YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 43

43
Jeremia o iswa Egepeta
1Hoba Jeremia a qete ho bolella setjhaba sohle mantswe wohle a Morena Modimo wa sona, mantswe wohle ao Morena Modimo wa sona, a neng a mo romme ho se bolella wona, 2bo-Asariya, mora wa Hoshaya, le Johanane, mora wa Karea, le banna bohle ba ikakasang, ba re ho Jeremia: “O bua leshano! Morena Modimo wa rona, ha a ya o roma hore o re: ‘Le se ke la ya jaka Egepeta!’ 3Ke Baruke, mora wa Neriya, ya o hlohleletsang hore o neelane ka rona matsohong a Bakalatiya, ba tle ba re bolaye, kapa ba re ise Babilona, bothopuweng.”
4Kahoo bo-Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho, le setjhaba sohle, ba se ke ba mamela lentswe la Morena, la hore ba ahe naheng ya Juda. 5Empa bo-Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho, ba nka masalla wohle a Juda, a neng a kgutletse naheng ya Juda ho tla aha ho yona, a etswa ditjhabeng tsohle tseo a neng a qhalanetse ho tsona. 6Ba nka le banna le basadi, le bana le baradi ba kgosi, le batho bohle bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi ba kgosi, a neng a ba siile le Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, le moporofeta Jeremia, le Baruke, mora wa Neriya. 7Ba fihla naheng ya Egepeta, hobane ba ne ba sa ka ba mamela lentswe la Morena. Yaba he ba fihla Tahepanehese.
8Jwale lentswe le Morena la fihla ho Jeremia ha a le Tahepanehese, la re: 9“Nka majwe a dikakawe, o a tsetele tseleng e katilweng ka ditene, e lebang tlung ya Faro e Tahepanehese, pontsheng ya banna ba Juda, 10ebe o re ho bona: ‘Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Bonang, ke tla tlisa mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, mme ke tla bea terone ya hae hodima majwe ana ao ke a tsetetseng; yena o tla hloma tente ya hae ya bokgosi hodima wona. 11Ha a fihla o tla otla naha ya Egepeta, a bolaye ba lokelang ho bolawa, a thope ba lokelang ho thopuwa, ba abetsweng sabole a ba bolaye ka sabole. 12Ke tla besa mollo ka ditempeleng tsa medimo ya Egepeta; Nebukadenesare o tla tjhesa ditempele tseo, a hape medimo eo a e ise bothopuweng. Jwalokaha modisa a ye a hlwekise kobo ya hae ka ho e runa dinta, le Nebukadenesare o tla hlwekisa naha ya Egepeta jwalo, ebe o tloha teng ka kgotso. 13O tla be a pshatle le difika tseo le di kgumamelang, tse Bete-Shemeshe, naheng ya Egepeta, ditempele tsa medimo ya Baegepeta a di tjhese ka mollo.’ ”

Currently Selected:

JEREMIA 43: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy