YouVersion Logo
Search Icon

MEETLO 1

1
Dinyehelo tsa setjheso
1Morena a bitsa Moshe a le ka Tenteng ya Morena, a re:
2“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha e mong wa lona a tlisetsa Morena nyehelo ya phoofolo, e be e tswang mohlapeng wa hae wa dikgomo, kapa wa dinku.
3“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le kgomo e tswang mohlapeng wa hae hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha. A e tlise monyakong wa Tente ya Morena, e le hore a tle a amohelehe ho Morena. 4A bee letsoho la hae hodima hlooho ya phoofolo ya sehlabelo sa setjheso, mme e tla ananelwa e le sehlabelo se tlosang dibe tsa hae. 5Pohwana ena a e hlabele kapele ho Morena. Baprista, e leng bara ba Arone, ba bee madi kapele ho Morena, ba nto foka mahlakore kaofela a mane a aletare e pela monyako wa Tente ka madi ao. 6A bue phoofolo ena ya setjheso, a e tshele; 7baprista, e leng bara ba Arone, ba bee mashala a tukang hodima aletare, ba nto bea patsi hodima wona. 8Ba bee ditho tsa phoofolo eo, le hlooho, le mohlehlo, hodima patsi e tukang, mollong o hodima aletare. 9Empa dikahare tsa yona le ditlhako tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle aletareng, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.
10“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le e tswang mohlapeng wa dinku kapa wa dipodi, hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha. 11A e hlabele kapele ho Morena e le ka lehlakoreng la aletare le ka leboya. Baprista, e leng bara ba Arone, ba foke mahlakore wohle a mane a aletare ka madi a yona. 12Motho eo a e tshele, moprista a bee ditho tsa phoofolo eo, le hlooho le mohlehlo, hodima patsi e tukang, mollong o hodima aletare. 13Empa dikahare tsa yona le ditlhakwana tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle hodima aletare, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.
14“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso eo a nyehellang Morena ka yona, e le nonyana, e be leebanakgorwana kapa ledinyane la leeba. 15Moprista o tla le tlisa aletareng, a le sothe molala, a tjhesetse hlooho ya lona hodima aletare. Madi a lona a dutlisetswe lehlakoreng la aletare. 16A le hlothe masiba, a ntshe kila, tsena a di lahlele ka lehlakoreng la aletare le ka botjhabela, moo ho qhallwang molora teng. 17A tshware mapheo a lona, a le rale, feela a sa le kgekgethe; ebe moprista o le tjhesetsa hodima aletare, hodima patsi e tukang, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.’ ”

Currently Selected:

MEETLO 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy