YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 2

2
Tswalo ya Jesu
(Mat. 1:18-25)
1Mehleng eo ha tswa taelo ya Sesare Augosetose, ya hore batho ba lefatshe lohle ba ngodiswe. 2Ngodiso ena ya pele e bile teng ha Kireniuse e le mmusisi wa Siria. 3Bohle ba ya ingodisa, e mong le e mong motseng wa habo.
4Le Josefa a nyoloha Galelea, motseng wa Nasaretha, a ya Judea, motseng wa Davida o bitswang Betlelehema, hobane yena e ne e le wa ntlo ya Davida le wa leloko la hae. 5A ingodisa le Maria, eo a mo lebeleditseng, eo e neng e le moimana. 6Ha ba le moo, nako ya hae ya ho beleha ya fihla, 7mme a beleha mora wa hae wa letsibolo; a mo phutha ka masela, a mo robatsa ka sejelong, hobane ba ne ba hlokile sebaka tlung ya baeti.
Badisa le mangeloi
8Naheng yona eo, ho ne ho ena le badisa ba phelang metebong, ba lebela mehlape ya bona bosiu. 9Lengeloi la Morena la fihla ho bona, kganya ya Morena ya ba teela hare, mme ba tshaba haholo. 10Lengeloi la re ho bona: “Se tshabeng. Bonang, ke le bolella molaetsa o molemo wa thabo e kgolo, eo e tla ba ya batho bohle. 11Kajeno, motseng wa Davida, le tswaletswe Mopholosi, e leng Kreste Morena. 12Hoo e tla ba pontsho ho lona, ke hore le tla fumana lesea le phuthilweng ka masela, le robetse ka sejelong.”
13Yaba hanghang lebothohadi la lehodimo le ba le lengeloi leo, le roka Modimo, le re:
14“Tlotla e be ho Modimo
mahodimong a hodimodimo,
kgotso e be lefatsheng
ho batho ba mo kgahlang!”
15Hoba mangeloi a tlohe ho bona a kgutlele lehodimong, badisa ba buisana, ba re: “A re yeng Betlelehema, re yo bona taba eo e etsahetseng, eo Morena a re tsebisitseng yona.”
16Ba ya ka potlako, mme ba fumana Maria le Josefa, le lesea le robetseng ka sejelong. 17Hoba ba le bone, ba phatlalatsa taba eo ba e boleletsweng ka ngwana eo. 18Bohle ba utlwang ba makalla tseo ba di bolellwang ke badisa; 19ha e le Maria, a boloka ditaba tseo tsohle, a di lohotha pelong ya hae. 20Badisa ba nto kgutla ba ntse ba tlotlisa Modimo, ba mo roka ka ditaba tsohle tseo ba di utlwileng, ba di boneng, jwalokaha ba boleletswe.
21Ha matsatsi a robedi a hore ngwana a bolotswe a fetile, a rewa lebitso la Jesu, leo a neng a le rewe ke lengeloi a eso emolwe.
Jesu o hlahiswa ka Tempeleng
22Ha ho fetile matsatsi a tlhwekiso ya bona ho ya ka Molao wa Moshe, ba isa Jesu Jerusalema ho mo hlahisa pela Morena, 23jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Morena, ho thwe: “Ngwana e mong le e mong e motona wa letsibolo o tla kgethelwa Morena,” 24le ho tlisa sehlabelo, ho ya ka se boletsweng Molaong wa Morena, e leng maebana-kgorwana a mabedi kapa madinyane a mabedi a maeba.
25Jwale ho ne ho ena le monna Jerusalema ya bitswang Simeone. Monna eo o ne a lokile, a hlompha Modimo, a lebeletse tshediso ya Iseraele, mme Moya o Halalelang o ne o le ho yena. 26O ne a senoletswe ke Moya o Halalelang hore a ke ke a shwa a eso bone Motlotsuwa wa Morena. 27A iswa ke Moya ka Tempeleng, mme ha batswadi ba ngwana Jesu ba mo isa hore ba etse ka yena ho ya ka moetlo wa Molao, 28Simeone a mo nka a boka Modimo, a re:
29“Morena, jwale o ka lokolla
mohlanka wa hao ka kgotso,
ho ya ka polelo ya hao;
30hobane mahlo a ka a bone
ho pholosa ha hao,
31hoo o ho lokisitseng
pontsheng ya ditjhaba tsohle;
32lesedi le bonesetsang baditjhaba
le tlotla ya setjhaba sa hao
sa Iseraele.”
33Ntatae le mmae ba makalla tse bolelwang ka yena. 34Simeone a ba hlohonolofatsa, mme a re ho Maria, mmae: “Bona, ngwana enwa o baletswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng le ho ba pontsho e tlang ho hanyetswa, 35hore maikutlo a dipelo tse ngata a senolehe. Le wena ka sebele lerumo le tla o hlaba moya.”
36Ho ne ho ena le moporofeta wa mosadi, ya bitswang Anna, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere. Anna eo o ne a se a tsofetse haholo, a ile a phela le monna ka dilemo tse supileng ho tloha borwetsaneng ba hae. 37Ya eba mohlolohadi ho fihlela a eba le dilemo tse mashome a robedi a metso e mene. O na sa tlohe Tempeleng, a sebeletsa Modimo bosiu le motsheare ka ho itima dijo le ka ho rapela. 38A fihla ka yona nako eo, a boka Modimo, a bua ka Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo ya Jerusalema.
Ho kgutlelwa Nasaretha
39Ha ba se ba phethile tsohle ka ho ya ka Molao wa Morena, ba kgutlela Galelea, motseng wa habo bona, wa Nasaretha. 40Ha e le ngwana a nna a hola, a matlafala, a tlala bohlale, mme mohau wa Modimo wa nna wa eba le yena.
Moshanyana Jesu ka Tempeleng
41Batswadi ba Jesu ba ne ba eya Jerusalema ka selemo le selemo, moketeng wa Paseka. 42Ha a le dilemo tse leshome le metso e mmedi, ba nyolohela teng ho latela moetlo wa mokete. 43Hoba ba qete matsatsi a mokete, ha ba kgutlela hae, moshanyana Jesu a sala Jerusalema, batswadi ba hae ba sa tsebe. 44Empa ka ho hopola hore o hara mmidimidi, ba tsamaya leeto la letsatsi, ba nto mmatla hara bang ka bona le hara ba tsebanang le bona. 45Ha ba sa mo fumane, ba kgutlela Jerusalema ba ntse ba mmatla. 46Kamora matsatsi a mararo ba mo fumana ka Tempeleng a dutse hara baruti, a ba mametse, a ntse a ba botsa, 47mme bohle ba mo mametseng ba ne ba hlollwa ke kelello ya hae le dikarabo tsa hae. 48Ha batswadi ba hae ba mmona, ba tsota, mme mmae a re ho yena: “Ngwana ka, o re etseditseng tjee? Bona, rona le ntatao re ne re ntse re o batla re tshwenyehile.”
49A re ho bona: “Le ne le mpatlelang? Na le ne le sa tsebe hore ke tshwanetse ho ba mosebetsing wa Ntate?” 50Empa bona ba se ke ba utlwisisa taba eo a e buileng ho bona.
51A theoha le bona, a ya Nasaretha, mme a nna a ikokobetsa tlasa bona. Mmae a boloka ditaba tseo tsohle ka pelong ya hae. 52Jesu a nna a tswela pele bohlaleng, le ho holeng, mme a kgahleha pela Modimo le pela batho.

Currently Selected:

LUKA 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy