YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 5

5
Sebe sa Jerusalema
1“Nyolosang, le theose diterata,
terata tsa Jerusalema;
le qamake kahohle le hlokomele,
le batlisise le mabaleng a motse;
ha le ka fumana motho
leha a le mong,
motho ya etsang toka,
ya batlang nnete,
motse wa Jerusalema
ke tla o tshwarela.
2Leha ba hlapanya, ba re:
‘Ka Morena ya phelang,’
nnete ke hore
ba hlapanya ka thetso.”
3Morena, ha ke re wena
o batla nnete?
O ba otlile,
ha ba a utlwa bohloko;
o ba kgahlotse,
ha ba a boela tseleng,
ba thatafaditse
fahleho tsa bona sa lejwe,
ba hanne ho bakela dibe tsa bona.
4Yaba nna ke re:
“Bana ke bathwana
ba hlokang tsebo,
bao tsela ya Modimo
ba sa e tsebeng,
ba sa tsebeng taelo
tsa Modimo wa bona.
5Ke tla ya ho ba baholo,
ke buisane le bona;
tsela ya Morena bona ba a e tseba,
ba tseba le taelo
tsa Modimo wa bona.”
Empa kaofela ha bona
joko ba e robile,
marapo le wona ba a kgaotse.
6Kahoo tau tsa meru
di tla ba bolaya,
phiri tsa lehwatata di ba harolake,
mangau a solle hara metse ya bona.
Bohle ba tswelang kantle
ba tla tsekollwa,
hobane dibe tsa bona di ngatangata,
bokwenehi ba bona bo feta tekanyo.
7“Nka o tshwarela tsee
ka baka lang?
Bana ba hao ba mphuraletse,
ba hlapanya ka medimo
eo e seng medimo.
Hoba ke ba fepe,
ba je sa mpanaphatloha,
ba ile ba ikabela ho etsa bofebe,
ba hlolokana matlung a diotswa.
8Ba ka poho tsa dipere
tse fepehileng,
tse batlang ho thokola,
monna ka mong
o lakatsa mosadi wa e mong.
9Na ha ke lokele
ho ba otlela tsee?”
ho rialo Morena.
“Na tjhaba se tjee ha se lokelwe
ke boiphetetso ba ka?
10“Kenang hara merara ya sona
le e robake,
feela le se ke la e roba
kaofela ha yona;
makala a yona le a kgaole,
hobane makala ao
hase makala a Morena.
11Ba ntlo ya Iseraele
le ba ntlo ya Juda,
ba ntlhoketse botshepehi haholo,”
ho rialo Morena.
Morena o furalla Baiseraele
12Ba ile ba latola Morena, ba re:
“Ha a ka ke a re etsa letho;
bobe bo ke ke ba re wela hodimo,
ntwa le tlala ha re sa tla di bona!
13Baporofeta bona ke moya feela,
ha ba na molaetsa
o tswang ho Morena;
a ba ke ba timele ke hona!”
14Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, o re:
“Kaha setjhaba
se buile mantswe ana,
bona, polelo tsa ka
tse tswang molomong wa hao,
ke tla di etsa mollo,
tjhaba sena e be patsi
e tjheswang ke wona.
15Wena ntlo ya Iseraele,”
ho rialo Morena,
“ke tlisa tjhaba se tswang hole
ho o futuhela,
tjhaba sa kgale, sa boholoholo,
tjhaba seo puo ya sona
o sa e tsebeng,
tjhaba seo leme le sona
o sa le tsebeng.
16Dihlajwa tsa sona
di ka bitla le ahlameng,
kaofela ke tjhaba sa dinatla,
natla tsa bahlabani.
17Se tla ja dijalo le dijo tsa hao,
se je bara le baradi ba hao;
se je mehlape ya dikgutshwane
le ya dikgomo,
se je morara le feiye ya hao.
Metse e hahetsweng marako,
eo o e tshepang,
e tla timetswa ka sabole,
e timetswe ke sera seo.
18“Leha ho le jwalo,” ho rialo Morena, “le hona matsatsing ao ha ke na ho le fedisa ho hang. 19Etlare ha batho ba botsa, ba re: ‘Ke ka baka lang ha Morena Modimo wa rona, a entse tsee tsohle ho rona?’ Wena o tla ba bolella hore Modimo o re: ‘Kaha le mphuraletse, la sebeletsa medimo esele mona naheng ya lona, kahoo le tla sebeletsa baditjhaba naheng eo e seng ya habo lona.’ ”
Morena o eletsa setjhaba sa hae
20“Bolelang tsena
ho ba ntlo ya Jakobo,
le di phatlalletse
ba ntlo ya Juda, le re:
21Mamelang tsena,
lona tjhaba se sethoto,
lona tjhaba se se nang kutlwisiso,
tjhaba se nang le mahlo
empa se sa bone,
tjhaba se nang le ditsebe
empa se sa utlwe:
22Na ha le ntshabe?”
ho rialo Morena.
“Ha le thothomele keng
ha le le kapele ho nna?
Nna ya etseditseng lewatle moedi,
ka o etsa ka lehlabathe,
moedi o sa tloheng,
oo le ke keng la o tlola?
Maqhubu a ka tsudubutlana,
a ka ke be a o tlosa!
A ka kwasa a ratile,
a ke ke be a o tlola!
23Empa tjhaba sena se manganga,
se fetohaka feela;
se se se kgelohile,
mme jwale se iketse.
24Ha se sa bua le ka dipelo, sa re:
‘A re tshabeng Morena,
Modimo wa rona,
ya re nesetsang dipula tsa hwetla,
le mafafatsane a selemo
ka nako ya teng;
ya sa keng a lebala
ho re tlisetsa
dinako tse sa fetoheng,
nako tsa ho kotula.’
25Ditshito tsa lona
di thibetse tsena,
dibe tsa lona
tsa le amoha melemo ena.
26“Batho ba kgopo ba teng
tjhabeng sa ka,
ba lallang sa batshosi ba dinonyana,
sa ba tjhehang difi
hore ba kgate batho.
27Jwalokaha serobe
se ye se tlale dinonyana,
matlo a bona le wona
a tletse thetso,
kahoo ba a matlafala,
leruo la bona le ate.
28Ba a rotoloha,
ba be moropotsana,
ketso tse kgopo tsa bona
ke tse se nang moedi;
ha ba ahlole dinyewe ka toka,
ha ba buelle dikgutsana dinyeweng,
ha ba lwanele tokelo tsa mafutsana.
29Na ha ke lokele
ho ba otlela tsee?”
ho rialo Morena.
“Na tjhaba se tjee ha se lokelwe
ke boiphetetso ba ka?
30“Ntho e tshabehang,
e nyonyehang haholo,
e etsahetse kahara naha ena:
31Baporofeta ba porofeta leshano,
baprista ba kgema le baporofeta,
tjhaba sa ka se rata
ha taba di eme jwalo.
Le tla etsang
ha tsee di fihla qetellong?”

Currently Selected:

JEREMIA 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy