YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 6

6
Jesu o fepa ba kete tse hlano
(Mat. 14:13-21; Mar. 6:30-44; Luka 9:10-17)
1Kamorao ho tsena Jesu a tshela letsha la Galelea, ke ho re la Tiberiase. 2Letshwelehadi la mo latela, hobane le bone mehlolo eo a e entseng ho ba kulang. 3Jesu a nyolohela thabeng, mme a dula moo le barutuwa ba hae. 4Paseka, mokete wa Bajuda, e ne e le haufi.
5Jwale ha Jesu a phahamisa mahlo, mme a bona hore letshwelehadi le tla ho yena, a re ho Filipi: “Re ka reka bohobe kae, hore batho baa ba je?” 6A bua hona ka ho mo nonya maikutlo, hobane o ne a tseba seo a tla se etsa.
7Filipi a mo araba, a re: “Bohobe ba didenare tse makgolo a mabedi bo ke ke ba lekana hore e mong le e mong a fumane sengwathwana.”
8E mong wa barutuwa ba hae, Andrease, ngwanabo Simone Petrose, a re ho yena: 9“Moshanyana o teng mona, ya nang le dinkgwa tse hlano tsa harese le ditlhapi tse pedi, empa hoo e ka ba eng ho batho ba bangata hakaale?”
10Jesu a re: “Dudisang batho fatshe.” Jwang bo ne bo le bongata sebakeng seo. Banna ba dula fatshe, palo ya bona e ka ba kete tse hlano. 11Yaba Jesu o nka dinkgwa tseo, mme hoba a lebohe Modimo, a di abela ba dutseng fatshe, le ditlhapi jwalo, kamoo ba lakatsang kateng.
12Ha ba se ba kgotshe, a re ho barutuwa ba hae: “Bokellang makumane a setseng, hore ho se ke ha senyeha letho.” 13Ba a bokella, mme ba tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi ka makumane a setseng, a dinkgwa tse hlano tsa harese, tseo ba di jeleng.
14Jwale ha batho ba bona mohlolo oo a o entseng, ba re: “Kannete enwa ke yena moporofeta ya lokelang ho tla lefatsheng.” 15Empa Jesu ha a lemoha hore ba se ba tla tla ho mo nka, ba mo qobelle ho ba kgosi, a boela a ya thabeng a nnotshi.
Jesu o tsamaya hodima metsi
(Mat. 14:22-27; Mar. 6:45-52)
16Mantsiboya, barutuwa ba hae ba theohela letsheng, 17mme ba kena ka sekepeng, ba tshelela Kaperenauma, mose ho letsha. Ho ne ho se ho le lefifi, empa Jesu a eso fihle ho bona; 18letsha le ne le tsudubutlana kaha ho ne ho foka moya o matla. 19Ha ba se ba sokile sebaka se ka bang dikilomethara tse nne kapa tse hlano, ba bona Jesu a tsamaya hodima letsha, a atamela sekepe, mme ba tshoha. 20Empa a re ho bona: “Ke nna; se tshabeng!” 21Ba mo kenya sekepeng ka thabo, mme hanghang sekepe sa fihla lebopong leo ba yang ho lona.
Jesu ke bohobe ba bophelo
22Ka la hosasane letshwele le emeng mose ho letsha la lemoha hore ha ho sekepe moo, haese se le seng, le hore Jesu ha a a ka a kena le barutuwa ba hae ka sekepeng seo, empa barutuwa ba hae ba tlohile ba nnotshi. 23Ha fihla dikepe tse ding tse tswang Tiberiase, haufi le sebaka seo ba neng ba jelle bohobe ho sona, hoba Morena a etse thapelo ya teboho. 24Jwale ha letshwele le bona hore Jesu le barutuwa ba hae ha ba yo moo, la kena ka dikepeng tseo, la ya Kaperenauma, le ntse le batla Jesu.
25Ha batho bao ba mo fumana mose ho letsha, ba re ho yena: “Rabbi, o tlile neng moo?”
26Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete, ke a le bolella, le mpatla e seng hobane le bone mehlolo, empa e le hobane le jele bohobe, mme la kgora. 27Le se ke la sebeletsa dijo tse senyehang, empa le sebeletse dijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora Motho a tla le nea tsona, hobane Modimo Ntate o mo neile matla.”
28Ba re ho yena: “Re ka etsa eng hore re tle re sebetse mesebetsi ya Modimo?”
29Jesu a araba, a re ho bona: “Mosebetsi wa Modimo ke hore le dumele ho eo a mo romileng.”
30Jwale ba re ho yena: “O etsa mohlolo ofe, hore re bone, mme re dumele ho wena? O sebetsa eng? 31Bo-ntata rona ba jele manna feelleng, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: ‘O ba fepile ka bohobe bo tswang lehodimong.’ ”
32Jesu a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, hase Moshe ya le neileng bohobe bo tswang lehodimong, empa ke Ntate ya le neang bohobe ba nnete bo tswang lehodimong, 33hobane bohobe ba Modimo ke ya theohang lehodimong, ya fang lefatshe bophelo.”
34Ba re ho yena: “Morena, re fe bohobe bona kamehla.”
35Jesu a re ho bona: “Ke nna bohobe ba bophelo; ya tlang ho nna ha a ka ke a lapa le ka mohla, mme ya dumelang ho nna ha a ka ke a nyorwa le ka mohla. 36Empa ke le boleletse hore leha le mpone, ha le dumele. 37Bohle bao Ntate a nneang bona ba tla tla ho nna, mme ya tlang ho nna ha nka ke ka mo lahlela kantle, 38hobane ke theohile lehodimong, e seng ho tla etsa thato ya ka, empa ho tla etsa thato ya ya nthomileng. 39Thato ya ya nthomileng ke hore ho bohle bao a nneileng bona, ho se ke ha lahleha le ya mong wa bona, empa ke ba tsose ka letsatsi la ho qetela. 40Thato ya Ntate ke hore e mong le e mong ya bonang Mora, a dumela ho yena, a be le bophelo bo sa feleng, mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.”
41Jwale Bajuda ba dumaduma ka yena, kahobane a itse: “Ke nna bohobe bo theohileng lehodimong,” 42mme ba re: “Na Jesu eo hase mora Josefa, eo re tsebang ntatae le mmae? Jwale o bolela jwang, ha a re: ‘Ke theohile lehodimong’?”
43Jesu a ba araba, a re: “Se dumadumeng. 44Ha ho ya ka tlang ho nna, haese ha Ntate ya nthomileng a ka mo hohela, mme nna ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela. 45Ho ngotswe ho Baporofeta, ho thwe: ‘Bohle ba tla rutwa ke Modimo.’ E mong le e mong ya utlwileng le ho ithuta ho Ntate o tla ho nna. 46E seng hore motho o teng ya boneng Ntate, haese ya tswang ho Modimo; yena o bone Ntate. 47Kannetenete, ke a le bolella, ya dumelang o na le bophelo bo sa feleng. 48Ke nna bohobe ba bophelo. 49Bo-ntata lona ba ile ba eja manna feelleng, empa ba eshwa. 50Bona ke bohobe bo theohang lehodimong, hore motho a bo je, mme a se ke a shwa. 51Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ha motho a ka ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng, mme bohobe boo ke tla fana ka bona ka baka la bophelo ba lefatshe, ke nama ya ka.”
52Bajuda ba qabana, ba re: “Eo a ka re nea nama ya hae jwang, ra e ja?”
53Jesu a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, ha le sa je nama ya Mora Motho, le sa nwe madi a hae, ha le na bophelo ka ho lona. 54Ya jang nama ya ka, a enwa madi a ka, o na le bophelo bo sa feleng, mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela. 55Nama ya ka ke sejo sa nnete, le madi a ka ke seno sa nnete. 56Ya jang nama ya ka, a enwa madi a ka, o dula ka ho nna, le nna ka ho yena. 57Jwalokaha Ntate ya phelang a nthomile, mme ke phela ka Ntate, le ya ntjang o tla phela ka nna. 58Bona ke bohobe bo theohileng lehodimong, e seng bo jwaloka boo bo-ntata rona ba bo jeleng, mme ba eshwa; ya jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng.” 59A bolela ditaba tsena a ntse a ruta ka tlung ya thapelo, Kaperenauma.
Mantswe a bophelo bo sa feleng
60Yare ha ba bangata ba barutuwa ba hae ba utlwa, ba re: “Polelo ena e thata; ke mang ya ka e mamellang?”
61Empa Jesu, ka ho tseba hore barutuwa ba hae ba dumaduma ka taba ena, a re ho bona: “Na hoo ho a le kgopisa? 62Jwale ho tla ba jwang ha le bona Mora Motho a nyolohela moo a neng a le teng pele? 63Moya ke wona o phedisang, nama ha e thuse letho; dipolelo tseo ke di buileng ho lona ke moya, mme ke bophelo. 64Empa ba bang ba teng ho lona ba sa dumeleng.” Jesu o ne a tsebile ho tloha qalong hore na ba sa dumeleng ke bo-mang, le hore na ya tla mo eka ke mang. 65A re: “Ka baka leo, ke le boleletse hore ha ho ya ka tlang ho nna ha a sa ho newa ke Ntate.”
66Ho tloha nakong eo ba bangata ba barutuwa ba hae ba ikgula, mme ba se ke ba hlola ba tsamaya le yena.
67Yaba Jesu o re ho ba leshome le metso e mmedi: “Na le lona le rata ho ikela na?”
68Simone Petrose a mo araba, a re: “Morena, re tla ya ho mang? O na le mantswe a bophelo bo sa feleng; 69rona re dumetse, mme re tsebile hore o Ya Halalelang wa Modimo.”
70Jesu a ba araba, a re: “Na lona ba leshome le metso e mmedi ha ke a le kgetha na? Athe e mong ho lona ke Diabolosi!” 71O ne a bolela Judase, mora Simone Isekariota, hobane o ne a se a tla mo eka, leha e ne e le e mong wa ba leshome le metso e mmedi.

Currently Selected:

JOHANNE 6: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy