YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 10

10
Jobo o re na Modimo o mo sotlelang
1“Bophelo bona ba ka bo ntenne,
kahoo ke tla boledisa
tsa ka dipelaelo,
ke bue moya wa ka o tubehile.
2Ke tla re ho Modimo:
‘Se ke be wa nkahlola;
mpolelle tseo o nqosang ka tsona.
3O bona ho le molemo
ho nna o nkataka,
o nyedisa mmopo wa matsoho a hao,
o thabela merero ya ba kgopo?
4Na o na le mahlo a nama?
Na o bona jwalokaha batho ba bona?
5Na tshiu tsa hao
di tshwana le tshiu tsa batho?
Na ngwaha tsa hao
di tshwana le ngwaha tsa batho?
6Ha e le moo o tswile bosele
ho tsoma bokgopo ba ka,
o batla, o batlisisa le sebe sa ka?
7Wena o a tseba
ho nna bokgopo ha bo yo,
mme ha ho ya ka ntopollang
matsohong a hao.
8“ ‘Kahohlehohle ke bopilwe
ke matsoho a hao,
empa jwale
ke se ke timetswa ke wena!
9Ako hopole,
o mpopile seka letsopa;
na o tla nkgutlisetsa leroleng hape?
10Na ha o a nqhatsa
jwalokaha ho qhatswa lebese,
wa mphehla
jwalokaha leokwana le fehlwa?
11Wa nkapesa
ka letlalo le ka dinama,
wa ntlamahanya
ka masapo le ka mesifa?
12O nneile bophelo,
wa ba wa nnea lerato,
wa mpoloka,
wa baballa le moya wa ka.
13“ ‘Tsena e ne le kunutu
la pelo ya hao,
ke a tseba,
tsena e ne le morero wa hao:
14Ha ke etsa sebe
o ntadima ka le ntjhotjho,
o ke ke wa ntokolla molatong wa ka.
15Haeba ke molato
bomadimabe ke ba ka!
Leha ke se molato
nke ke ka tadima motho,
ke hlajwa ke dihlong
ke lweba ka hara tlokotsi.
16Ha hlooho ya ka e phahama
o tla ntsoma jwaloka tau,
o ntlhokofatsa
ka ho nketsetsa dimakatso.
17O tlisa paki tse ntjha
ho nnyopisetsa bopaki,
le kgalefo ya hao
e ntlokomela ho feta,
mara a hao
a mphutuhela ka mekgahlelo.
18“ ‘Ke hobaneng o entseng
hore ke tswalwe?
Eka nkabe ke shwele
ke eso bonwe ke motho!
19Eka nkabe ke sa ka ka ba ka tswalwa,
kapa ka iswa lebitleng
ha ke qeta ho tswalwa!
20Tshiu tsa ka di kgutshwanyane,
di a feta;
ako ntlohele,
ke re kgefu! ho se hokae,
21ke eso ikele kwana bo-ya-batho,
fatsheng le lefifi,
le meriti e metsho;
22fatsheng le lefifi la bo-nka-ntjana,
moo e leng lapeng habo morusu,
moo sedi la teng e leng lefifi!’ ”

Currently Selected:

JOBO 10: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy