YouVersion Logo
Search Icon

JOELE 3

3
Morena o tla ahlola ditjhaba
1“Bonang, ka matsatsi ao,
ka yona nako eo,
ke tla atlehisa ba Juda
le ba Jerusalema.
2Ke tla phutha ditjhaba tsohle,
ke di theolele
ka Kgohlong ya Jehoshafate,
ke di ahlolele hona kateng,
ka baka la setjhaba sa ka,
setjhaba sa ka sa Iseraele,
hobane di ile tsa se qhalanyetsa
hara baditjhaba,
tsa arola naha ya ka dikotokoto.
3Di ile tsa laola
setjhaba sa ka ka lotho,
tsa ananya moshanyana ka seotswa,
tsa reka veine ka ngwanana,
hore di tle di e nwe.
4“Wena Tire, le wena Sidone, le lona dibaka tsohle tsa Filesitiya, e ka ba le mpatlang? Le tla mpuseletsa ka eng? Haeba le tla mpuseletsa, seo le se entseng ke tla le buseletsa sona ka potlako. 5Le nkile silefera ya ka le kgauta ya ka, la isa matlotlo a ka a bohlokwa ka ditempeleng tsa lona. 6Le rekisitse baahi ba Juda le ba Jerusalema ho Bagerike, e le hore le ba ise hole le naha ya habo bona.
7“Bonang, ke tla ba kgutlisa dibakeng tsohle tseo le ba rekisitseng ho tsona, ke phetetse seo le se entseng. 8Ke tla rekisa bara le baradi ba lona ho setjhaba sa Juda, mme sona se tla ba rekisetsa Basheba, e leng setjhaba se hole,” ho rialo Morena.
9“Phatlalletsang ditjhaba hona,
le re: ‘Hlomellang ntwa!
Bitsang bahale!
Bahlabani bohle ba ke ba atamele,
ba atamele, ba tlo futuha!
10Kgobang mehoma ya lona,
le etse disabole;
leotsang disekele tsa lona,
le etse marumo!
Ya fokolang a ke a re:
“Nna ke mohale!”
11Lona ditjhaba tsohle,
phallang, kgobokanang,
le phuthehele ka Kgohlong!’ ”
Morena, laola bahale ba hao
ba theohe.
12“Ditjhaba di ke di itokise,
di theohele
ka Kgohlong ya Jehoshafate;
ke tla dula kateng, ke di ahlole,
ke ahlole tjhaba tsohle
tse phuthehileng.
13Akgelang sekele,
hobane mabele a butswitse.
Tloong, le tlo hatakela morara,
hobane setlhotlelo sa morara
se tletse;
merifi e tletse, e a kgaphatseha,
hobane bokgopo ba tsona
bo totile!”
14Matshweletshwele
a sa le ka Kgohlong ya Kahlolo!
Letsatsi la Morena le haufi,
le atametse,
tsatsi la ho theohela
ka Kgohlong ya Kahlolo.
15Letsatsi le kgwedi di tla fifala,
dinaledi le tsona
di ke ke tsa phatsima.
Morena o tla hlohonolofatsa setjhaba sa hae
16Morena o tla puruma a le Sione,
a thwathwaretse a le Jerusalema,
mahodimo le lefatshe di reketle.
Morena ke setshabelo
sa tjhaba sa hae,
ke qhobosheane
ya tjhaba sa Iseraele.
17“Kahoo le tla tseba
hore ke nna Morena,
Morena Modimo wa lona,
ya ahileng Sione,
thabeng ya ka e halalelang;
Jerusalema e tla ba sebaka,
baka se kgethehileng,
baditjhaba ba ke ke
ba hlola ba feta kahara yona.
18“Mohla tsatsi leo,
thaba di tla rothisa veine,
maralla wona a kopotse lebese;
melatswana yohle ya Juda
e phalle metsi.
Sediba se tla kolla
ka Tempeleng ya Morena, se kolle,
se nwesetse Kgohlo ya Shitime.
19“Egepeta e tla fetoha nanaola,
Edomo yona e fetohe lefeella,
hobane tjhaba sa Juda
se ile sa hlekefetswa,
madi a sona a tshollwa
a se na molato.
20Naha ya Juda
e tla ba le baahi kamehla yohle,
Jerusalema
e be le baahi ba meloko yohle.
21Ke tla tshwarela tjhaba sa ka,
ke se tshwarele dibe tsa sona,
dibe tseo ke neng
ke eso se tshwarele tsona.
Nna Morena, ke tla aha Sione!”

Currently Selected:

JOELE 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy