YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 3

3
Thuto ya Johanne Mokolobetsi
(Mat. 3:1-12; Mar. 1:1-8; Joh. 1:19-28)
1Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Sesare Tiberiuse, ha Pontiuse Pilato a busa Judea, Heroda a busa Galelea, Filipi ngwanabo a busa naha ya Ituria le Terakonite, Losaniase a busa Abilene, 2mehleng ya Baprista ba Baholo Hannase le Kaiafa, lentswe la Modimo la fihlela Johanne, mora Sakariya, a le lefeelleng. 3A ya tikolohong yohle ya Jorodane a ntse a phatlalatsa tsa kolobetso ya pako e isang tshwarelong ya dibe, 4jwalokaha ho ngotswe bukeng ya mantswe a moporofeta Esaya, ho thwe:
“Lentswe la ya howang feelleng
le re:
‘Lokisang mmila wa Morena,
le otlolle ditsela tsa hae.
5Kgohlo e nngwe le e nngwe
e tla katwa,
thaba ka nngwe le leralla ka leng
di bothalatswe,
ho kgopamileng ho otlollwe,
ditsela tse makukuno
di batalatswe,
6mme batho bohle ba tla bona
ho pholosa ha Modimo.’ ”
7Jwale a re ho matshwele a tlang ho tla kolobetswa ke yena: “Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng hore le ka baleha bohale bo tlang? 8Behang ditholwana tse lokelang pako he, mme le se ke la qala ho re ka ho lona: ‘Re na le ntata rona, Aborahama,’ hobane ke a le bolella, ke re: Modimo a ka hlahisetsa Aborahama bana le ka majwe ana. 9Etswe selepe se se se beilwe metsong ya difate; ka baka leo, sefate ka seng se sa beheng ditholwana tse monate se tla rengwa, se lahlelwe mollong.”
10Matshwele a mmotsa, a re: “Ha ho le jwalo, re etse eng?”
11A araba, a re: “Ya nang le diaparo tse pedi a fe ya se nang letho, le ya nang le dijo a etse jwalo.”
12Ha tla le balekgetho ho kolobetswa, ba re ho yena: “Moruti, re etseng?”
13A re ho bona: “Le se ke la kgafisa ho feta seo le se laetsweng.”
14Le masole a mmotsa, a re: “Rona re etseng?” A re ho wona: “Le se ka la inkela tsa batho ka mahahapa, leha e le ho ba hatella; le kgotsofalle moputso wa lona.”
15Erekaha setjhaba se ne se lebeletse, mme bohle ba nahana ka dipelong tsa bona ka Johanne, ba re, esebe ke yena Kreste. 16Johanne a araba bohle, a re: “Nna ke fela ke le kolobetsa ka metsi, empa ho tla tla ya mphetang ka matla, eo ke sa tshwanelang le ho lokolla leqhwele la meqathatso ya hae. Yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo. 17Ke eo seoloso sa hae se leng letsohong la hae ho hlwekisa seotlo sa hae le ho bokella koro sesiung sa hae, empa mmoko o tla o tjhesa mollong o sa timeng.”
18A nna a kgothatsa le ka ditaba tse ding tse ngata, a ntse a bolella batho molaetsa o molemo.
19Hoba Johanne a kgalemelle kgosi Heroda ho inkela Herodiase, mosadi wa ngwanabo, le ho etsa tsohle tse mpe, 20Heroda a eketsa ka ho kwalla Johanne tjhankaneng.
Jesu o a kolobetswa
(Mat. 3:13-17; Mar. 1:9-11)
21Ha batho bohle ba kolobeditswe, Jesu le yena a kolobetswa. Ha a ntse a rapela lehodimo la buleha, 22mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se kang sa leeba; lentswe la tswa lehodimong, la re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang.”
Leloko la Jesu
(Mat. 1:1-17)
23Jesu o ne a ka ba dilemo tse mashome a mararo ha a qala ho ruta. Ha ho lekanngwa, e ne e le mora wa Josefa, mora wa Eli, 24mora wa Matate, mora wa Levi, mora wa Meleki, mora wa Jannai, mora wa Josefa, 25mora wa Matiteya, mora wa Amose, mora wa Nahume, mora wa Hesele, mora wa Nagai, 26mora wa Mahate, mora wa Matiteya, mora wa Shimei, mora wa Joseke, mora wa Juda, 27mora wa Johanne, mora wa Resa, mora wa Sorobabele, mora wa Salatiele, mora wa Neri, 28mora wa Meleki, mora wa Adi, mora wa Kosame, mora wa Elemadama, mora wa Ere, 29mora wa Joshua, mora wa Eleesere, mora wa Jorime, mora wa Matate, mora wa Levi, 30mora wa Simeone, mora wa Juda, mora wa Josefa, mora wa Joname, mora wa Eliakime, 31mora wa Melea, mora wa Menna, mora wa Matatha, mora wa Nathane, mora wa Davida, 32mora wa Jese, mora wa Obede, mora wa Boase, mora wa Shela, mora wa Nashone, 33mora wa Aminadabe, mora wa Arame, mora wa Areni, mora wa Heserone, mora wa Farese, mora wa Juda, 34mora wa Jakobo, mora wa Isaka, mora wa Aborahama, mora wa Tera, mora wa Nakore, 35mora wa Seruge, mora wa Ragau, mora wa Pelege, mora wa Ebere, mora wa Shela, 36mora wa Kainame, mora wa Arepakeshade, mora wa Sema, mora wa Nowe, mora wa Lameke, 37mora wa Metushela, mora wa Henoke, mora wa Jarede, mora wa Mahalalele, mora wa Kainame, 38mora wa Enoshe, mora wa Seta, mora wa Adama, mora wa Modimo.

Currently Selected:

LUKA 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy