YouVersion Logo
Search Icon

MEETLO 6

6
Dinyehelo tsa puseletso
(Dipa. 5:5-8; Phal. 22:7-15)
1Morena a bua ho Moshe, a re: 2“Ha motho a etsa sebe, mme a sitelwa Morena ka ho qhekanyetsa wa habo ka ntho e neng e bolokilwe ho yena, kapa e beilweng paneng, kapa e adimilweng ka tumellano, kapa e utswitsweng, kapa eo a mo hanyapeditseng yona; 3kapa ere ha a fumane ntho e lahlehileng a etse bolotsana, a hlapanye ka leshano, hore ha a a ka a e fumana, motho ya etsang e nngwe ya tsena tsohle o etsa sebe. 4Ha motho a entse sebe, mme a fumanwa a le molato, o tla busetsa seo a se utswitseng, kapa seo a se fumaneng ka ho hanyapetsa, kapa ntho e neng e bolokilwe ho yena, kapa ntho e neng e lahlehile, eo a e fumaneng. 5Le ntho efe le efe eo a e hlapanyeditseng ka leshano, o tla e busetsa ka ho tlala, a be a eketse ka karolo tse mashome a mabedi ho tse lekgolo; a e nee mong a yona mohla a ipoletseng hore o molato. 6A tlisetse Morena nyehelo ya hae e tlosang molato. E be pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hae. Ke wena ya tla lekanya theko ya yona, e be yona nyehelo e tlosang molato, e tliswang ho moprista. 7Moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe kapele ho Morena, mme o tla tshwarelwa tsohle tseo a di entseng ha a tla ba molato.”
Molao wa sehlabelo sa setjheso
8Morena a bua hape ho Moshe, a re: 9“Laela Arone le bara ba hae, o re: ‘Ona ke molao wa sehlabelo sa setjheso. Sehlabelo sa setjheso se tla siuwa hodima leifo la aletare bosiu bohle, ho fihlela letsatsi la hosasane. Mollo o hodima aletare o nne o fepelwe. 10Moprista o tla apara seaparo sa hae se entsweng ka lene, a tene le borikgwe ba hae bo entsweng ka lesela la lene, ebe o ola molora o hodima aletare, moo mollo o tjheseditseng sehlabelo teng, a bee molora oo kathoko ho aletare. 11Jwale o tla hlobola diaparo tsa hae, a apare tse ding, ebe o ntshetsa molora oo kantle ho diahelo, o o isa sebakeng se hlwekileng. 12Mollo o hodima aletare o tla nne o fepelwe, o se ke wa tima. Hoseng ho hong le ho hong moprista o tla eketsa patsi mollong, a lokise sehlabelo sa setjheso hodima aletare, mme a tjhese mafura a mahlabelo a teboho. 13Mollo o tla nne o fepelwe hodima aletare, hore o se ke wa tima.”
Molao wa nyehelo ya dijo
14“ ‘Ona ke molao wa nyehelo ya dijo. Bara ba Arone ba tla tlisa nyehelo ena kapele ho Morena, kapela aletare. 15E mong wa bona o tla ngwatha phofo e thumisehileng, phofong ya nyehelo, a tlatse seatla; a nke le ole, le mokubetso wohle o hodima phofo ya nyehelo, ebe o di tjhesetsa hodima aletare, e be nyehelo e monko o monate, hore Morena a tle a ba hopole. 16Se setseng, se sa lomoswang, Arone le bara ba hae ba tla se jella sebakeng se halalelang. Ba tla se jella ka seotlwaneng sa Tente ya Morena. 17Se phehwe se sa lomoswa; ke ba file sona e le seabo sa bona se tswang sehlabelong sa ka sa setjheso. Se halalela ka ho fetisisa, jwaloka sehlabelo sa tshwarelo ya dibe le sa tefelo ya melato. 18E mong le e mong e motona wa bana ba Arone o tla se ja; ke taelo ya mehla yohle, melokong ya bona, bakeng sa mahlabelo a Morena a setjheso. Eng kapa eng e se amang e tla halalela.’ ”
19Morena a boela a bua ho Moshe, a re: 20“Ena ke nyehelo ya Arone le bara ba hae, eo ba tla nyehella Morena ka yona mohla Arone a tlotswang. E tla ba phofo e thumisehileng, e boima ba kilo e le nngwe, e le nyehelo ya mehla yohle. Hoseng e be halofo ya yona, mantsiboya e be halofo ya yona. 21E dujwe hantle ka ole, e phehwe ka pane, ebe e a tliswa. Ha e se e rathetswe, e tliswe e le nyehelo ya dijo, e monko o monate ho Morena. 22Mora wa Arone ya tla tlotswa hore e be moprista bakeng sa ntatae, le yena o tla nyehela jwalo. Nyehelo ena e tla tjhesetswa Morena kaofela. Ona ke molao wa mehla yohle. 23Nyehelo e nngwe le e nngwe ya dijo, ya moprista, e tla tjheswa kaofela, mme e ke ke ya jewa.”
Molao wa nyehelo ya ho tshwarelwa sebe
24Morena a boela a bua ho Moshe hape, re: 25“Ere ho Arone le bara ba hae: ‘Ona ke molao wa nyehelo ya ho tshwarelwa sebe. Moo phoofolo ya sehlabelo sa setjheso e hlabelwang teng, ke hona moo le phoofolo ya nyehelo ya ho tshwarelwa sebe e tla hlabelwa teng, kapele ho Morena. Ena ke nyehelo e halalelang ka ho fetisisa. 26Moprista ya etsang sehlabelo sa ho tshwarelwa sebe, o tla ja nama ya phoofolo eo. O tla e jella sebakeng se halalelang, ka seotlwaneng sa Tente ya Morena. 27Eng kapa eng e amang nama ya yona e tla halalela. Ha seaparo se ka qaphaletswa ke madi a yona, seaparo seo se qaphaleditsweng ke madi o se hlatswetse sebakeng se halalelang. 28Pitsa ya letsopa, e neng e phehile nama, eka kgona e pshatlwe, empa haeba e phehilwe ka pitsa ya tshepe, yona eka kgona e falwe, e hlatsuwe ka metsi. 29E mong le e mong e motona wa baprista o tla ja sehlabelo sena; se halalela ka ho fetisisa. 30Phoofolo ya sehlabelo sa ho tshwarelwa sebe, eo madi a yona a ileng a tliswa ka Tenteng ya Morena, ho tla etsa tefelo ya sebe ka Sehalalelong, ha e ka ke ya jewa. E tla tjheswa ka mollo.”

Currently Selected:

MEETLO 6: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy