YouVersion Logo
Search Icon

JONASE 1

1
Jonase o hana taelo ya Morena
1Lentswe la Morena la fihla ho Jonase, mora wa Amitai, la re: 2“Tsamaya, o ye Ninife, motseng o moholo, o yo o kgalemela, hobane ke bone bokgopo ba wona.”
3Empa Jonase a tsamaya, a balehela Tarashishe hore a be hole le Morena. A theohela Jopo, moo a fumaneng sekepe se lebang Tarashishe. Hoba a lefelle leeto, a kena ka sekepeng, hore a tle a ye Tarashishe mmoho le basesisi ba sona, hole le Morena.
4Yaba Morena a fokisa moya o matla hodima lewatle, mme ha tsoha sefefo se tshabehang se ileng sa batla se thua sekepe. 5Basesisi ba sekepe ba tshoha, mme e mong le e mong wa bona a ipiletsa ho modimo wa hae. Ba lahlela thoto lewatleng, e le hore ba imolle sekepe.
Ha e le Jonase yena o ne a theohetse ka kamoreng e katlase ya sekepe, a ithobaletse, a ile le sephume sa boroko. 6Molaodi wa sekepe a tla ho yena, a re: “O hlolang, ha o robetse tjee? Tsoha, o ipiletse ho modimo wa hao! Mohlomong modimo eo wa hao a ka re hopola, ra se ke ra timela.”
7Yaba basesisi ba sekepe ba a buisana, ba re: “Tloong, re laoleng ka lotho, re tle re tsebe hore na ke ka baka la mang re welwang ke koduwa ena.” Ba laola ka lotho, mme lotho la ntsha Jonase.
8Jwale ba mmotsa, ba re: “Re bolelle hore na ke ka baka la mang re welwang ke koduwa ena! Mosebetsi wa hao ke ofe? Hona o tswa kae? Haeno ke hokae? Tjhaba sa heno ke sefe?”
9Jonase a ba araba, a re: “Nna ke Moheberu; ke kgumamela Morena, Modimo wa lehodimo, ya entseng lewatle le lefatshe.”
10Banna bao ba tshoha haholo, ba mmotsa, ba re: “O entseng?” Ba ne ba tseba hore a baleha Morena, hobane o ne a se a ba boleletse.
11Yaba ba a mmotsa, ba re: “Jwale re o etse jwang, e le hore lewatle le tle le kokobele?” Lewatle le ne le befile, le ntse le tuduana.
12A ba araba, a re: “Nkukeng, le nkakgele lewatleng, mme lewatle le tla kokobela. Ke a tseba hore ke ka baka la ka ha e le mona sefefo sena se matla se le befetse tjena.”
13Leha ho le jwalo, banna bao ba leka ka matla ho sokela sekepe lebopong, empa ba sitwa, hobane lewatle le ne le befile, le ntse le tuduana. 14Kahoo ba ipiletsa ho Morena, ba re: “Oho, Morena, o se ke wa re timetsa, wa re re bolaile monna enwa. O se ke wa re bea molato wa ho tsholla madi a se nang molato, hobane wena Morena, o entse se o kgahlang.”
15Yaba ba kakasa Jonase, ba mo akgela lewatleng, mme maqhuba a kokobela. 16Banna bao ba tshoha haholo, ba nyehella Morena ka sehlabelo, mme ba mo etsetsa dikano tse itseng.
17Yaba Morena o laela leruarua ho metsa Jonase. Jonase a ba ka mpeng ya leruarua leo ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.

Currently Selected:

JONASE 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy