YouVersion Logo
Search Icon

JOSHUA 5

5
Dikgosi di kenelwa ke letswalo
1Ha dikgosi tsohle tsa Baamore tse neng di le ka bophirimela, mose ho Jorodane, le dikgosi tsohle tsa Bakanana tse neng di le pela lewatle, di utlwa kamoo Morena a ileng a pshesa metsi a Jorodane kapele ho bana ba Iseraele kateng, ho fihlela ba tshetse, tsa nyahama dipelo, tsa fellwa ke sebete ho hang, ka baka la ho tshaba bana ba Iseraele.
Baiseraele ba bolotswa hape
2Ka yona nako eo, Morena a re ho Joshua: “Iketsetse dithipa ka lejwe la moralla, o boele o bolotse bana ba Iseraele.” 3Joshua a iketsetsa dithipa ka lejwe la moralla, a boela a bolotsa bana ba Iseraele ha ba le Gibeata-Haralote.
4Lebaka leo Joshua a neng a ba bolotsa ka lona ke lena: Batho bohle ba neng ba tswe Egepeta, ba batona, e leng banna bohle ba bahlabani, ba ne ba shwele lehwatateng, ba le tseleng, kamora hoba ba tswe naheng ya Egepeta. 5Batho bohle ba neng ba tswe Egepeta ba ne ba bolotse, empa batho bohle ba ileng ba tswallwa lehwatateng, ha ba le tseleng, ba etswa Egepeta, e ne e le maqai. 6Ka dilemo tse mashome a mane bana ba Iseraele ba ne ba nnile ba lelera lehwatateng, ho fihlela tjhaba sohle se timela, esita le bahlabani ba ileng ba tswa Egepeta, hobane ba ne ba sa ka ba mamela lentswe la Morena. Morena o ne a ile a ba hlapanyetsa hore a ke ke a ba dumella ho bona naha eo Morena a ileng a hlapanyetsa bo-ntata bona hore o tla re nea yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi. 7Bara ba bona, bao Modimo a ileng a thiba dikgeo tsa bo-ntata bona ka bona, ke bona bao Joshua a ileng a ba bolotsa. E ne e le maqai, hobane ba ne ba sa ka ba bolotswa ha ba le tseleng.
8Yare ha setjhaba sohle sa banna se se se boloditswe, sa dula dibakeng tsa sona moo diahelong, ho fihlela se fola. 9Morena a re ho Joshua: “Kajeno ke tlositse sekgobo sa Egepeta ho lona.” Ka baka leo, sebaka seo se bitswa Gilegale ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.
Mokete wa Paseka
10Bana ba Iseraele ba nna ba hlola Gilegale, mme ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi eo, ka phirimana, ba keteka mokete wa Paseka diphuleng tsa Jeriko. 11Hoseng, ka letsatsi le hlahlamang la mokete wa Paseka, ba eja tse behilweng ke naha, e leng dikuku tse sa lomoswang, le diqhome tsa koro, ba di ja ka lona letsatsi leo. 12Ka letsatsi leo ka lona ba jeleng thoko ya tse behilweng ke naha, manna a kgaotsa ho ba teng, mme yaba bana ba Iseraele ha ba sa fumana manna, empa selemong seo ba ja ditholwana tsa naha ya Kanana.
Ho thibellwa Jeriko
13Yare ha Joshua a le Jeriko a phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona monna ya emeng kapele ho yena, a tshwere sabole. Joshua a ya ho yena, mme a re ho yena: “O wa habo rona, kapa o wa direng?”
14Monna eo a re: “Tjhe! Nna ke molaodi wa lebotho la Morena. Jwale ke se ke le teng.”
Joshua a itihela fatshe ka sefahleho, a obamela fatshe, a re ho yena: “Morena wa ka o reng ho mohlanka wa hae?”
15Molaodi wa lebotho la Morena a re ho Joshua: “Rola meqathatso ya hao, hobane sebaka seo o emeng hodima sona se a halalela.” Joshua a etsa jwalo.

Currently Selected:

JOSHUA 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy