YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 41

41
1“Na ka selope
kganyapa o ka e tshwasa,
kapa ka kgwele
leleme la yona wa le tlama?
2Na o ka e kenya kgwathatha
ka nkong?
Kapa mohlaare wa yona
wa o hlaba ka moutlwa?
3Na e tla rapela
hore o e rekolohele,
kapa e bue ka bonolo,
e nne e o qekise?
4Na e tla etsa tumellano le wena,
hore e be kgoba la hao
kamehla yohle?
5O tla e bapadisa
sa ha o bapadisa nonyana,
kapa o e holehele
bananyana ba hao?
6Na bahwebi ba heno
ba tla e tsekisana ka theko,
kapa ba e arolele bareki?
7Na ka dikwebe
tlalo la yona o ka le phunya,
kapa ka tsenene
hlooho ya yona o ka e hlaba?
8Ako e ame ka letsoho la hao!
Ntwa e tla ba ya kgumamela;
o ke ke be wa hlola o pheta hape!
9“Tshepo ya ho e hlola
ke lefeelafeelane,
motho ha a e bona
pelo ya hae e a nyahama.
10Ha ho na ya sebete se lekaneng
ho e qholotsa;
ebe jwale ke ofe
ya ka thulanang le nna, Modimo?
11Ya ntsekisang molato ke ofe,
ke tsebe ho mo lefela?
Ditsohletsohle tlasa lehodimo
ke tsa ka.
12“Ha nka ke ka tlohela
ho bua ka ditho tsa kganyapa,
ka matla a yona
le bopeho se kgahlehang sa yona.
13Bokantle ba tlalo la yona
bo ka ebolwa ke mang?
Ya ka atamelang ke mang,
a e kenya tomo hanong?
14Ya ka itetang sefuba
ho e ahlamisa mehlaare ke mang?
Meno a yona a dikwetsepe
a a tshabeha!
15Mokokotlo wa yona
o kwahetswe ke makgekgebu,
makgekgebu a momahaneng
eka a manamisitswe ka boka;
16a momahane haholo,
moya o ke ke wa tswa
pakeng tsa wona.
17A kopantswe hathatathata,
a momahane hoo
a ke keng a arohanngwa.
18Ha e thimola,
ka nkong tsa yona ho tswa lesedi;
mahlo a yona eka mahlasedi
ha mafube a hlaha.
19Malakabe a tlola
ka molomong wa yona,
tlhase di betseha
seka motjhotjhonono.
20Mosi o foqoha ka nkong tsa yona,
jwaloka mosi ha pitsa
e mollong wa ditlhaka e bela.
21Moya wa yona
o butswela mashala a hlene,
malakabe a tlole
ka hanong la yona.
22Molala wa kganyapa o shidikane,
ba e bonang
ba phakgasela ke tshabo.
23Maphutha a tlalo la yona
a momahane, a sataletse,
a ke ke a sisinyeha.
24Bothata ba pelo ya yona
ekare ba lejwe,
bothata ba yona
bo tshwana le ba lwala la moralla.
25Ha e soballa
natla di a phakgasela,
di suthe kapele ho yona ke tshabo.
26Kahodima yona ho kuba sabole,
ho kube lerumo, le motsu,
le yona tsenene!
27Ho yona tshepe e tshwana
le setoroi feela,
lethose le tshwana
le patsi e bodile.
28Ha e balehiswe ke metsu e betswa,
majwe a letjeketjane
a ka mmoko ho yona.
29Ho yona koto e tshwana
le setoroi feela,
ho shohlomana ha marumo
ho a e keketehisa.
30Mpa e makgekgebu
a thata sa mangetana,
e siya mohlala
jwaloka selei se hulwa seretseng.
31E tsapodisa madiba
jwaloka pitsa e bela,
lewatle le bele
sa pitsa e phehile mafura.
32Tseleng e siya mophula
wa metsi a benyang lekweba,
o ka re moriri o moputswa
o metse lewatleng.
33Fatsheng lohle
kganyapa ke torobela,
ke bopuwa
se sa bopellwang le tshabo.
34Tsohle tse mabela
e di shebela maotong,
ke kgosi ya batana tsohle
tse ikakasang.”

Currently Selected:

JOBO 41: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy