YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 4

4
Eka kgona batho ba bake
1Morena o re:
“Ha o rata ho kgutla,
wena Iseraele,
kgutlela ho nna.
Ha o ka tlosa manyala a hao
mahlong a ka,
wa se ke wa hlola o kgeloha hape;
2ha o ka hlapanya
ka nna Morena ya phelang,
wa hlapanya ka nnete
le ka botshepehi, le ka ho loka,
ditjhaba tsohle
ke tla di hlohonolofatsa,
ditjhaba tsohle di tla ntlotlisa.”
3Ho banna ba Juda le ba Jerusalema, Morena o re:
“Ikgatheleng dithite tsa lona,
le se ke la jala hara meutlwa;
4bolokang selekane sa lona le nna,
le ineele nna ka pelo tsa lona tsohle,
lona banna ba Juda
le baahi ba Jerusalema;
esere kgalefo ya ka
ya laima sa malakabe,
ya tjhesa ho se ya ka e timang,
ka baka la bokgopo ba ketso tsa lona.”
Koduwa e tla hlaha leboya
5“Bolelang
kahara naha yohle ya Juda,
le phatlalletse le Jerusalema,
le re: ‘Letsang lenaka
kahara naha yohle!’
Hlabang mokgosi,
le phuthehe, le re:
‘Kgobokanang, le thee theko!
Tshabelang metseng,
metseng e sireleditsweng!’
6Phahamisang mokgele,
le lebe Sione!
Potlakelang teng, le se ka la dieha!
Ke tlisa koduwa e hlaha leboya,
koduwa eo e tla ba nanaola.”
7Tau e tswile selaong sa yona,
motimetsi wa ditjhaba o futuhile;
o tswile hae ho senya naha ya hao,
metse e be masupi, e hloke baahi.
8Apara tse mahwashe,
o lle sa mmokotsane,
kgalefo e tlokomang ya Morena
ha e a re tlohela.
9“Mohla tsatsi leo,”
ho rialo Morena,
“pelo ya kgosi le tsa mahosana
di tla nyahama,
baprista ba tla tshoha,
baporofeta ba tsielehe.”
10Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo, ruri o thetsitse setjhaba sena, le yona Jerusalema, ka ho re: ‘Le tla ba le kgotso,’ athe re se re le lekgatheng la ho bolawa ka sabole.”
11Ka nako eo ho tla bolellwa batho bana, le Jerusalema, ho thwe:
“Moya o omeletseng o tla hlaha,
o hlahe tutudung tsa lehlabathe,
o fokele tjhabeng sa ka,
o etswa lehwatateng;
ha e yo ba wa ho olosa,
ha e yo ba wa ho fefera,
12e tla ba lehodiotswana,
hobane o tswa ho nna,
ke tla be ke ba phatlalletse
le dikahlolo tsa bona.”
Juda e teelwa hare ke dira
13Sera se subuhlellana
sa maru a phethesela,
kariki tsa sona tsa ntwa
di tla sa setsokotsane,
belo la pere tsa sona
le feta la ntsu.
A rona bale! Re timetse ruri!
14Hlatswa bokgopo pelong ya hao,
o bo hlatswe, o pholohe Jerusalema;
pelo ya hao e tla kwetla mehopolo,
e kwetle mehopolo e kgopo
ho fihlela neng?
15Mokgosi o utlwahala o etswa Dane,
o hlajwa thabeng ya Efraime
ho bolela tlokotsi!
16“Tsena o di tsebise ditjhaba tsohle,
o phatlalletse le Jerusalema:
‘Mara a thibellang
a tswa naheng e hole,
a futuhela metse ya Juda
ka mehoo ya ntwa,
17a e teela hare
sa banna ba lebetse tshimo,
hobane e mphetohetse,’ ”
ho rialo Morena.
18“Boitshwaro ba hao le diketso tsa hao
ke tsona tse tlisitseng tsena,
tsa di tlisa ho wena;
bona ke bona bokgopo ba hao.
Bona kamoo bo babang kateng!
Kamoo bo o kenang pelong kateng!”
Jeremia o swabela tjhaba sa Morena
19“Ke longwa ke mala!
Ke longwa ke mala!
Botebo ba pelo ya ka
bo tletse mahlaba!
Pelo ya ka e uba kahare ho nna;
nke ke ka kgutsa,
hobane ke utlwile
modumo wa lenaka
le mokgosi wa ntwa.
20Koduwa di fihla ka ho latellana,
hobane fatshe lohle le senyehile;
hanghang tente tsa ka
di a senyeha,
masira a tsona
a tabohe ka ho panya ha ntshi.
21Ke tla bona mokgele
ho fihlela neng,
ke utlwe modumo wa lenaka
ho fihlela neng?
22“Tjhaba sa ka se thotofetse,
ha se sa ntseba,
ke tseketseke tsa bana,
ha se na kutlwisiso;
ho etsa bokgopo se ho hlalefetse,
ho etsa botle hona ha se ho tsebe.”
Jeremia o bona koduwa e tlang
23Ka tadima lefatshe, mme ka le bona
le se na sebopeho, le se na letho;
le mahodimo ha ke a tadima,
ka fumana le wona a se na leredi.
24Ka tadima dithaba,
ka bona di thothomela,
maralla wohle le wona a sisinyeha.
25Ka tadima hape,
ka bona ho se na motho,
nonyana tsohle tsa lehodimo
di balehile.
26Ka boela ka tadima,
ka bona masimo e le mehola,
metse yohle ya moo
e fetohile masupi,
e heleditswe ke Morena
ka kgalefo e tlokomang.
27Morena o bua tjena:
“Lefatshe lohle le tla senyeha,
empa ha ke na ho le timeletsa ruri.
28Kahoo lefatshe le tla ba le bofifi,
mahodimo a hodimo le wona a fifale,
hobane ke boletse, ke se ke rerile,
nke ke ka fetoha kapa ka tjhetjha.”
29Ha rata la bapalami
le ba diqha le utlwahala,
baahi ba metse yohle ba tla baleha;
ba tla kena merung,
ba hlwelle hodima mafika;
metse yohle e tla furallwa
ke baahi ba yona,
ha ho le ya mong
ya tla phela ho yona.
30O tla etsang ha o so faladitswe?
Leha o ka apara
seaparo se sefubedu,
leha o ka tlatlapela
mekgabiso ya kgauta,
fahleho sa hao
wa se tlotsa ka kgokgotsi,
ha o ka ke wa hlola o sa rateha,
baratuwa ba hao ba tla o nyedisa,
ba batle ho timetsa bophelo ba hao.
31Ke utlwile sello
se kang sa mosadi a pepa,
modumaelo o kang wa mosadi,
mosadi wa letsibolana;
sello sa moradi wa Sione
ha a fehelwa, ha a itelela,
a phakalatsa matsoho, a re:
“Ka tla ka le bona!
Bophelo ba ka
bo matsohong a babolai!”

Currently Selected:

JEREMIA 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy