YouVersion Logo
Search Icon

JOSHUA 21

21
Metse ya Balevi
1Dihlooho tsa malapa a Balevi tsa tla ho moprista Eleasare, le ho Joshua mora wa Nune, le dihlooho tsa merabe ya bana ba Iseraele. 2Tsa bua le bona ba le Shilo, naheng ya Kanana, tsa re: “Morena o ile a laela ka molomo wa Moshe, hore re newe metse eo re tla phela ho yona, le makgulo a yona, moo dikgomo tsa rona di tla fula teng.” 3Ho ya ka taelo ya Morena, bana ba Iseraele ba nea Balevi metse ena e naheng ya bona, mmoho le makgulo a yona.
4Lotho la malapa a Kohate la tswa. Bana ba moprista Arone, e leng Balevi, ba abelwa ka lotho metse e leshome le metso e meraro, e tswang ho ba morabe wa Juda, le ho ba morabe wa Simeone, le ho ba morabe wa Benjamine. 5Bana ba Kohate ba setseng ba abelwa ka lotho metse e leshome, e tswang malapeng a morabe wa Efraime, le a morabe wa Dane, le a karolo e nngwe ya morabe wa Manase.
6Naheng ya Bashane bana ba Gereshone ba abelwa ka lotho metse e leshome le metso e meraro, e tswang malapeng a morabe wa Isakare, le a morabe wa Ashere, le a morabe wa Nafthali, le a karolo e nngwe ya morabe wa Manase.
7Bana ba Merari, ho ya ka malapa abo bona, ba abelwa metse e leshome le metso e mmedi, e tswang ho ba morabe wa Rubene, le ho ba morabe wa Gade, le ho ba morabe wa Sebulone.
8Bana ba Iseraele ba abela Balevi metse ena le makgulo a yona ka lotho, jwalokaha Morena a ne a laetse ka molomo wa Moshe.
9Metseng ya morabe wa bana ba Juda, le metseng ya morabe wa bana ba Simeone, Balevi ba abelwa metse ena, e bolelwang ka mabitso. 10E ne e le ditloholo tsa Arone, tsa malapa a Kohate, tseo e neng e le bana ba Levi, hobane lotho la pele e ne e le la bona.
11Ba ba nea Motse wa Areba o naheng e maralla ya Juda, e leng Heborone, le makgulo a yona a e potapotileng. Areba e ne e le ntata Anake. 12Empa masimo a motse oo, le metsana ya wona, wona ba a abela Kalebe, mora wa Jefune, hore e be a hae.
13Bara ba moprista Arone ba newa motse wa Heborone, oo babolai ba tshabelang ho wona, hore e be wa bona hammoho le makgulo a wona, le motse wa Lebena le makgulo a wona, le motse wa Lebena le makgulo a wona, 14le Jatire le makgulo a yona, le Eshetemoa le makgulo a yona, 15le Holone le makgulo a yona, le Debiri le magkulo a yona, 16le Aine le makgulo a yona, le Juta le makgulo a yona, le Bete-Shemeshe le makgulo a yona. Ya eba metse e robong, e tswang merabeng eo e mmedi.
17Naheng ya morabe wa Benjamine ya eba Gibeone le makgulo a yona, le Geba le makgulo a yona, 18le Anatote le makgulo a yona, le Alamone le makgulo a yona. Ya eba metse e mene.
19Metse yohle ya bana ba Arone, e leng baprista, e ne e le metse e leshome le metso e meraro le makgulo a yona.
20Malapa a bana ba Kohate, e leng Balevi, ke ho re bana ba bang ba Kohate, metse eo a ileng a e abelwa ka lotho e ne e etswa morabeng wa Efraime.
21Ba ba abela motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Shekeme e naheng e maralla ya Efraime, le makgulo a yona, le Gesere le makgulo a yona, 22le Kibesaime le makgulo a yona, le Bete-Horone le makgulo a yona. Ya eba metse e mene.
23Naheng ya morabe wa Dane ba abelwa Eleteke le makgulo a yona, le Gibetone le makgulo a yona, 24le Aiyalone le makgulo a yona, le Gade-Rimone le makgulo a yona. Ya eba metse e mene.
25Naheng ya karolo e nngwe ya morabe wa Manase ba abelwa Taanake le makgulo a yona, le Gade-Rimone le makgulo a yona. Ya eba metse e mmedi.
26Metse yohle e ileng ya abelwa malapa a bana ba bang ba Kohate e ne e le metse e leshome le makgulo a yona.
27Naheng ya karolo e nngwe ya morabe wa Manase bana ba Gereshone, ba malapa a Balevi, ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Golane e Bashane le makgulo a yona, le Beshetera le makgulo a yona. Ya eba metse e mmedi. 28Naheng ya morabe wa Isakare ba abelwa Kishione le makgulo a yona, le Daberate le makgulo a yona, 29le Jaremute le makgulo a yona, le Ene-Gannime le makgulo a yona. Ya eba metse e mene. 30Naheng ya morabe wa Ashere ba abelwa Mishale le makgulo a yona, le Abadone le makgulo a yona, 31le Helekate le makgulo a yona, le Rehobe le makgulo a yona. Ya eba metse e mene. 32Naheng ya morabe wa Nafthali ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Kedeshe e Galelea, le makgulo a yona, le Hamote-Dore le makgulo a yona, le Karatane le makgulo a yona. Ya eba metse e meraro. 33Metse yohle ya morabe wa Gereshone, ho ya ka malapa abo bona, e ne e le leshome le metso e meraro hammoho le makgulo a yona.
34Naheng ya morabe wa Sebulone, malapa a bana ba Merari, e leng a mang a Balevi, a abelwa Jokoneame le makgulo a yona, le Karata le makgulo a yona, 35le Dimena le makgulo a yona, le Nahalole le makgulo a yona. Ya eba metse e mene. 36Kamose ho Jorodane, naheng ya morabe wa Rubene, ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Besere e lehwatateng le hodima sehlaba le makgulo a yona, le Jahase le makgulo a yona, 37le Kedemote le makgulo a yona, le Mefaata le makgulo a yona. Ya eba metse e mene. 38Naheng ya morabe wa Gade ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Rama e Gileade, le makgulo a yona, le Mahanaime le makgulo a yona, 39le Heshebone le makgulo a yona, le Jasere le makgulo a yona. Metse eo kaofela ya eba e mene. 40Metse ena yohle e ne e le ya bana ba Merari, ho ya ka malapa abo bona, e leng ba bang ba malapa a Balevi. Metse eo ba ileng ba e abelwa ka lotho ya eba leshome le metso e mmedi.
41Metse yohle ya Balevi, e neng e le kahara naha ya bana ba Iseraele, e ne e le metse e mashome a mane a metso e robedi, le makgulo a yona. 42Motse o mong le o mong wa metse ena o ne o ena le makgulo a wona a o potapotileng, mme ho ne ho le jwalo metseng ena yohle.
43Morena a nea Baiseraele naha yohle eo a neng a hlapanye hore o tla e nea bo-ntata bona, mme ya eba ya bona, ba aha ho yona. 44Morena a ba nea phomolo hohle, ho ya ka tsohle tseo a neng a di hlapanyetse bo-ntata bona, mme ha se ke ha eba le ya mong wa dira tsa bona ya emang kapele ho bona. Morena a neelana ka dira tsa bona matsohong a bona. 45Ha se ke ha haella letho la tse molemo, tseo Morena a neng a buile ka tsona ho ba ntlo ya Iseraele. Tsohle tsa phethahala.

Currently Selected:

JOSHUA 21: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy