YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 10

10
Thomo ya ba mashome a supileng a metso e mmedi
1Kamora tsena Morena a kgetha ba bang ba mashome a supileng a metso e mmedi, a ba roma ka bobedi ho mo etella pele motseng o mong le o mong le sebakeng se seng le se seng moo a neng a hopotse ho ya teng. 2A re ho bona: “Ruri kotulo e kgolo, empa basebetsi ha ba bakae; ka baka leo, rapelang Monga kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae. 3Eyang! Bonang, ke le roma jwaloka dikonyana hara diphiri. 4Le se ke la nka sepatjhe, leha e le mokotlana, leha e le meqathatso, mme le se ke la dumedisa motho tseleng.
5“Tlung efe le efe eo le kenang ho yona, le qale ka ho re: ‘Kgotso e be tlung ena!’ 6Haeba ngwana kgotso a le teng moo, kgotso ya lona e tla ba le yena, empa ho seng jwalo, e tla kgutlela ho lona. 7Le dule tlung yona eo, le eja, le enwa le bona seo ba le fang sona, hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya le matlo.
8“Motseng ofe le ofe oo le kenang ho wona, mme ba le amohela, le je tse bewang kapela lona, 9le fodise ba kulang ba ho wona, le re ho bona: ‘Mmuso wa Modimo o se o le fihletse!’ 10Empa motseng ofe le ofe oo le kenang ho wona, mme ba sa le amohele, le tswele ditseleng tsa wona, le re: 11‘Le lerole la motse wa lona, le re kgomaretseng maotong, re le hlohlorela lona e le bopaki bo le qosang. Feela le tsebe hona, hore Mmuso wa Modimo o se o fihlile.’ 12Ke a le bolella hore ka letsatsi leo kahlolo ya Sodoma e tla ba bobebe ho feta ya motse oo.”
Bomadimabe ba metse e sa bakeng
(Mat. 11:20-24)
13“O madimabe wena Korasine! O madimabe wena Bethesaida! hobane hoja diketso tse hlollang tse entsweng kahara lona di ne di entswe Tire le Sidone, batho ba teng ba ka be ba bakile kgale, ba apere tse mahwashe, ba dutse moloreng. 14Empa kahlolong, ditaba tsa Tire le Sidone di tla mamelleha ho feta tsa lona. 15Na le wena Kaperenauma,
“ ‘ebe o tla phahamisetswa
lehodimong?
O tla dihelwa tlase lebitleng!’
16“Ya le utlwang o a nkutlwa, ya le hanang o a nkgana, mme ya nkganang o hana ya nthomileng.”
Ho kgutla ha ba mashome a supileng a metso e mmedi
17Jwale ba mashome a supileng a metso e mmedi ba kgutla ka thabo, ba re: “Morena, esita le bademona ba ikokobeletsa rona ka baka la lebitso la hao!”
18Jesu a re ho bona: “Ke bone Satane a ewa lehodimong jwaloka lehadima. 19Bonang, ke le neile matla a ho hata dinoha le diphepheng, le a ho hlola matla wohle a sera, mme ha le ka ke la ntshuwa kotsi ke letho. 20Leha ho le jwalo le se ke la thabela hobane meya e ditshila e ikokobeletsa lona, empa le thabele hobane mabitso a lona a ngotswe mahodimong.”
Jesu o a nyakalla
(Mat. 11:25-27; 13:16,17)
21Ka yona nako eo, Jesu a nyakalatswa ke Moya o Halalelang, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse masea. E, Ntate, hobane o kgahlilwe jwalo.
22“Ntate o nneile tsohle, mme ha ho ya tsebang hore na Mora ke mang, haese Ntate; le hore na Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.”
23A retelehela ho barutuwa ba le nnotshi, a re: “Ho lehlohonolo mahlo a bonang tseo le di bonang! 24Ke a le bolella baporofeta ba bangata le mahosi a mangata ba ne ba lakaditse ho bona tseo le di bonang, empa ha ba a ka ba di bona; le ho utlwa tseo le di utlwang, empa ha ba a ka ba di utlwa.”
Mosamaria ya molemo
25Jwale ha ema Setsebi se seng sa Molao, mme ka ho leka Jesu, sa re: “Moruti, eka kgona ke etseng hore ke rue bophelo bo sa feleng?”
26Yaba o re ho yena: “Ho ngotsweng Molaong? O o bala jwang?”
27Yena a araba, a re: “O tla rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle, mme o rate le wa heno jwalokaha o ithata.”
28Jesu a re ho yena: “O arabile hantle. Etsa hoo, mme o tla phela.”
29Empa yena ka ho rata ho itokafatsa, a re ho Jesu: “Wa heso ke mang?”
30Jesu a araba, a re: “Motho e mong o ne a theoha Jerusalema a eya Jeriko, mme a wela hara dinokwane tse ileng tsa mo hlobodisa, tsa mo kgakgatha, tsa mo siya a le makgatheng a ho shwa. 31Ha etsahala hore moprista e mong a theohe ka tsela eo, mme ha a mmona a mo kwekwetla. 32Ka mokgwa ona oo le Molevi a fihla sebakeng seo, ha a mmona a mo kwekwetla. 33Empa Mosamaria e mong, ya neng a eta, a fihla teng; ha a mmona a mo utlwela bohloko, 34a atamela, a tlamella maqeba a hae, a a tshela ka ole le ka veine, a nto mo palamisa pelesa ya hae, a mo isa tlung ya baeti, mme a mo oka. 35Ka la hosasane, a ntsha denare tse pedi, a di nea monga ntlo ya baeti, a re: ‘Ako mo oke, mme seo o ka se sebedisang kathoko ho sena, ke tla o buseletsa sona ha ke kgutla.’
36“Ho ba bararo bao, o re eo e bileng wa habo motho ya ileng a wela hara dinokwane ke mang na?”
37A re: “Ke ya ileng a mo etsetsa mohau.”
Jesu a re ho yena: “Eya, o etse jwalo le wena!”
Jesu o tjhakela Maretha le Maria
38Yare ha ba ntse ba eya, Jesu a kena motseng o mong; yaba mosadi e mong ya bitswang Maretha o a mo amohela. 39O ne a ena le ngwanabo ya bitswang Maria, ya neng a dutse maotong a Morena, a mametse seo a se bolelang. 40Empa Maretha o ne a tshwarehile ke mosebetsi o mongata; jwale a atamela, a re: “Morena, na ha o tsotelle ha ngwaneso a ntlohela ke sebetsa ke le mong? Ako re ho yena a nthuse hle!”
41Morena a mo araba, a re: “Maretha, Maretha, o a itshwenya, mme o ikgathatsa ka tse ngata, 42empa ho hlokeha ntho e le nngwe: Maria o ikgethetse se molemo, seo a ke keng a se amohuwa.”

Currently Selected:

LUKA 10: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy