YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 15

15
Setshwantsho sa nku e lahlehileng
(Mat. 18:12-14)
1Jwale balekgetho le baetsadibe kaofela ba atamela ho mamela Jesu. 2Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba korotla, ba re: “Monna enwa o amohela baetsadibe, mme o ja le bona!”
3Yaba o ba bolella setshwantsho, o re: 4“Ke ofe hara lona ya nang le dinku tse lekgolo, eo ekareng ha a lahlehetswe ke e nngwe ya tsona, a ke keng a siya tse mashome a robong a metso e robong naheng, a yo batla e lahlehileng, ho fihlela a e fumana? 5Ha a e fumane, a e jare a thabile, 6mme ha a fihla hae a bitse metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re ho bona: ‘Thabang le nna, hobane ke fumane nku ya ka e neng e lahlehile!’ 7Ke a le bolella hore ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e tla ba teng lehodimong, e fetang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robong a metso e robong ba sa hlokeng pako.”
Setshwantsho sa tjhelete e lahlehileng
8“Kapa ke ofe mosadi ya nang le didrakema tse leshome, eo ekareng ha a ka lahlehelwa ke drakema e le nngwe, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a batla ka tlhokomelo, ho fihlela a e fumana? 9Ha a e fumane, a bitse metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re: ‘Thabang le nna, hobane ke fumane drakema e neng e ntahlehetse!’ 10Ke a le bolella hore, ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e teng hara mangeloi a Modimo.”
Setshwantsho sa mora ya lahlehileng
11Jesu a re: “Monna e mong o ne a ena le bara ba babedi. 12E monyenyane a re ho ntatae: ‘Ntate, mphe karolo ya leruo eo e leng ya ka.’ A ba arolela leruo la hae.
13“Kamora matsatsi a se makae, mora e monyenyane a bokella tsohle, a fallela lefatsheng le hole, mme teng a hafa leruo la hae ka ho phela habohlaswa. 14Yare hoba a hafe tsohle, ha wa tlala e kgolo lefatsheng leo, mme a qala ho hloka. 15A tholwa ke e mong wa baahi ba lefatshe leo, mme eo a mo romela naheng ho ya alosa dikolobe. 16O ne a bile a lakatsa ho ja ditholwana tsa difate tse jewang ke dikolobe, empa ho se ya mo fang.
17“Eitse hoba a ikelellwe, a re: ‘Bahiruwa ba bangata hakaakang ba ntate ba jang ba be ba di shebe feela, empa nna mona ke bolawa ke tlala. 18Ke tla tsamaya, ke ye ho ntate, ke re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena: 19Ha ke sa lokela ho bitswa mora wa hao; ako nketse e mong wa bahiruwa ba hao.’ 20A tsamaya, a ya ho ntatae.
“Yare a sa le hole ntatae a mmona, a mo utlwela bohloko, a matha, a mo kopa ka molala, a mo aka.
21“Mora a re ho yena: ‘Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena: Ha ke sa lokela ho bitswa mora wa hao.’
22“Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae: ‘Phakisang le tlise seaparo se setlesetle, le mo apesa sona, le mo rwese lesale monwaneng, le meqathatso maotong. 23Hape le tlise namane e nontshitsweng, le e hlabe, re je, mme re keteke, 24kahobane mora enwa wa ka o ne a shwele, empa o boetse o a phela; o ne a lahlehile, jwale o fumanwe.’ Yaba ba qala ho keteka.
25“Mora wa hae e moholo o ne a le naheng. Ha a kgutla, mme a se a atametse ntlo, a utlwa diletsa le motjeko. 26A bitsa e mong wa bahlanka, a mmotsa, a re: ‘Ho etswang moo?’
27“Eo a re ho yena: ‘Moena hao o fihlile, mme ntatao o mo hlabetse namane e nontshitsweng, kahobane a boetse a mo fumane a sa phela hantle.’
28“A halefa, a hana ho kena. Ntatae a tswa, a mo rapela. 29Empa a araba, a re ho ntatae: ‘Bona, ke o sebeleditse dilemo tse kanakana, ke bile ke eso ka ke tlola le taelo ya hao, feela ha o eso nnee le potsanyane, hore nke ke keteke le metswalle ya ka, 30empa ere ha ho fihla enwa mora wa hao, ya jeleng leruo la hao le diotswa, o mo hlabela namane e nontshitsweng!’
31“Ntatae a re ho yena: ‘Ngwana ka, wena o na le nna kamehla, mme tsohle tsa ka ke tsa hao. 32Ho a lokela hore re keteke, re thabe, kahobane ngwana enwa weno o ne a shwele, empa o boetse o a phela; o ne a lahlehile, jwale o fumanwe.’ ”

Currently Selected:

LUKA 15: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy