YouVersion Logo
Search Icon

JOSHUA 13

13
Naha eo ba tla e hapa
1Joshua o ne a tsofetse, mme dilemo tsa hae di se di ile. Morena a re ho yena: “O tsofetse, mme dilemo tsa hao di ile, empa ho sa setse naha e kgolo, e lokelang ho hapuwa.
2“Ena ke naha e sa setseng: Ditereke tsohle tsa Bafilesita, le tsohle tsa Bageshure. 3E tloha Shihore e ka botjhabela ho Egepeta, ho ya fihla moeding wa Ekerone, ka leboya, eo e leng ya Bakanana. Ke ya mahosana a mahlano a Bafilesita, e leng a Gasa, le a Ashedode, le a Ashekelone, le a Gade, le a Ekerone, le a Baafa ka borwa. 4Ho tloha ka borwa, naha yohle ya Bakanana, le ya Meara, eo e neng e le ya Basidone, ho ya fihla Afeke, le ho ya fihla moeding wa Baamore. 5Le naha ya Bagebale le Lebanone yohle, ho ya fihla botjhabela, ho tloha Baale-Gade e mosikong wa thaba ya Heremone, ho ya fihla lekgalong la Hamate.
6“Baahi bohle ba naha e maralla, ho tloha Lebanone, ho ya fihla Miserefote-Maime, le Basidone bohle, ke tla ba leleka kapele ho bana ba Iseraele. Dinaha tsena o di abele bana ba Iseraele e le lefa la bona, jwalokaha ke o laetse. 7Ka baka lena, abela merabe ena e robong, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, naha ena, hore e be lefa la yona.”
Naha e ileng ya abelwa Manase, le Rubene, le Gade
8Karolo e nngwe ya morabe wa Manase, le morabe wa Rubene, le morabe wa Gade, e ne e se e amohetse lefa la naha, leo Moshe a e abetseng lona ka botjhabela, mose wane ho Jorodane, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ile a ba abela lona.
9Ho tloha Arowere e lebopong la noka ya Arenone, le motse o kahara kgohlo, le phula yohle e tlohang Medeba ho ya fihla Dibone; 10le metse yohle ya Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a busa Heshebone, ho ya fihla moeding wa bana ba Amone. 11Le Gileade yohle le meedi ya Bageshure, le ya Bamaaka, le thaba yohle ya Heremone, le Bashane yohle ho ya fihla Saleka, 12le naha yohle e Bashane, ya Oge, ya neng a busa Ashetarote le Ederei, e leng e mong wa masalla a Barefaime. Bana Moshe o ile a ba hlola, a hapa naha ya bona. 13Leha ho le jwalo, bana ba Iseraele ha ba a ka ba leleka Bageshure le Bamaaka; kahoo Bageshure le Bamaaka ba aha hara Baiseraele, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.
14Ke Balevi feela bao a sa kang a ba abela lefa. Dinyehelo tsa setjheso, tsa Morena Modimo wa Iseraele, ke lona lefa la bona, jwalokaha Morena a ne a ba tshepise.
Naha e ileng ya abelwa morabe wa Rubene
15Moshe a abela bana ba morabe wa Rubene naha, ho ya ka malapa abo bona. 16Moedi wa bona o ne o tloha Arowere e lebopong la noka ya Arenone, le motseng o kahara kgohlo, le phula yohle e pela Medeba, 17le Heshebone, le metse yohle ya yona e phuleng: Dibone, le Bamote-Baale, le Bete-Baale-Meone, 18le Jahase, le Kedemote, le Mefaata, 19le Kiriataime, le Sibema, le Serete-Shahara e hodima leralla la kgohlo, 20le Bete-Peore, le matswapo a Pisega, le Bete-Jeshimote, 21le metse yohle e phuleng, le naha yohle ya Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a busa Heshebone, eo Moshe a neng a mmolaye hammoho le mahosana a Midiane: Efi, le Rekeme, le Sure, le Hure, le Reba, e leng mahosana a Sihone, a neng a ahile naheng ena. 22E mong wa ba bolailweng ke bana ba Iseraele ka sabole e ne e le Bileame wa senohe, mora wa Beore. 23Moedi wa bana ba Rubene o ne o fella Jorodane. Lena e ne e le lefa la bana ba Rubene, ho ya ka malapa abo bona, e leng metse le metsana ya yona.
Naha e ileng ya abelwa morabe wa Gade
24Moshe a abela bana ba morabe wa Gade naha, ho ya ka malapa abo bona.
25Moedi wa bona e ne e le Jasere le metse yohle ya Gileade, le karolo e nngwe ya naha ya bana ba Amone, ho ya fihla Arowere, kapele ho Raba; 26le ho tloha Heshebone, ho ya fihla Rama-Misepa, le Betonime, le ho tloha Mahanaime ho ya fihla moeding wa Debiri; 27le ka kgohlong ya Bete-Harame, le Bete-Nimera, le Sukote, le Safone, le karolo e setseng ya naha ya Sihone, kgosi ya Heshebone; le lebopo la Jorodane e le moedi o ilo fihla lebopong la lewatle la Kinerete, ka botjhabela ho Jorodane. 28Lena ke lefa la bana ba Gade, ho ya ka malapa abo bona, e leng metse le metsana ya yona.
Naha e ileng ya abelwa karolo e nngwe ya morabe wa Manase
29Moshe a abela karolo e nngwe ya morabe wa Manase naha. E ne e le karolo e nngwe ya bana ba morabe wa Manase, ho ya ka malapa abo bona.
30Moedi wa bona o ne o tloha Mahanaime, le Bashane yohle, le naha eohle ya Oge, kgosi ya Bashane, le metsaneng yohle ya Jaire e mashome a tsheletseng, e neng e le Bashane. 31Le karolo e nngwe ya Gileade, le Ashetarote, le Ederei, e leng metse ya naha ya Oge e Bashane. Ena e ne e le ya bana ba Makiri, mora wa Manase, le ya karolo e nngwe ya bana ba Makiri, ho ya ka malapa abo bona.
32Tsena ke dinaha tseo Moshe a ileng a di aba e le lefa diphuleng tsa Moabe, kamose wane ho Jorodane, ka botjhabela ho Jeriko. 33Empa Moshe ha a a ka a nea Balevi lefa, hobane Morena Modimo wa Iseraele, ke yena lefa la bona, jwalokaha a ne a ba tshepise.

Currently Selected:

JOSHUA 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy