YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 12

12
Temoso ka tsa boikaketsi
(Mat. 10:26,27)
1Lekgatheng leo, ha letshwele la batho ba diketekete le bokane, hoo ba neng ba hatellana, Jesu a qala pele ka ho re ho barutuwa ba hae: “Hlokomelang tomoso ya Bafarisi, e leng boikaketsi. 2Ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo kwahollwa, le le patehileng le sa tlo tsejwa. 3Ka baka leo, tsohle tseo le di buileng lefifing di tla utlwahala leseding, le tseo le di nyenyeleditseng motho tsebeng dikamoreng tse kahare, di tla phatlalatswa dihlohlolong tsa matlo.”
Ya lokelang ho tshajwa
(Mat. 10:28-31)
4“Ke a le bolella, metswalle ya ka, le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa kamora moo ba se na letho leo ba ka le etsang hape. 5Empa ke tla le lemosa eo le ka mo tshabang: Tshabang ya nang le matla a ho lahlela diheleng, ha a se a bolaile! E, ke a le bolella, mo tshabeng! 6Ana dirobele tse hlano ha di rekiswe disente tse pedi na? Athe Modimo ha a lebale le se seng sa tsona. 7Esita le diqoba tsa moriri wa hlooho tsa lona di badilwe kaofela. Le se ke la tshaba! Le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.”
Ho paka Kreste pela batho
(Mat. 10:32,33; 12:32; 10:19,20)
8“Hape ke a le bolella hore mang le mang ya mpakang pela batho, le Mora Motho o tla mo paka pela mangeloi a Modimo, 9empa ya ntatolang pela batho o tla latolwa pela mangeloi a Modimo. 10Mang le mang ya tla bua lentswe le hanyetsang Mora Motho o tla tshwarelwa, empa ya nyefolang Moya o Halalelang a ke ke a tshwarelwa.
11“Ha ba le hulela pela matlo a thapelo, le pela baahlodi, le babusi, le se ke la itshwenya ka hore na le tla bua jwang kapa eng, kapa le reng, 12hobane Moya o Halalelang o tla le ruta ka yona nako eo seo eka kgonang le se bue.”
Setshwantsho sa morui ya lewatla
13E mong wa letshwele a re ho yena: “Moruti, ako re ho ngwaneso a arolelane lefa le nna!”
14Jesu a re ho yena: “Monna heso, ya mpeileng moahlodi kapa moaroledi wa lona ke mang?” 15A re ho bona: “Hlokomelang, le pheme meharo yohle, hobane bophelo ba motho ha bo tswe bongateng ba maruo ao a nang le wona.”
16Jwale a ba bolella setshwantsho, a re: “Tshimo ya morui e mong e ne e behile haholo. 17A nahana ka pelong ya hae, a re: ‘Ke tla etsang, ha e le moo ke se na moo nka bokellelang dijo tsa ka teng?’
18“Yaba o re: ‘Ke tla etsa hona: Ke tla qhaqholla disiu tsa ka, ke etse tse di fetang ka boholo, ke bokelle teng koro yohle le dijo tsa ka, 19mme ke tla re ka moyeng wa ka: Ke na le dijo tse ngata, tse bokeletsweng ka dilemo tse ngata; a nke ke phomole, ke je, ke nwe, ke keteke!’
20“Empa Modimo a re ho yena: ‘Lewatla towe, ka bosiu bona o tla amohuwa bophelo ba hao; jwale tseo o di lokisitseng e tla ba tsa mang?’
21“O jwalo ya ipokellelang matlotlo, empa e se morui mahlong a Modimo.”
Matshwenyeho le dingongoreho
(Mat. 6:25-34)
22A re ho barutuwa: “Ka baka leo, ke a le bolella, le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang, 23hobane bophelo bo feta dijo, le mmele o feta diaparo. 24Lemohang makgwaba: Ha a jale, ha a kotule, ha a na ntlo ya polokelo, leha e le sesiu, empa Modimo o a a fepa. Lona le feta dinonyana hakaakang! 25Ke mang ho lona eo ka ho itshwenya a ka tsebang ho lelefatsa bophelo ba hae leha e le ka motsotswana? 26Ha ho le jwalo, ha le sitwa ho etsa le ho honyenyane, le itshwenyetsang ka tse ding na?
27“Ithuteng ka dikgahla hore na di hola jwang: ha di ohle, ha di lohe, empa ke a le bolella, esita le Solomone tlotleng yohle ya hae ha a a ka a apara jwaloka e nngwe ya tsona. 28Jwale ha Modimo a apesa jwalo jwang bo naheng, bo leng teng kajeno, mme kamoso bo lahlelwe seboping, na a ke ke a le apesa ho feta? Tumelo ya lona e fokola hakaakang! 29Lona le se ke la batla seo le ka se jang, le seo le ka se nwang, mme le se ke la belaela, 30hobane tseo tsohle di labalabelwa ke bahedene ba lefatshe, empa Ntata lona o tseba hore le a di hloka. 31Le mpe le batle Mmuso wa hae, mme tsena le tla di ekeletswa.
32“Se tshabeng, mohlatswana, hobane Ntata lona o kgahlilwe ke ho le nea Mmuso. 33Rekisang maruo a lona, mme le thuse mafutsana; iketsetseng mekotlana e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng, mahodimong, moo ho sa atameleng leshodu, leha e le tshwele ho senya, 34hobane moo letlotlo la lona le leng teng, le pelo tsa lona di tla ba hona teng.”
Bahlanka ba fadimehileng
(Mat. 24:43-51)
35“Matheka a lona a tlangwe, le mabone a lona a tuke. 36Le be jwaloka batho ba lebeletseng hore na monga bona o tla kgutla neng moketeng wa lenyalo, e tle ere ha a fihla, a kokota, ba mmulele kapelepele. 37Ho lehlohonolo bahlanka bao etlare ha monga bona a fihla, a ba fumane ba fadimehile. Ruri ke a le bolella, ke re: O tla itlama letheka, a ba fepe, a atamele, mme a ba sebeletse. 38Leha a ka fihla ka seroko, kapa ka dialla, mme a fumana ba fadimehile, ba lehlohonolo bahlanka bao! 39Empa tsebang hona: Ha monga ntlo a ne a tsebile nako eo leshodu le tla tla ka yona, o ne a ke ke a dumela hore ntlo ya hae e thuuwe. 40Le lona le itokise, kahobane Mora Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.”
41Jwale Petrose a re: “Morena, na setshwantshong see o bua ka rona, kapa o bua ka bohle?”
42Morena a re: “Ke ofe mookamedi ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a tla mmea hodima basebeletsi ba hae ho ba fa seabo sa dijo ka nako e lokelang? 43Ho lehlohonolo mohlanka eo etlare ha monga hae a fihla, a mo fumane a etsa jwalo. 44Kannete ke a le bolella hore o tla mo etsa modisa wa maruo wohle a hae. 45Empa ha mohlanka eo a re ka pelong ya hae: ‘Monga ka o dieha ho fihla,’ ebe o qala ho otla bahlanka le makgabunyane, le ho ja, le ho nwa, le ho tahwa, 46monga mohlanka eo o tla fihla ka letsatsi leo mohlanka a sa le lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng, mme o tla mo kgabelaka, a mo fe kabelo ya hae le ba sa dumeleng.
47“Empa mohlanka eo ya tsebileng thato ya monga hae, yaba ha a lokise leha e le ho etsa ho ya ka thato eo, o tla shapuwa haholo; 48athe ha e le ya ileng a etsa tse lokelwang ke kotlo a sa ka a tseba thato ya monga hae, o tla shapuwa hanyenyane. Mang le mang ya neilweng haholo, ho tla batlwa tse ngata ho yena, mme ya tshepetsweng tse ngata o tla botswa ho feta.”
Jesu o tlisitse karohano
(Mat. 10:34-36)
49“Ke tlile ho akgela mollo lefatsheng, mme ke lakatsa hakaakang hore ebe o se o hotetse! 50Empa ke na le kolobetso eo ke lokelang ho kolobetswa ka yona, mme ke tla tshwenyeha hakaakang ho fihlela ha e phethehile! 51Na le hakanya hore ke tlile ho fana ka kgotso lefatsheng? Tjhe, ke a le bolella, ke tlisitse karohano. 52Ho tloha jwale ba bahlano ba ka tlung e le nngwe ba tla arohana, ba bararo ba lwantshane le ba babedi, ba babedi le ba bararo.
53“Ntata a lwantshane le mora,
mora le ntatae,
mma le moradi,
moradi le mmae,
matsale le ngwetsi,
ngwetsi le matsalayo.”
Ho hlalohanya dinako
(Mat. 16:2,3)
54Jwale a bolella le matshwele, a re: “Ha le bona leru le nyoloha bophirimela, hanghang le re: ‘Kiriatshwana ke eo,’ mme ho be jwalo. 55Ha ho foka moya wa borwa, le ye le re: ‘Ho tla tjhesa,’ mme ho be jwalo. 56Baikaketsi ting! Le tseba ho hlalohanya sebopeho sa lefatshe le sa lehodimo, mme ho tla jwang hore le se tsebe ho hlalohanya nako ee?”
Lokisa ditaba le moqosi wa hao
(Mat. 5:25,26)
57“Keng ha le sa ikahlolele hore na ho tshwanelang ke hofe? 58Ha o eya le ya o tsekisang ho moahlodi, etsa ka matla ho utlwana le yena le sa ntse le le tseleng, esere mohlomong a o hulela kapela moahlodi, moahlodi a o neela lepolesa, lepolesa la o kgarameletsa tjhankaneng. 59Ke a o bolella, ha o ka ke wa tswa teng ho fihlela ha o lefile le tjheletana ya ho qetela.”

Currently Selected:

LUKA 12: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy