YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 34

34
Elehu o bontsha ho loka ha Modimo
1Yaba Elehu o tswela pele, o re:
2“Lona bahlalefi
mamelang polelo tsa ka!
Lona bo-tsebanyane
theang tsebe le mmamele!
3Tsebe e hlwaya mantswe
ha a buuwa,
jwalokaha dijo
di latsuwa ke mahalapa.
4A re ikgetheleng
se lokileng ka borona,
a re tsebeng
ka borona se leng molemo.
5“Jobo o re:
‘Nna ha ke na molato,
empa Modimo o nkamohile
tokelo ya ka.
6Le hoja ke nepile tjena
ho thwe ke leshano,
le hoja ke se na sebe,
qeba la ka le hana ho fola.’
7“Motho ke ofe ya tshwanang le Jobo?
O momorotsa nyefolo
jwalokaha metsi a nowa;
8yena o tsamaya
mokgatlong wa baetsadibe,
ba kgopo
o tsamaisana tsela le bona;
9o re: ‘Motho a ke ke
a putswa ka letho,
leha a leka ho kgahlisa Modimo.’
10“Lona bahlalefi,
mmameleng ke hona:
Modimo a ke ke
a ba a etsa bokgopo,
Ya Matla wohle a ke ke
a ba a etsa phoso.
11O putsa motho
ho ya ka mesebetsi ya hae,
o putsa motho
ho ya ka metsamao ya hae.
12Ruri Modimo a ke ke
a ba a etsa bokgopo,
Ya Matla wohle a ke ke
a kgopamisa ho loka.
13O beilwe ho okamela lefatshe
ke mang?
Fatshe lohle lona le theilwe
ke mang?
14Haeba e ne le morero wa hae,
a busetsa moya wa bophelo ho yena,
15tsohle tse phelang di ne di tla timela,
motho le yena, a kgutlele leroleng.
16“Ha o le bohlale, ako mamele,
polelo tsa ka o di sekehele tsebe!
17Na ya hloileng toka,
ho busa a ka ho tseba?
Kapa o ahlola Ya Matla,
Ya Lokileng?
18Yena ya reng ho kgosi:
‘O motho-dikobo,’
ho mahosana:
‘Lona le balotsana!’
19Ha a ye ka leeme
ha a sebeletsa babusi,
morui le mofutsana
ke ditshwantshwang ho yena,
kahoba bohle ke mmopo
wa matsoho a hae.
20Ka ho panya ha ntshi
ba shwa le hara bosiu,
tjhaba se hlokolehe,
bona ebe ba iketse;
natla di nyamele
di sa angwa ke letsoho la motho!
21“Mahlo a hae a disitse
metsamao ya batho,
mehato yohle ya batho
le yona o a e bona.
22Ha ho na lefifi le letsholetsho,
moo baetsadibe
ba ka tsebang ho ipata.
23Modimo ha a hloke
ho balla batho dinako
ho tla kahlolong, kapele ho yena.
24O thuakanya bo-ramonatla
ho se na nyewe,
tulong tsa bona ebe o bea ba bang.
25Ka baka leo,
mesebetsi ya bona o a e tseba,
ba phetholwa e le bosiu,
ebe ba a phetshelwa.
26Modimo o ba otlela
bokgopo ba bona,
o ba otlela
pontsheng ya batho bohle,
27hobane ba kgaoditse ho mo latela,
ha ba a ka ba natsa
tsela tsohle tsa hae.
28Dillo tsa mafutsana
ba di fihlisitse ho yena,
dillo tsa bahlomohi
Modimo o a di utlwa.
29“Haeba a ikgutsetsa
a ka nyatswa ke mang?
Ha ipata sefahleho,
teng a ka bonwa ke mang?
O okametse batho le ditjhaba
ka ho tshwana.
30O thibela motho ya kgopo ho busa,
a mo thibele
ha a tjhehela setjhaba maraba.
31“Haeba motho
a ka re ho Modimo:
‘Ke ipona molato,
nke ke ka sitwa hape;
32ako nthute tseo ke sa di tsebeng,
haeba ke entse bokgopo
nke ke ka pheta hape;’
33na o re Modimo
a ye ka thato ya hao,
athe wena o nyatsa diketso tsa hae?
Boikgethelo ke ba hao,
hase ba ka,
kahoo wena bolela
seo o se tsebang.
34“Ba nang le kutlwisiso
ba tla bolela,
banna ba bohlale,
ba nkutlwang, ba re:
35‘Jobo o ipuela feela a se na tsebo,
polelo tsa hae bohlale di a bo hloka.’
36Jobo a nna lekwe ho-ya-ho-ile,
hobane o araba sa batho ba kgopo.
37Dibe tsa hae
o di eketsa ka bofetohedi,
o etsa nyediso moo re mo utlwang,
ka polelo tse ngata
o nyedisa Modimo.”

Currently Selected:

JOBO 34: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy