YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 42

42
Setjhaba se kopa Jeremia hore a se rapelle
1Yaba balaodi bohle ba mabotho le Johanane, mora wa Karea, le Jesaniya, mora wa Hoshaya, le batho bohle, ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang, ba a atamela, 2ba re ho moporofeta Jeremia: “Re a o kopa: Ako mamele thapedi ya rona o re rapelle ho Morena Modimo wa rona, o rapelle le masalla ana wohle, hobane jwalokaha o bona, re se re setse re se bakae, ha pele re ne re le bangata. 3Rapela hore Morena Modimo wa hao, a re tsebise moo re lokelang ho ya teng, le seo re lokelang ho se etsa.”
4Moporofeta Jeremia a re ho bona: “Ke le mametse; bonang, ke tla rapela Morena Modimo wa lona, ho ya kamoo le kopileng kateng, mme ke tla le bolella tsohle tseo Morena a tla di bua, ke sa le patele letho.”
5Bona ba re ho Jeremia: “Morena e be yena paki ya nnete, e tshepahalang, e tla re ahlola, haeba re ke ke ra hlompha ditaelo tsohle tseo Morena Modimo wa hao, a tlang ho di romela ho rona ka wena. 6Re tla mamela lentswe la Morena Modimo wa rona, eo re o romang ho yena, leha le ka ba monate kapa la ba bohloko, hore ditaba tsa rona di tle di tsamaye hantle, ha re mamela lentswe la Morena Modimo wa rona.”
Morena o araba thapelo ya Jeremia
7Yare hoba ho fete matsatsi a leshome, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia. 8Yaba Jeremia o bitsa Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho ba neng ba ena le yena, le batho bohle, ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang. 9A re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, eo le nthommeng ho yena ho ya le buella, o bua tjena: 10‘Haeba le ka nna la phela naheng ena, ke tla le bopa, ke se ke ka le qhalanya; ke tla le tsitsisa, ke se ke ka le diha, hobane ke inyatsetsa koduwa eo ke ileng ka e dihela hodima lona. 11Le se ke la tshaba kgosi ya Babilona, eo le e tshabang hona jwale. Le se ke la e tshaba, hobane ke na le lona, ke tla le pholosa, ke le lopolle matsohong a yona, ho rialo Morena. 12Ke tla le hauhela hore le yona e tle e le hauhele, e le kgutlisetse naheng ya habo lona.’
13“Empa haeba le re: ‘Ha re ka ke ra phela naheng ena,’ mme le sa mamele lentswe la Morena Modimo wa lona; 14eba le re: ‘Tjhe, re tla ikela naheng ya Egepeta, moo re sa tlo hlola re bona ntwa, kapa re utlwa modumo wa lenaka, leha e le hona ho bolawa ke sekoboto, mme re tla phela moo;’ 15lona he, masalla a Juda, utlwang lentswe la Morena. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Haeba le fela le ikemiseditse ho ya Egepeta ho ya jaka teng, 16sabole eo le e tshabang e tla le fumana moo Egepeta, le sekuboto seo le se tshabang se tla le sala morao ho ya fihla moo Egepeta, mme le tla shwela hona teng. 17Ho tla fela ho be jwalo ho bohle ba ikemiseditseng ho ya phela Egepeta; ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa; ha ho le ya mong wa bona ya tla phela, kapa a pheme koduwa eo ke tla e dihela hodima bona.’
18“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Jwalokaha bohale ba ka le kgalefo ya ka di ile tsa theolelwa hodima baahi ba Jerusalema, ka mokgwa o jwalo kgalefo ya ka e tla theolelwa hodima lona ha le kena Egepeta. Le tla nyediswa, le be sesomo, le rohakwe, le nyefolwe, mme le ke ke la hlola le bona sebaka sena hape.’
19“Malebana le lona Morena o itse: ‘Lona masalla a Juda le se ke la ya Egepeta.’ Tsebang hore ka letsatsi lena ke le kgalemetse, 20hobane ha le ne le nthoma ho Morena Modimo wa lona, le ne le etsa boikaketsi bo tla le timetsa, ha le re: ‘Re rapelle ho Morena Modimo wa hao; o re bolelle tsohle tseo Morena Modimo wa hao, a tla di bua, mme re tla di etsa.’ 21Ka letsatsi lena ke le boleletse tsona, empa ha le a mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, leha e le ntho efe kapa efe eo a nthommeng ho le bolella yona. 22Ka baka leo, tsebang hore ruri le tla bolawa ka sabole, le bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa, hona naheng eo le reng le ya jaka ho yona.”

Currently Selected:

JEREMIA 42: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy