YouVersion Logo
Search Icon

MEETLO 27

27
Melao ya dimpho tsa Morena
1Morena a bua ho Moshe, a re: 2“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha motho a rata ho phetha kano ya hore o tla nyehella Morena ka motho ya tla lefellwa tjhelete ya topollo, 3monna eo dilemo tsa hae di leng dipakeng tsa dilemo tse mashome a mabedi le mashome a tsheletseng, tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a tsheletseng tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. 4Haeba e le mosadi, yena tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mararo. 5Haeba e le moshanyana ya dilemo di hlano ho isa ho tse mashome a mabedi, yena tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi, mme ha e le ngwanana e be silefera e etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome. 6Haeba e le ngwana wa moshanyana ya kgwedi ho isa dilemong tse hlano, tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano a metso e mehlano, mme ha e le ngwana wa ngwanana yena tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mararo a metso e mehlano. 7Haeba dilemo tsa motho di tloha ho tse mashome a tsheletseng ho ya hodimo, mme e le monna, tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le mashome a supileng; athe ha e le mosadi e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome. 8Haeba motho ya entseng kano a futsanehile hoo a sitwang ho lefa tjhelete e beilweng, motho eo o tla hlahiswa kapele ho moprista, mme moprista o tla lekanya tjhelete ya topollo ya hae, ho ya ka matla a ya entseng kano.
9“ ‘Haeba ho entswe kano ka phoofolo e ka nyehellwang Morena, e le sehlabelo, phoofolo eo yohle e abelwang Morena e tla halalela. 10Motho eo a se ke a tlisa ho hong bakeng sa yona, kapa a tlisa esele; bakeng sa e ntle a se ke a tlisa e mpe, kapa bakeng sa e mpe a tlisa e ntle. Haeba a ka ananya phoofolo eo ka phoofolo esele, bobedi ba tsona di tla halalela. 11Haeba e le phoofolo e sa hlwekang, e ke keng ya nyehellwa Morena e le sehlabelo, o tla tlisa phoofolo eo kapele ho moprista. 12Moprista o tla hakanya theko ya yona ho ya ka hore na e ntle kapa e mpe, mme ho tla uwa kamoo moprista a hakanyang kateng. 13Empa haeba ya entseng kano a rata ho lefa tjhelete ya topollo ya phoofolo eo, o tla e eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete e hakantsweng.
14“ ‘Ha motho a kgethela Morena ntlo ya hae hore e halalele ho Morena, moprista o tla hakanya theko ya yona ho ya ka hore na e ntle kapa e mpe, mme theko ya yona e tla ba kamoo moprista a e hakantseng kateng. 15Empa haeba motho ya kgethetseng Morena ntlo ya hae a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete e hakantsweng, mme ntlo e tla boela e eba ya hae.
16“ ‘Ha motho a kgethela Morena karolo e nngwe ya tshimo ya hae eo e leng lefa la hae, kgakanyo e tla etswa ho ya ka peo e jalang karolo eo ya tshimo. Peo ya harese e boima ba dikilo tse mashome a mabedi e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a tsheletseng. 17Haeba motho a kgethela Morena tshimo ya hae ka selemo sa mokete wa tokoloho, theko ya yona e tla ba kamoo e hakantsweng kateng. 18Empa haeba motho a kgethela Morena tshimo ya hae kamora selemo sa mokete wa tokoloho, moprista o tla mo hakanyetsa theko ya yona ho ya ka dilemo tse sa setseng ho ya fihla selemong sa mokete wa tokoloho o tlang, ebe e tloswa tjheleteng ya tshimo, e hakantsweng. 19Haeba ya kgethetseng Morena tshimo eo a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete e hakantsweng, mme tshimo e tla boela e eba ya hae. 20Empa haeba a sa lopolle tshimo eo, eba o e rekiseditse motho e mong, e ke ke ya hlola e lopollwa. 21Ka selemo sa mokete wa tokoloho, tshimo eo e tla lopollwa e se e halalela ho Morena, e le tshimo e abilweng, mme e tla ba ya moprista, e be lefa la hae.
22“ ‘Haeba motho a kgethela Morena tshimo eo a e rekileng, e se ya lefa la hae, 23moprista o tla mo hakanyetsa tjhelete e lekaneng dilemo tse sa setseng ho ya fihla moketeng wa tokoloho o tlang, mme motho eo o tla ntsha tjhelete e hakantsweng ka lona letsatsi leo, e abelwe Morena e le ntho e halalang. 24Ka selemo sa mokete wa tokoloho, tshimo eo e tla boela ho motho eo ya e rekisitseng, eo tshimo e neng e le lefa la hae. 25Kgakanyo yohle e tla lekanngwa ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o le mong.
26“ ‘Ho se be motho ya ka kgethelang Morena matsibolo a diphoofolo tsa hae, hobane wona ke a Morena; e ka ba matsibolo a kgomo, kapa a nku, ke a Morena. 27Haeba e le phoofolo e sa hlwekang, motho o tla e lopolla ho ya ka kgakanyo ya hao, mme o tla eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete ya topollo. Haeba a sa e lopolle, e tla rekiswa ka tjhelete eo o e hakantseng.
28“ ‘Empa ntho efe kapa efe e abilweng, eo motho a e abelang Morena, eo e leng ya motho ya e abang; e ka ba motho, kapa phoofolo, kapa tshimo eo e leng lefa la hae, e ke ke ya rekiswa kapa ya lopollwa. Ntho e nngwe le e nngwe e abilweng, e halalela ka ho fetisisa ho Morena.
29“ ‘Motho ofe kapa ofe ya lelekilweng setjhabeng sa habo, a ke ke a lopollwa; ruri o tla bolawa.
30“ ‘Karolo e nngwe le e nngwe ho tse leshome tsa kotulo ya naha, le ya peo e jalwang masimong, kapa ya ditholwana tsa difate, ke ya Morena; e a halalela. 31Haeba motho a rata ho lopolla karolo ya hae e le nngwe ho tse leshome, o tla e eketsa ka karolo ya yona e le nngwe ho tse hlano. 32Karolo e nngwe le e nngwe ya leshome, dikgomong, kapa dikgutshwaneng, tsohle tseo modisa a di balang ka molamu wa hae, e leng phoofolo e nngwe le nngwe ya leshome, e tla halalela ho Morena. 33Motho a se ke a hlahloba hore na e ntle kapa e mpe; le hona a se ke a e ananya ka e nngwe. Haeba a ka e ananya, yona le eo e anantsweng, bobedi di a halalela, mme di ke ke tsa lopollwa.’ ”
34Ena ke melao eo Morena a e laetseng Moshe bakeng sa bana ba Iseraele, a le thabeng ya Sinai.

Currently Selected:

MEETLO 27: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy