YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 13

13
Bakang, esere la timela
1Ka yona nako eo ha fihla ba bang, ba tsebisa Jesu tsa Bagalelea bao Pilato a ileng a tswakanya madi a bona le mahlabelo a bona. 2A ba araba, a re: “Na le nahana hore Bagalelea bana e ne e le baetsadibe ba fetang Bagalelea ba bang bohle, hobane ba hlokofaditswe jwalo? 3Tjhe, empa ke a le bolella, haeba le sa bake, le tla timela jwalo bohle. 4Kapa bale ba leshome le metso e robedi, bao tora e ba wetseng hodimo Silowame, ya ba bolaya, ebe le nahana hore ba ne ba le molato ho feta baahi bohle ba Jerusalema? 5Tjhe, empa ke a le bolella, haeba le sa bake, le tla timela jwalo bohle.”
Setshwantsho sa sefate sa feiye se sa beheng
6Jwale a bolela setshwantsho sena: “Motho e mong o ne a ena le sefate sa feiye se lemilweng tshimong ya hae ya morara, yaba o ya batla ditholwana ho sona, mme a se ke a di fumana. 7A re ho molemi wa morara: ‘Bona, e se e le dilemo tse tharo ke ntse ke etla ke batla ditholwana sefateng sena sa feiye, ke sa di fumane. Se reme! Se otisetsang mobu?’
8“A mo araba, a re: ‘Monghadi, ako se lese le ka selemo sena, seo ka sona ke tla se lemela, ke se tshelle moitedi; 9mohlomong se tla beha ditholwana nakong e tlang, empa ha ho se jwalo, o tla se rema.’ ”
Mosadi ya holofetseng o fodiswa ka Sabatha
10Jesu o ne a ruta ka ho e nngwe ya matlo a thapelo ka Sabatha. 11Ho ne ho ena le mosadi ya bileng le moya o mo holofaditseng ka dilemo tse leshome le metso e robedi; o ne a finahane, a sitwa ho inamoloha ho hang. 12Yare ha Jesu a mmona, a mmitsa, a re ho yena: “Mosadi, o fodisitswe kgolofalong ya hao,” 13a ba a mmea matsoho; yaba mosadi eo o otloloha hanghang, mme a tlotlisa Modimo.
14Mookamedi wa ntlo ya thapelo a bua a halefile, hobane Jesu a ile a fodisa ka Sabatha, a re ho letshwele: “Matsatsi a tsheletse ao eka kgonang ho sebetswe ka wona. Ka baka leo, le no tla fodiswa ka wona, e seng ka letsatsi la Sabatha.”
15Empa Morena a mo araba, a re: “Baikaketsi ting, na e mong le e mong wa lona ha a ke a lokolla pholo ya hae kapa tonki sejelong ka Sabatha, a e ise ho ya nwa na? 16Mosadi enwa, e leng moradi wa Aborahama, eo Satane a mo tlamileng ka dilemo tse leshome le metso e robedi, na o ne a sa lokele ho lokollwa ditlamong tseo ka letsatsi la Sabatha na?”
17Ha a rialo, bahanyetsi ba hae bohle ba hlajwa ke dihlong, mme letshwele lohle la thabela tsohle tse tlotlehang, tseo a di etsang.
Setshwantsho sa tlhaku ya mosetareta le sa tomoso
(Mat. 13:31-33; Mar. 4:30-32)
18Yaba Jesu o re: “Mmuso wa Modimo o tshwana le eng? Nka o tshwantsha kang? 19O tshwana le tlhaku ya mosetareta, eo motho a ileng a e nka a e jala serapeng sa hae, ya hola, ya eba sefate, mme dinonyana tse fofang tsa hahela makaleng a sona.”
20Hape a re: “Nka tshwantsha Mmuso wa Modimo kang? 21O tshwana le tomoso eo mosadi a ileng a e nka, a e dubella phofong ya koro e tekanyo tse tharo, ho fihlela hlama kaofela e ba e lomoseha.”
Monyako o patisaneng
(Mat. 7:13,14,21-23)
22Jesu a ya le metse le metsana, a ruta, a le leetong la ho ya Jerusalema. 23Jwale e mong a re ho yena: “Morena, na ba pholoswang ba tla ba mmalwana na?”
A re ho bona: 24“Etsang ka matla ho kena ka monyako o patisaneng, hobane ke a le bolella hore ba bangata ba tla lakatsa ho kena, empa ba tla sitwa. 25Ha monga ntlo a se a ile a ema, a kwala monyako, mme le qala ho ema kantle le ho kokota monyako, le re: ‘Monghadi, ako re bulele;’ o tla le araba, a re: ‘Ha ke tsebe hore na le ba hokae.’
26“Le tla qala ho re: ‘Re kile ra ja, ra nwa le wena, wa ruta ditseleng tsa rona.’ 27O tla le bolella, a re: ‘Ha ke tsebe hore na le ba hokae. Tlohang ho nna, lona bohle ba etsang bokgopo!’
28“Teng ho tla ba le seboko le ditsikitlano tsa meno, ha le bona Aborahama, le Isaka, le Jakobo, le baporofeta bohle Mmusong wa Modimo, empa lona le lahlelwa kantle. 29Batho ba tla tswa botjhabela le bophirimela le leboya le borwa, ba be dijong Mmusong wa Modimo. 30Ke moo ba bang ba ho qetela e tla ba ba pele, le ba bang ba pele e tla ba ba ho qetela.”
Jesu o llela Jerusalema
(Mat. 23:37-39)
31Ka yona nako eo Bafarisi ba bang ba atamela, ba re ho Jesu: “Tloha mona, o ikele, hobane Heroda o rata ho o bolaya.”
32A re ho bona: “Eyang, le bolelle phokojwe eo, le re: ‘Bona, kajeno ke leleka bademona, mme ke a fodisa, le hosasane ke tla etsa jwalo, empa ka letsatsi la boraro ke tla be ke qetile.’ 33Leha ho le jwalo, eka kgona ke tsamaye kajeno, le hosasane le kamoso, hobane ho ke ke ha etsahala hore moporofeta a bolaelwe kantle ho Jerusalema.
34“Jerusalema, Jerusalema, wena ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba romilweng ho wena, ke hakae ke lakaditseng ho phutha bana ba hao jwalokaha kgoho e alama ditsuonyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa wa ikganela! 35Bonang, ntlo ya lona a sala e le dithako. Ha le ka ke la mpona ho fihlela le re: ‘Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!’ ”

Currently Selected:

LUKA 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy