YouVersion Logo
Search Icon

MEETLO 5

5
Dintho tse hlokang mahlabelo a sebe
1“ ‘Ha motho a bitswa ka molao ho tla fana ka bopaki, mme a hana ho bolela seo a se boneng kapa seo a se tsebang, o molato.
2“ ‘Ha motho a ama ntho e sa hlwekang, leha e se ka morero, e ka ba sefifi sa phoofolo, kapa sefifi sa kgomo, kapa sefifi sa sehahabi se sa hlwekang, kapa ntho eo a sa e bonang, mme eba o a silafala, o tla ba molato.
3“ ‘Ha motho a ama motho ya sesila, e ka ba sesila sa mofuta ofe le ofe se mo silafaditseng, mme a sa tsebe, ha a elellwa o tla ba molato.
4“ ‘Ha motho a hlapanyetsa bobe kapa botle a sa imamela hantle, e ka ba eng kapa eng eo a e hlapanyetsang, feela a sa tsebe, ha a elellwa o tla ba molato wa e nngwe ya dintho tsena.
5“ ‘Ha motho a le molato wa e nngwe ya dintho tsena, o tla ipolela sebe sa hae. 6O tla tlisetsa Morena nyehelo ka baka le sebe seo a se entseng, e be kgutshwane, e tswang mohlapeng wa hae, nku e tshehadi kapa podi e tshehadi, e le nyehelo ya sebe. Moprista o tla etsetsa motho eo tefelo ya sebe sa hae.
7“ ‘Empa ha motho a sitwa ho fumana nku kapa podi, o tla tlisetsa Morena nyehelo ya hae ya sebe seo a se entseng, ya maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, le leng e le la nyehelo ya sebe, le leng e le la nyehelo ya setjheso. 8O tla a tlisa ho moprista ya tla nyehela pele ka leebanakgorwana leo e leng la nyehelo ya sebe. O tla le sotha molala, empa ha a na ho le kgaola hlooho. 9O tla foka lebota la aletare ka madi a mang a nyehelo e tlosang sebe. Madi a setseng a tla dutlisetswa maotong a aletare. Ena ke nyehelo e tlosang sebe. 10Leebanakgorwana la bobedi o tla nyehela ka lona, ho ya ka molao wa setjheso. Ka mokgwa o jwalo moprista o tla mo etsetsa tefelo ka baka la sebe seo a se entseng, mme motho eo o tla tshwarelwa.
11“ ‘Ha motho a sitwa ho ntsha maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, o tla tlisa phofo e thumisehileng e boima ba kilo e le nngwe, e le nyehelo e tlosang sebe. A se ke a ba a e tshela ka ole kapa ka mokubetso, hobane ke nyehelo e tlosang sebe. 12O tla e tlisa ho moprista, mme yena o tla e ngwatha ka seatla e le kgopotso, a e tjhesetse aletareng, hodima dinyehelo tsa setjheso, tsa Morena. Ke nyehelo e tlosang sebe. 13Ka mokgwa o jwalo moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe sa hae, ho e nngwe ya dintho tsena, mme motho eo o tla tshwarelwa. Phofo e setseng e tla ba ya moprista, jwalokaha ho etswa ka nyehelo ya dijo.’ ”
Dinyehelo tse tlosang molato
14Morena a bua ho Moshe, a re: 15“Ha motho a etsa sebe e se ka morero, dinthong tse halalelang tsa Morena, o tla tlisetsa Morena nyehelo e tlosang molato, e be pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hae. Ke wena ya tla lekanya theko ya yona, e be silefera e boima ba dikeramo tse leshome le motso o le mong le halofo tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong, bakeng sa nyehelo e tlosang molato. 16Hape o tla lefa tseo a itshietseng tsona tsa tse halalelang, a be a di eketse ka karolo tse mashome a mabedi ho tse lekgolo. A di nee moprista, mme moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe ka pheleu ya nyehelo e tlosang molato, mme motho eo o tla tshwarelwa.
17“Ha motho a etsa sebe ka ho tlola o mong wa melao ya Morena e se ka morero, o molato, leha a ne a sa tsebe, o tla jara bokgopo ba hae. 18A tlisetse moprista pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hae, e le nyehelo e tlosang sebe. Theko ya yona e be e lekanngwang ke wena. Moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe seo a se entseng e se ka morero, mme motho eo o tla tshwarelwa. 19Ke nyehelo e tlosang molato. Ruri motho eo o sitetswe Morena.”

Currently Selected:

MEETLO 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy