YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 30

30
Jobo o lliswa ke bomadimabe ba hae
1“Ba banyenyane ho nna
jwale ba a ntshoma,
bao bo-ntata bona
ke neng ke ba nyedisa,
ke neng nke ke ka ba disisa
mohlape le ntja tsa ka.
2Matla a bona
a na sa nthuse ka letho,
kaha bokwakwariri
bo ne bo ba feletse.
3Ke mekojwane ya bofuma
le sekoboto,
ba phela ka ho ja metsuntsunyane,
bosiu ba lelera mahalaopeng.
4Ba kga bodiladilane hara dihlahla,
metso ya tshinabele ke dijo tsa bona.
5Ba lelekwa hara batho ba bang,
ba kueletswe
jwalokaha eka ke mashodu.
6Ba phela ka mangopeng a dikgohola,
ka madumeleng le kahara mafika;
7ba bokolla ba le kahara dihlahla,
ba sunyame mmoho katlasa bobatsi.
8Ke bana ba mawatla,
bo-mohloka-lebitso,
ba lelekilwe lefatsheng, hara batho.
9“Jwale ke bona ba ntlakang ka pina,
ke se ke fetohile sesomo ho bona.
10Ba se ba nnyonya
ba bile ba nkwekwetla,
fahleho sa ka
ba se tshwela ka mathe.
11Kahoba Modimo a mphokodisitse,
a ntshotlile,
ha ba sa itshwara
leha ba le pela ka.
12Ka ho le letona
ba mphutuhela ka sekgakgatha,
ha ke baleha ba mpea merebele,
ba haha metero
ho nketsetsa thibella.
13Ba tjhekile mamena tseleng ya ka,
ba atlehiswa ke tshenyeho ya ka,
ba re: ‘Ha a na mothusi!’
14Ba kena jwalokaha eka rako le wele,
ba subuhlellana hara masupi!
15Matshabeho wohle
a nkwetse hodimo,
a ntlositse seriti
ka ho panya ha ntshi,
maruo a ka a fedile sa mouwane.
16“Moya wa ka
o qhashoha kahare ho nna,
matsatsi a ho hlokofatswa
a mphihletse;
17ke lala ke tjhobelwa
ke masapo bosiu,
bohloko bo nkokonang
ha bo mphe sebaka.
18Matla a bohloko ba ka
a senya aparo tsa ka,
a nkgama jwaloka molala
wa hempe ya ka.
19Modimo o nkakgetse kahara seretse,
ke se ke tshwana le lerole
le wona molora.
20“Ke ipiletsa ho wena, Modimo,
empa ha o nkarabe;
ke ema kapela hao,
empa o ntadima feela!
21O mphuthuhela o se na mohau,
tsoho la hao le matla
le a ntwantsha.
22O mphahamisetsa hodimo, moyeng,
ka sefefo
o nkakgoletse kwana le kwana.
23Ke a tseba hoba
o tla nkisa lefung,
tlung e kgethetsweng bohle,
bohle ba phelang.
24“Ha ke re ya shwang
o otlolla letsoho la hae,
ha a llela thuso tlokotsing ya hae?
25Na ha ke a ka ka llela
ba ditsietsing?
Moya wa ka ha o a utlwela
ba maswabing bohloko?
26Ha ke ne ke lebeletse molemo,
ka tlelwa ke bobe;
ha ke ne ke lebeletse lesedi,
ka tlelwa ke lefifi.
27Mala a ka a a qhuqhuma,
a hloka phomolo,
matsatsi a ditlokotsi
a tobane le nna.
28Ke tsamaya ke nyahame pelo,
ho se na lesedi;
ke ema hara mokgopi
ho ikopela thuso.
29Ke se ke fetohile
ngwanabo phokojwe,
ke molekane wa madinyane a mpshe.
30Tlalo la ka le letsho
ke ho kgakgapheha,
masapo a ka a a tjhesa
ke ho opelwa.
31Harepa ya ka e letsa kodi-ya-malla,
melodi ya kodilo la ka e fetohile dillo.”

Currently Selected:

JOBO 30: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy