YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 22

22
Elefase o re Jobo o kgopo haholo
1Yaba Elefase ya tswang Temana o a araba, o re:
2“Na motho
a ka etsetsa Modimo tse molemo,
jwalokaha mohlalefi
a iketsetsa tse molemo?
3Na ke thabo ho Ya Matla wohle
haeba o lokile?
Kapa o a mo entsha
ha tsela tsa hao di hloka kodi?
4“Na o tla o kgalemella
ho mo tshaba ha hao,
ka baka la hona a o etsetse qoso?
5Bokgopo ba hao bo boholo haholo,
dibe tsa hao di hloka moedi!
6O nkile peeletso ho ngwaneno
a se na molato,
ba hlobotseng bona
wa ba hlokisa le nketlana.
7Ba nyorilweng
ha o a ka ba nyorolla ka metsi,
ba lapileng
ha o a ka ba ngwathela letho,
8le hoja o no le matla,
fatshe o le ruile,
batho ba o tlotla,
o phela ho lona.
9Bahlolohadi ba tlohile ho wena
ba itlhophere,
ha e le kgutsana tsona
wa di robokela.
10Ke kahoo maraba
a o potapotileng kahohle,
tshabo e tsometsang
e o hlokisang boiketlo,
11fifi le o aparetseng,
o sitwang ho bona,
phororo tsa metsi
di phuthumanang hodima hao.
12“Modimo ya mahodimong
a hodimodimo,
o tadimela dinaledi tlase,
o di tadimela tlase
le hoja di le hodimo!
13Empa wena o re:
‘Modimo o tseba eng?
A ka ahlola jwang
hara fifi le lekaalokaalo?
14O hara lesira la maru,
a ke ke a tseba ho bona,
ha a ntsa ralotsa
hopong la lehodimo.’
15“Na o tla hanella tseleng ya kgale,
tseleng e kutlilweng ke ba kgopo?
16Ba tlositswe
nako ya bona e eso fihle,
metheo ya bona
ya hoholwa ke dikgohola;
17bona ba itseng ho Modimo:
‘Re hlokomolohe!
Ya Matla wohle a ka re etsang?’
18Empa ke ka yena
matlo a bona a tletseng menono,
kahoo nna ke hole le keletso
tsa ba kgopo.
19“Ba lokileng
ha ba bona ba a nyakalla,
ba se nang molato
ba a soma, ba re:
20‘Dira tsa rona
di timeleditswe ruri,
tlotlo la tsona
la tjheswa ke malakabe.’
21“Boelana le Modimo,
o tlo be le kgotso,
ka ho etsa jwalo
o tla tlelwa ke tse molemo.
22Amohela thuto
e tswang molomong wa hae,
polelo tsa hae
o di boloke ka pelong ya hao.
23Ha o ka kgutlela ho Ya Matla wohle,
yena o tla o hlohonolofatsa,
ha o fedisa bokgopo
kahara leaho la hao.
24Ha o lahla kgauta ya hao,
o e lahlela hara lerole,
le kgauta e tswang Ofire,
o e lahlela dikgohlong hara mafika,
25Ya Matla wohle
e tla ba yena kgauta ya hao,
e be silefera ya hao e hlwekisitsweng.
26Ya Matla wohle o tla mo thabela,
fahleho sa hao se tadime ho Modimo.
27O tla rapela Modimo,
ebe o a o utlwa,
kano tsa hao
o tsebe ho di phetha.
28Merero yohle ya hao e tla atleha,
sedi le kgantshetse tsela tsa hao;
29hoba Modimo o kokobetsa baikakasi,
baikokobetsi bona a ba pholose.
30Le ya molato
Modimo o a mo pholosa:
O tla pholoswa
ka ho hlweka ha matsoho a hao.”

Currently Selected:

JOBO 22: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy