YouVersion Logo
Search Icon

MEETLO 25

25
Selemo sa phomolo
(Phal. 23:10,11; Dipo. 15:1-11)
1Morena a bua ho Moshe, a le thabeng ya Sinai, a re: 2“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha le fihla naheng eo ke le neang yona, masimo a lale, le wona a boloke phomolo ya Morena. 3Ka dilemo tse tsheletseng o tla lema tshimo ya hao, ka dilemo tse tsheletseng o faole morara o tshimong ya hao, o kotule tseo e di behileng. 4Empa ka selemo sa bosupa tshimo e tla lala, e be le selemo se seholo sa phomolo, e leng phomolo ya Morena. O se ke wa lema tshimo ya hao, le morara wa tshimo ya hao ya merara o se ke wa o faola. 5O se ke wa kotula matshwabodi, o se ke wa kga le morara o sa faolwang wa tshimo ya hao ya morara, e be selemo sa hore tshimo e lale. 6Empa matshwabodi a tla mela ka selemo sa phomolo e tla ba dijo tsa hao, le tsa mohlanka wa hao, le tsa lekgabunyane le hao, le tsa mohiruwa wa hao, le tsa moeti ya phelang tlung ya hao; 7le diphoofolo tsa hao, le dibatana tsa naha ya heno, matshwabodi ao e tla ba dijo tsa tsona.”
Selemo sa tokoloho
8“ ‘O tla bala dilemo tse supileng tsa phomolo, e be dilemo tse supileng hasupa, e leng dilemo tsa mashome a mane a metso e robong. 9Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, o tla letsa lenaka; ka letsatsi la tefelo ya sebe le tla letsa lenaka hara naha yohle ya lona. 10Le tla halaletsa selemo sa mashome a mahlano, mme le phatlalatse hara naha yohle hore baahi bohle ba yona ba lokolohile. Selemo seo e tla ba sa lona sa mokete wa tokoloho. Motho e mong le e mong a boellwe ke lefa la hae, e mong le e mong a kgutlele ho ba habo. 11Selemo sa mashome a mahlano e tla ba sa mokete wa lona wa tokoloho. Le se ke la lema letho; le se ke la kotula le matshwabodi, kapa la kga morara o sa kang wa faolwa. 12Selemo seo ke sa mokete wa tokoloho, mme e tla ba se halalelang ho lona; le tla ja matshwabodi.
13“ ‘Selemong seo sa mokete wa tokoloho e mong le e mong a boellwe ke lefa la hae.
14“ ‘Ha o rekisetsa mohaeno ho hong, kapa o reka ho hong ho yena, le se ke la qhekanyetsana. 15O reke ntho ya mohaeno ho ya ka palo ya dilemo ho tloha mohla mokete wa tokoloho; le yena a o rekisetse ho ya ka palo ya dilemo tsa kotulo tse sa setseng, pele ho fihla mokete o mong wa tokoloho. 16O tla eketsa theko ho ya ka bongata ba dilemo, o e fokotse ho ya ka bonyenyane ba dilemo, hobane o o rekisetsa kotulo ya dilemo tse hlahlamanang. 17Le se ke la qhekanyetsana, le mpe le tshabe Modimo wa lona, hobane ke nna Morena Modimo wa lona.
18“ ‘Le tla boloka melao ya ka, le phethe ditaelo tsa ka, le di phethisise, le tle le phele ka boiketlo naheng eo. 19Naha e tla beha ditholwana tsa yona, le je, le kgore, mme le phele ka boiketlo ho yona. 20Ha le ka la ipotsa hore na ka selemo sa bosupa le tla ja eng, ha e le moo le sa tlo lema kapa le kotule, 21ka selemo sa botshelela ke tla le hlohonolofatsa, mme le tla tjhaya dijo tse lekaneng dilemo tse tharo. 22Ha le lema ka selemo sa borobedi, le tla be le eja thoko; ka selemo sa borobong, ho fihlela le kotula, le tla be le eja dinyase.’ ”
Ho boellwa ke masimo
23“ ‘Naha e se ke ya rekisetswa ruri, hobane ke ya ka, lona le baeti le bajaki ho nna. 24Naheng yohle eo e leng lefa la lona, le tla dumella hore naha e rekilweng e boelane le monga yona ka ho buseletsa ya e rekileng.
25“ ‘Ha ngwaneno a futsaneha, mme a rekisa karolo ya lefa la hae, wa habo, ya tswalanang le yena, o tla lopolla seo ngwanabo a se rekisitseng. 26Ha motho a hloka ba habo, empa a ena le hona ho itefella tjhelete ya topollo, 27eka kgona a bale dilemo tsa thekiso, ebe o lefa moreki tjhelete e lekanang dilemo tse sa setseng, pele ho mokete wa tokoloho o tlang, mme moreki a mmuseletse seo a se rekileng. 28Haeba a sitwa ho mo lefa hore a tle a boellwe ke naha, naha eo e tla nne e be ya ya e rekileng, ho fihlela selemo se tlang sa mokete wa tokoloho. Ka selemo sa mokete wa tokoloho, naha eo e tla kgutlela ho monga yona wa pele.
29“ ‘Ha motho a rekisa ntlo e motseng o kahara lerako, o na le tokelo ya ho e reka hape pele selemo se fela. Tokelo ya hae ya ho e reka e tla nka selemo feela. 30Empa ha selemo se ka fela e eso lopollwe, ntlo eo e motseng o kahara lerako, e tla ba ya ya e rekileng, le ya ditloholo tsa hae kamehla yohle; e ke ke ya kgutlela ho mong a yona ka mokete wa tokoloho. 31Empa matlo a metseng e seng kahara marako, wona a tla balellwa e le karolo ya naha e kathoko; a ka lopollwa, mme ka selemo sa mokete wa tokoloho a tla kgutlela ho beng ba wona.
32“ ‘Metseng ya Balevi teng, matlo a metseng ya bona a ka lopollwa ka dinako tsohle. 33Ha ntlo ya Molevi e motseng o kahara lerako e rekiswa ke Molevi, empa e sa lopollwe, e tla kgutlela ho mong a yona la selemo sa mokete wa tokoloho, hobane matlo a Balevi, a metseng ya Baiseraele, wona ke lefa la bona. 34Empa makgulo a mathokong a metse ya bona a ke ke a rekiswa, hobane ke lefa la bona la mehla yohle.’ ”
Dikadimo ho bafumanehi
35“ ‘Ha ngwaneno a futsaneha, mme a sitwa ho iphedisa, o mo thuse jwalokaha o ka thusa moditjhaba kapa mojaki, mme a phele le wena. 36O se ke wa mmatla tswala kapa phaello, o mpe o tshabe Modimo wa hao, ngwaneno a tle a phele le wena. 37O se ke wa mo adima tjhelete ya hao ka ho batla tswala, kapa dijo tsa hao ka ho batla phaello. 38Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke tle ke le nee naha ya Kanana, mme ke be Modimo wa lona.’ ”
Tokollo ya makgoba
39“ ‘Ha ngwaneno a futsaneha, mme a ithekisa ho wena, o se ke wa mo sebedisa jwaloka lekgoba. 40A phele le wena jwaloka mohiruwa kapa jwaloka mojaki, mme a o sebeletse ho fihlela ka selemo sa mokete wa tokoloho. 41Jwale o tla lokoloha mosebetsing wa hao, yena le bana ba hae, a kgutlele ho ba lelapa la hae, le leruong la bo-ntatae, 42hobane ke bahlanka ba ka bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta, mme ba ke ke ba rekiswa jwalokaha ho rekiswa makgoba. 43O se ke wa ba sotla, o mpe o tshabe Modimo wa hao.
44“ ‘Empa makgoba le makgabunyane e tla nne e be a hao, e be a tswang ditjhabeng tse haufi le wena; ho tsona o ka reka makgoba kapa makgabunyane. 45Le bana ba bajaki ba jakileng ho lona le ka ba reka, esita le ditloholo tsa bona tse tswaletsweng naheng ya lona. E tla ba leruo la hao. 46Le tla ba siela ditloholo tsa lona hore e be lefa la tsona, mme di ba etse makgoba a mehla yohle. Empa bana beno, ba Baiseraele, le se ke la ba sotla.
47“ ‘Ha moditjhaba kapa mojaki ya ahelaneng le wena a rua, eba ngwaneno ya pela hae o a futsaneha, mme o ithekisa ho moditjhaba kapa mojaki eo ya ahelaneng le wena, kapa o ithekisa ho setloholo sa lelapa la moditjhaba eo; 48ha a se a ithekisitse o tla ba le tokelo ya ho lopollwa. E mong wa bana babo a ka mo lopolla. 49Rangwanae, kapa mora wa rangwanae, kapa e mong ya tswalanang le yena, a ka mo lopolla; kapa haeba a ena le matla a ka itopolla. 50Eo o tla rerisana le ya mo rekileng, ba bale nako ho tloha selemong seo a ithekisitseng ka sona, ho ya fihla selemong sa mokete wa tokoloho, mme tjhelete ya topollo e lekane le palo ya dilemo, e balwe ho ya ka tjhelete e lefuwang mohiruwa. 51Haeba ho sa setse dilemo tse ngata pele ho mokete wa tokoloho, morekuwa o tla buseletsa moreki tjhelete e lekanang dilemo tseo. 52Haeba mokete wa tokoloho o saletswe ke dilemo tse seng kae, o tla itefella tjhelete ya topollo, e lekanang dilemo tseo tse sa setseng. 53O tla phela le moditjhaba eo e le mosebeletsi ya lefuwang ka selemo le selemo, mme monga hae a se ke a mo sotla moo o ntseng o bona.
54“ ‘Empa haeba a sa lopollwe ka dilemo tsena tse sa setseng, o tla lokoloha ka selemo sa mokete wa tokoloho, yena le bana ba hae. 55Bana ba Iseraele ke bahlanka ba ka; ke bahlanka ba ka, bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”

Currently Selected:

MEETLO 25: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy