YouVersion Logo
Search Icon

JOSHUA 4

4
Majwe a kgopotso
1Ha setjhaba sohle se se se tshetse Jorodane, Morena a bua ho Joshua, a re: 2“Kgethang banna ba leshome le metso e mmedi, morabeng o mong le o mong le kgethe monna a le mong. 3Le ba laele, le re: ‘Nkang majwe bohareng ba Jorodane, moo maoto a baprista a neng a eme teng; e be majwe a leshome le metso e mmedi. Le tshele le a nkile, le fihle le a bee moo le tla robaletsa teng bosiung bona.’ ”
4Joshua a bitsa banna ba leshome le metso e mmedi, ba kgethilweng hara bana ba Iseraele, morabeng o mong le o mong ho kgethilwe monna a le mong. 5Joshua a re ho bona: “Fetelang kapele ho areka ya Morena Modimo wa lona, le ye bohareng ba Jorodane. Monna e mong le e mong a nke lejwe le le leng, ho ya ka palo ya merabe ya bana ba Iseraele, a le jare ka lehetla. 6Majwe ana e tla ba kgopotso hara lona ka mehla e tlang. Ha bana ba lona ba le botsa, ba re: ‘Majwe aa a bolelang?’ 7le tla re ho bona: ‘A bolela hore metsi a Jorodane a ne a parohe ka lehare, kapele ho areka ya selekane sa Morena. Ha areka e tshela Jorodane, metsi a Jorodane a ne a parohe ka lehare, mme majwe ana e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele kamehla yohle.’ ”
8Bana ba Iseraele ba etsa jwalokaha Joshua a ba laetse. Ba nka majwe a leshome le metso e mmedi bohareng ba Jorodane, ho ya ka merabe ya bona jwalokaha Morena a ne a ile a bua ho Joshua. Ba tshela ba a nkile ho ya moo ba neng ba tla robaletsa teng, ba a bea hona moo.
9Joshua a hloma majwe a leshome le metso e mmedi bohareng ba Jorodane, sebakeng seo maoto a baprista ba neng ba jere areka ya selekane a neng a eme teng, mme le kajeno-ya-bokajeno a ntse a le hona moo.
10Baprista ba neng ba jere areka ba ema bohareng ba Jorodane, ho fihlela ha ho phethilwe tsohle tseo Morena a neng a laetse Joshua ho di bolella setjhaba, ho ya ka tsohle tseo Moshe a neng a di laetse Joshua. Setjhaba sa potlaka, sa tshela noka. 11Yare ha setjhaba sohle se se se tshetse, jwale ha tshela areka ya Morena, le baprista, ba fetela kapele ho setjhaba. 12Ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba tshela ba hlometse, ba eteletse bana ba Iseraele pele, jwalokaha Moshe a ne a ba laetse. 13Ba ileng ba tshela e ne e ka ba dikete tse mashome a mane, tsa ba hlomeletseng ntwa, ba ilo lwana diphuleng tsa Jeriko, moo Morena a ntseng a ba bona.
14Ka letsatsi leo, Morena a hodisa Joshua moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona; ba mo tshaba ka matsatsi wohle a bophelo ba bona, jwalokaha ba ne ba tshaba Moshe.
15Morena a bua ho Joshua, a re: 16“Laela baprista ba jereng areka ya selekane hore ba nyolohe ka nokeng ya Jorodane.”
17Joshua a laela baprista, a re: “Nyolohang ka nokeng ya Jorodane.”
18Baprista ba neng ba jere areka ya selekane sa Morena ba nyoloha ho tloha bohareng ba Jorodane. Hanghang ha maoto a baprista bao a qala ho hata mobung o ommeng, metsi a Jorodane a kgutlela ditulong tsa wona, a saballa mabopong wohle jwaloka pele.
19Ka letsatsi la leshome kgweding ya pele, setjhaba sa tshela Jorodane, sa hloma Gilegale, moeding o ka botjhabela wa Jeriko. 20Majwe ane a leshome le metso e mmedi, ao baprista ba ileng ba a nka ka nokeng ya Jorodane, Joshua a a hloma Gilegale. 21A bua ho bana ba Iseraele, a re: “Ka mehla e tlang, ha bana ba lona ba botsa bo-ntata bona, ba re: ‘Majwe aa a bolelang?’ 22le tle le ba bolelle, le re: ‘Baiseraele ba ne ba tshele noka ena ya Jorodane mobu wa yona o omme. 23Morena Modimo wa lona, o ne a pshese metsi a Jorodane kapele ho rona, ho fihlela le tshetse bohle, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ne a pshese metsi a Lewatle la Lehlaka kapele ho rona, ho fihlela re tshetse bohle. 24Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla tseba hore letsoho la Morena le matla, mme le lona le tla tshaba Morena Modimo wa lona, kamehla yohle.’ ”

Currently Selected:

JOSHUA 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy