YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 6

6
Jobo o araba Elefase
1Empa Jobo a araba, a re:
2“Ao! hoja ho komakoma ha ka
ho ka lekanngwa,
tsietsi tsa ka tsa bewa sekaleng,
3di ne di tla feta hlabathe
la lewatle ka boima;
ke ka hona
ke ileng ka phatloha feela.
4Metsu ya Ya Matla wohle
e ntlhabile,
mahloko a yona
a tjhatjhametsa le moya wa ka,
matshabeho a Modimo
a nteetse theko!
5Na tonki e ka lla
kgulo le le lengata?
kapa pholo ya bohla
e ntse e fula?
6Dijo tse bosula
di ka jewa ho se letswai?
Na mothwebe o mosweu wona
o a latsweha?
7Dijo tse jwalo ha ke di lakatse,
di tshwana
le tse nqhuqhumisang mala!
8“Hoja kopo ya ka
e ne ka ananelwa,
Modimo a nnea
seo ke se labalabelang;
9Modimo a kgahlwa
ke ho mphetshela,
a nkisa letsoho, a ntimetsa.
10Ke ne ke tla thaba,
ke tshedisehe,
ke tsebe ho mamella
ditlokotsi tsa ka,
hoba polelo tsa Ya Halalelang
ha ke a di hanyetsa.
11“Ke sa na le matla afe,
a ho nnea letshepa?
Ke tla fella kae,
ha ke qenehetse ho phela?
12Na mmele wa ka
o thata jwaloka lejwe?
Kapa nama ya ka
e entswe ka lethose?
13Matla o ho ithusa a mpheletse,
sehlaha sa bohlale se setse feela.”
Jobo o swabiswa ke polelo tsa metswalle
14“Ya nyahameng pelo
eka kgona a hauhelwe, ke metswalle,
leha eba a sa tshabe Ya Matla wohle.
15Bana beso ha ba tshepahale
sa melatswana,
ba ka melatswana e tlala,
e ba e feta,
16e ba maduke
ke qhoqhwaane ho qhibidiha,
e patehe ke lehlwa ho kgetheha.
17Ha motjheso o fihla e a nyamela,
ha tsatsi le ema a pshele ruri.
18Baeti ba kgeloha tsela,
ba batla metsi,
ba ye lehwatateng,
ba be ba timele.
19Baeti ba tswang Tema
ba batla metsi,
bahwebi ba Sheba
ba batla ka letshepa;
20ba tsielehile,
leha ba ne ba tshepile,
ba fihlile teng, jwale ba swabile.
21Ho nna, le lona le ka melatswana eo:
Le a bona ke wele ka phatla,
lona le a ntshabella!
22Na nkile ka re:
‘Mpheng hona le hane’?
Kapa ‘Ntefelleng ka maruo a lona?’
23Kapa: ‘Nnamoleleng
matsohong a dira tsa ka?
Mpholoseng
ho ba matla ho mpheta’?
24“Nthuteng,
ke tla mamela ke didimetse,
le ntlhalosetse na phoso ya ka e kae.
25Mantswe a nnete a matla hakaakang!
Polelo tsa lona ekaba di supa eng?
26Ebe le rerile ho nyatsa polelo tsa ka,
le re tsa ya tsherehaneng
di ya le moya feela?
27Le kgutsanyana kgudu!
le ka e rekisa,
la tjhekela motswalle wa lona lemena.
28“Jwale dumelang,
le ntadime sefahlamahlo:
Taba di mahlong,
shano la ka le tla itshupa.
29Ke a le kopa: Imameleng,
phoso e se be teng;
imameleng hape,
esere ho loka ha ka
ha thunthetswa.
30Ebe phoso e tswile lelemeng la ka?
Na nka sitwa ho kgetha
tse molemo ho tse kgopo?”

Currently Selected:

JOBO 6: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy