YouVersion Logo
Search Icon

MEETLO 18

18
Molao wa manyalo a sa dumellwang
(Dik. 10:28; Bar. 10:5; Bag. 3:12)
1Morena a bua ho Moshe, a re: 2“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ke nna Morena Modimo wa lona. 3Le se ke la etsa jwalokaha ho ne ho etswa Egepeta, moo le neng le ahile teng; le se ke la etsa jwalokaha ho etswa Kanana, moo ke le isang teng. Le se ke la latela melao ya bona. 4Le latele ditaelo tsa ka, mme le boloke melao ya ka, e be yona e le tsamaisang. Ke nna Morena Modimo wa lona. 5Le boloke melao ya ka le ditaelo tsa ka. Ya di bolokang di tla mo phedisa. Ke nna Morena.
6“ ‘Ho se be le ya mong wa lona ya tla kena dikobong tsa mosadi eo e leng seng le yena. Ke nna Morena.
7“ ‘O se ke wa tlontlolla ntatao ka ho kena dikobong tsa mmao. Ke mmao, o se ke wa kena dikobong tsa hae.
8“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa mosadi wa ntatao, hobane hoo ke ho tlontlolla ntatao.
9“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa kgaitsedi ya hao, e leng moradi wa ntatao, kapa moradi wa mmao, leha eba a hlahetse lelapeng leno, kapa a hlahetse lelapeng lesele.
10“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa moradi wa mora hao, kapa tsa moradi wa moradi wa hao, hobane hoo ho tla o tlontlolla.
11“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa moradi wa mosadi wa ntatao, ya tswetsweng ke ntatao. Le yena ke kgaitsedi ya hao; o se ke wa mo tlontlolla.
12“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa rakgadia hao, hobane yena le ntatao ke bana ba motho.
13“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa ngwanabo mmao e motshehadi, hobane yena le mmao ke bana ba motho.
14“ ‘O se ke wa tlontlolla ngwanabo ntatao ka ho kena dikobong tsa mosadi wa hae, hobane ke mosadi wa ngwanabo ntatao.
15“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa ngwetsi ya hao. Ke mosadi wa mora wa hao, mme o se ke wa mo tlontlolla.
16“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa mosadi wa ngwaneno, hobane hoo e ka ba ho tlontlolla ngwaneno.
17“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa ngwana le tsa mmae. O se ke wa kena dikobong tsa moradi wa mora wa hae, kapa tsa moradi wa moradi wa hae; hona ke ketso e manyala hobane ba tswalana le mosadi eo.
18“ ‘O se ke wa nyala ngwanabo mosadi wa hao hore e be moqekwa; o se ke wa kena dikobong tsa hae, ha feela ngwanabo a ntse a phela.
19“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa mosadi ya sesila ka baka la ho ya dinakong tsa hae.
20“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa mosadi wa mohaeno, wa itshilafatsa ka yena.
21“ ‘O se ke wa neelana ka e mong wa bana ba hao hore ka yena ho etsetswe Moloke sehlabelo sa setjheso, esere wa nyedisa lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Morena.
22“ ‘O se ke wa robala monna e mong jwalokaha o robala mosadi. Hona ke manyala.
23“ ‘O se ke wa robala phoofolo, mme wa itshilafatsa ka yona. Mosadi a se ke a ipeketla kapele ho phoofolo hore e mo robale. Hona ke manyala a tshabehang.
24“ ‘Le se ke la itshilafatsa ka dintho tsena tsohle, hobane ke ka tsona ditjhaba tseo ke di lelekileng kapele ho lona di ileng tsa itshilafatsa.
25“ ‘Naha e ile ya silafala; kahoo ke ile ka e otla ka baka la bokgopo ba yona, mme ya hlatsa baahi ba yona.
26“ ‘Empa lona le tla boloka melao ya ka, le ditaelo tsa ka; le se ke la etsa letho la manyala ana, leha e ka ba letswallwa la naha, kapa moditjhaba ya jakileng hara lona. 27Manyala ana wohle a ile a etswa ke batho ba neng ba ahile mona pele ho lona, mme naha e ile ya silafala. 28Haeba le lona le silafatsa naha ena, e tla le hlatsa jwalokaha e ile ya hlatsa ditjhaba tse neng di ahile ho yona pele ho lona.
29“ ‘Mang kapa mang ya etsang e nngwe ya tse manyala tsena, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo. 30Ka baka leo, bolokang ditaelo tsa ka; le se ke la etsa tsohle tse manyala, tse neng di etswa le eso fihle, mme le se ke la itshilafatsa ka tsona. Ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”

Currently Selected:

MEETLO 18: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy