YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 13

13
Jesu o hlatswa maoto a barutuwa ba hae
1E ne e le pele ho mokete wa Paseka. Jesu o ne a tseba hore nako ya hae ya ho tloha lefatsheng lena, a eya ho Ntatae, e fihlile. O ne a ratile ba hae ba lefatsheng, mme a nna a ba rata ho isa qetellong.
2Ha ho jewa dijo tsa mantsiboya, Diabolosi o ne a se a kentse pelong ya Judase, mora Simone Isekariota, maikutlo a hore a eke Jesu. 3Jesu, ka ho tseba hore Ntatae o mo neile tsohle matsohong, le hore o tswa ho Modimo, mme o ya ho Modimo, 4a tloha dijong, a hlobola seaparo, mme a nka thaole, a itlama ka yona thekeng. 5A nto kga metsi, mme a qala ho hlatswa maoto a barutuwa le ho a hlakola ka thaole eo a neng a itlamile ka yona.
6Ha a etla ho Simone Petrose, eo a re ho yena: “Morena, na ke wena o ka ntlhatswang maoto?”
7Jesu a araba, a re ho yena: “Seo ke se etsang ha o se tsebe hajwale, empa o tla se utlwisisa hamorao.”
8Petrose a re ho yena: “Ha o ka ke wa ntlhatswa maoto le kgale!”
Jesu a mo araba, a re: “Ha ke sa o hlatswe, ha o na kabelo ho nna.”
9Simone Petrose a re ho yena: “Morena, e se be maoto a ka feela, empa le wona matsoho le hlooho!”
10Jesu a re ho yena: “Ya totseng o hlwekile kahohle, mme ha a sa hloka ho hlatsuwa haese maoto feela. Lona le hlwekile, empa e seng bohle.” 11O ne a tseba ya tla mo eka, mme ke ka baka leo a itseng: “Ha le a hlweka bohle.”
12Jwale ha a ba hlatswitse maoto, a apara seaparo sa hae, a boela a dula, a re ho bona: “Na le utlwisisa seo ke se entseng ho lona? 13Le mpitsa ‘Moruti’ le ‘Morena’, mme le bolela hantle, hobane ke yena. 14Jwale he, ha ke le hlatswitse maoto, nna ke le Morena le Moruti, le lona le tshwanetse ho hlatswana maoto. 15Ke le beetse mohlala, hore le lona le tle le etse jwalokaha ke le entse. 16Kannetenete, ke a le bolella, mohlanka ha a moholo ho monga hae, le moromuwa ha a moholo ho ya mo romileng. 17Ha le tseba tsena, le lehlohonolo ha le ka di etsa.
18“Ha ke bue ka lona bohle; ke tseba bao ke ba kgethileng. Empa Mangolo a reng: ‘Eo ke ntshanang se inong le yena, o nthahile ka serethe,’ a tshwanetse ho phethahala.
19“Ke le bolella e sa le jwale, pele ho etsahala, hore le tle le dumele ha ho etsahala, hore nna e ntse e le nna. 20Kannetenete, ke a le bolella, ya amohelang eo nka mo romang, o a nkamohela, mme ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng.”
Jesu o bolela tsa ho ekwa ha hae
(Mat. 26:20-25; Mar. 14:17-21; Luka 22:21-23)
21Yare hoba Jesu a bolele tsena, a ferekana moyeng, a bua phatlalatsa, a re: “Kannetenete, ke a le bolella hore e mong wa lona o tla nkeka.”
22Barutuwa ba tadimana, ba tsielehile hore na o bua ka mang. 23E mong wa barutuwa ba hae, eo Jesu a neng a mo rata, o ne a itshetlehile sefubeng sa Jesu. 24Jwale Simone Petrose a mo qhwaya, hore a botse na o bua ka mang.
25Eo ya itshetlehileng sefubeng sa Jesu a re ho yena: “Morena, motho eo ke mang?”
26Jesu a araba, a re: “Ke eo ke tla qopetsa sengwathwana, ke mo nee sona.” Ha a qopeditse sengwathwana, a se nka, a se nea Judase, mora Simone Isekariota. 27Hoba Judase a je sengwathwana, Satane a kena ka ho yena.
Yaba Jesu o re ho yena: “Seo o se etsang, se etse kapele.” 28Empa ha ho a ba le ya mong wa ba neng ba le dijong, ya ileng a tseba hore na o mmoleletse jwalo ka baka lang, 29hobane ba bang ba ne ba hopola hore, kaha Judase a ne a tshwere mokotlana wa tjhelete, Jesu o re ho yena: “Reka tseo re di hlokang bakeng sa mokete,” kapa a fe mafutsana ho hong. 30Jwale ha a se a amohetse sengwathwana, a tswa hanghang. E ne e le bosiu.
Taelo e ntjha
31Ha Judase a se a tswile, Jesu a re: “Jwale Mora Motho o tlotlisitswe, mme Modimo o tlotlisitswe ka yena. 32Ha Modimo a tlotlisitswe ka yena, Modimo le yena o tla tlotlisa Mora Motho, mme o tla mo tlotlisa kapelepele.
33“Bana ba ka, ke sa tla ba le lona ka nakwana; le tla mpatla, mme jwalokaha ke ile ka bolella Bajuda, ka re: ‘Moo ke yang teng, le ke ke la tla,’ le ho lona ke rialo jwale.
34“Ke le nea taelo e ntjha, ya hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, le lona le ratane. 35Bohle ba tla tseba ka hona hore le barutuwa ba ka, ha le ratana.”
Tatolo ya Petrose e a bolelwa
(Mat. 26:31-35; Mar. 14:27-31; Luka 22:31-34)
36Simone Petrose a re ho yena: “Morena, o ya kae?”
Jesu a araba, a re: “Moo ke yang teng o ke ke wa ntatela hajwale, feela o tla ntatela hamorao.”
37Petrose a re ho yena: “Morena, ke ka baka lang nke keng ka o latela hajwale? Ke tla o tella bophelo ba ka!”
38Jesu a araba, a re: “Na o tla ntella bophelo ba hao na? Kannetenete, ke a o bolella: Mokoko o eso lle, o tla be o se o ntatotse hararo.”

Currently Selected:

JOHANNE 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy