa!” 29Ke hobane Jesu o ne a ile a laela moya o ditshila ho tswa monneng eo. O ne o ye o mo hlasele hangata, a tlangwe ka mahlaahlela le diketane, a lebelwe, empa a kgaole ditlamo tseo, a susumeletswe feelleng ke modemona.
30Jesu a mmotsa, a re: “Lebitso la hao o mang?”
A re: “Ke Lebotho;” kahobane ho ne ho kene bademona ba bangata ka ho yena. 31Ba mo rapela hore a se ke a ba laela ho ya mohohlong o se nang pheletso.
32Jwale ho ne ho fula mohlape wa dikolobe tse ngata thabeng; ba rapela Jesu hore a ba dumelle ho kena ka dikolobeng tseo, mme a ba dumella. 33Bademona ba tswa monneng eo ba kena ka dikolobeng, mme mohlape wa tsubella selomong, wa itihela letsheng, wa kgangwa ke metsi.
34Badisa, ha ba bona se etsahetseng, ba baleha, ba ya beha motseng le metsaneng. 35Batho ba tswa ho ya bona se etsahetseng, ba tla ho Jesu, mme ba fumana monna eo bademona ba tswileng ho yena a dutse maotong a Jesu, a apere, kelello ya hae e tsitsitse hantle, mme ba tshoha. 36Ba boneng ba ba behela kamoo ya neng a ena le bademona a fodisitsweng kateng. 37Yaba bongata bohle ba tikoloho ya Bagerasa bo kopa Jesu hore a tlohe ho bona, hobane ba ne ba tshohile haholo. A kena ka sekepeng a kgutla.
38Monna eo bademona ba tswileng ho yena a mo kopa hore a tsamaye le yena, empa Jesu a mo lokolla, a re: 39“Kgutlela hae, o yo bolela tsohle tseo Modimo a o etseditseng tsona.” Yaba o tloha a eya le motse wohle, a phatlalatsa dintho tseo Jesu a mo etseditseng tsona.
Phodiso ya mosadi le tsoso ya moradi wa Jairuse
(Mat. 9:18-26; Mar. 5:21-43)
40Ha Jesu a kgutla, a amohelwa ke letshwele, hobane bohle ba ne ba mo lebeletse. 41Bonang, ha tla monna ya bitswang Jairuse, e le mookamedi wa ntlo ya thapelo, a itihela fatshe, maotong a Jesu, a mo rapela hore a kene ka tlung ha hae, 42hobane o ne a ena le moradi ya nnotshi ya ka bang dilemo tse leshome le metso e mmedi, mme moradi eo o ne a le lekgatheng la ho shwa.
Jwale ha Jesu a ntse a eya teng, matshwele a penyana ho yena. 43Ho ne ho ena le mosadi ya qetileng dilemo tse leshome le metso e mmedi, lehatlelo la hae le sa kgaotse, a lefile dingaka ka sohle seo a neng a ena le sona, empa ho se le e nngwe e ka mo phekolang. 44A tla kamora Jesu, a ama qola ya seaparo sa hae, mme hanghang lehatlelo la hae la kgaotsa.
45Jesu a re: “Ya nkamileng ke mang?”
Yare ha ba latola bohle, Petrose a re: “Monghadi, matshwele a penyane hodima hao, mme a a o patisa.”
46Empa Jesu a re: “Ho na le ya nkamileng, hobane ke utlwile hore matla a tswile ho nna.”
47Yare ha mosadi a bona hore ha a ya pateha, a tla ka thothomelo, a itihela fatshe pela hae, a bolela pela setjhaba sohle lebaka leo a mo amileng ka lona, le kamoo a fodisitsweng kateng hanghang. 48Yaba Jesu o re ho yena: “Moradi, tumelo ya hao e o fodisitse; eya ka kgotso!”
49Yare a sa ntsane a bua, ha fihla motho ya tswang lapeng la mookamedi wa ntlo ya thapelo, a re: “Moradi wa hao o shwele; o se hlole o kgathatsa moruti!”
50Empa Jesu ha a utlwa, a re ho Jairuse: “Se tshabe; dumela feela, mme o tla fola.”
51Yare ha a fihla ka tlung, a se ke a dumella motho ho kena le yena, haese Petrose, Johanne le Jakobo, le ntata ngwanana le mmae. 52Bohle ba ne ba lla, ba hlomohetse mofu. Jesu a re: “Se lleng, hobane ha a ya shwa, o mpa a robetse.”
53Ba mo ja ditsheho, kaha ba ne ba tseba hore o shwele. 54Empa a mo tshwara ka letsoho, a mmitsa, a re: “Ngwanana, tsoha!” 55Moya wa hae wa kgutla, a tsoha hanghang, mme Jesu a laela hore a fuwe dijo. 56Batswadi ba hae ba hlollwa; a mpa a ba laya ho se bolelle motho se etsahetseng.

Currently Selected:

LUKA 8: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy