YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 3

3
Baiseraele ba hloka botshepehi
1Morena o re:
“Ha monna a hlala mosadi wa hae,
mosadi a mo tlohela,
a nyalwa ke monna osele,
na monna a ka kgutlela ho yena?
Naha e ka silafala kahohle!
O bile seotswa
sa banna ba le bangata,
na o ka boela
wa kgutlela ho nna hape?”
ho rialo Morena.
2“Phahamisa mahlo
o tadime maralleng;
ke kae moo o sa kang
wa etsa bootswa teng?
O ila emela banna kathoko ho tsela,
wa ba lalla sa Moarabia lehwatateng.
O silafaditse naha ka bootswa ba hao,
wa e silafatsa le ka bokgopo ba hao.
3Kahoo mafafatsane a ile a thibelwa,
pula ya hwetla le yona
ya se ke ya na;
empa wa tiisa phatla jwaloka seotswa,
wa ngangella,
dihlong tsa se ke tsa o hlaba.
4Ha ke re o qeta ho ipiletsa,
o ipiletsa ho nna, o re:
‘Ntate, motswalle wa ka
ho tloha botjheng ba ka,
5na o tla nkgalefela kamehla,
disuwa tsa hao e be tsa mehla yohle?’
Dintho tsena tsohle o di buile,
wa etsa bokgopo bohle
ka boithatelo ba hao.”
Eka kgona Baiseraele le Bajuda ba bake
6Mehleng ya puso ya kgosi Josiya, Morena a boela a re ho nna: “Na o bone kamoo Iseraele wa mokwenehi a entseng kateng? O hlweletse hodima maralla wohle a phahameng, a ya tlasa difate tsohle tse talana, a etsetsa bootswa hona moo. 7Yare hoba a etse tsena tsohle ka re: ‘O tla kgutlela ho nna!’ Empa ha a a ka a kgutla. Jwale kgaitsedi ya hae Juda, ya hlokang botshepehi, le yena a bona tsena. 8Iseraele ya hlokang botshepehi ka mo hlala, ka ba ka mo nea lengolo la tlhalo, ka baka la tsohle tsa bokwenehi ba hae, le tsa bohlola boo a bo entseng, empa Juda, kgaitsedi ya Iseraele e hlokang botshepehi, ha a a ka a tshaba, yaba le yena o etsa bootswa. 9Kahoo Iseraele o silafaditse naha ka bootswa ba hae bo se nang dihlong, a etsa bofebe ka ho kgumamela majwe le difate. 10Empa leha tsena tsohle di etsahetse, Juda, kgaitsedi ya Iseraele e hlokang botshepehi, ha a a ka a kgutlela ho nna ka pelo ya hae yohle, o tlile ka mano feela,” ho rialo Morena.
11Jwale Morena a re ho nna: “Iseraele wa mokwenehi o iponahaditse a lokile ho feta Juda ya hlokang botshepehi. 12Eya, o yo phatlalatsa molaetsa ona ka leboya, o re:
“Kgutla, wena Iseraele
wa mokwenehi,”
ho rialo Morena.
“Ha nka ke ka hlola
ke o sosobanyetsa sefahleho,
hobane ke mohau,”
ho rialo Morena.
“Ha ke na ho o halefela
kamehla yohle.
13Dumela feela molato wa hao,
Hore o fetohetse Morena,
Modimo wa hao,
rato la hao,
wa le hafela medimo esele,
wa le hafa
o le tlasa difate di le talana;
esita le nna ha o a ntlhompha,”
ho rialo Morena.
14Morena o re: “Kgutlelang ho nna, lona bana ba kwenehileng, hobane ke nna Morena wa lona. Ke tla nka motho a le mong motseng o mong le o mong, ke nke ba babedi morabeng o mong le o mong wa Iseraele, ebe ke le isa Sione. 15Ke tla le nea babusi ba tla ntlhompha, ba tla le tsamaisa ka tsebo le ka kutlwisiso.” 16Hape Morena o re: “Matsatsing ao, etlare ha le eketseha, le anafala naheng eo, ebe batho ha ba sa bua ka areka ya selekane sa Morena! Ha ba sa tla bua ka yona kapa ba e hopole, kapa ba e hlolohelwe, mme ba ke ke ba etsa e nngwe hape. 17Ha nako eo e fihla, Jerusalema e tla bitswa terone ya Morena, ditjhaba tsohle di phuthehele Jerusalema ho ya kgumamela Morena. Tjhaba tseo di ke ke tsa hlola di etsa seo dipelo tsa sona tse manganga, tse kgopo, di lakatsang hore se etswe. 18Ka nako eo, ba ntlo ya Juda ba tla kopana le ba ntlo ya Iseraele, ba falle mmoho naheng e ka leboya, ba fallele naheng eo ke e neileng bo-ntata lona moholo hore e be lefa la lona.”
Tjhaba sa Modimo se rapela medimo ya bohata
19Yaba Morena o re:
“Ke ne ke tla thabela
ho le etsa bana ba ka,
ke le abele naha e kgahlehang,
lefa le letle
ho feta mafa a tjhaba tsohle.
Ka ba ka re:
Lona le tla mpitsa Ntate,
mme le ke ke la kgaotsa ho ntatela.
20Empa jwaloka mosadi
ya hlokang botshepehi,
a bo hloke a ba a tlohele monna,
le lona ba ntlo ya Iseraele
le ntlohetse
le ntlhoketse botshepehi.”
ho rialo Morena.
21Lentswe le llang
le utlwahetse hodima maralla,
e le dithapelo tsa bana ba Iseraele,
hoba ba kgelohile ditsela tsa bona,
ba lebetse Morena,
Modimo wa bona.
22“Kgutlang lona bana ba bakwenehi!
Bokwenehi boo ba lona
ke tla bo phekola!”
“Bona, ke rona bana,
re tla ho wena,
hobane o Morena, Modimo wa rona.
23Ho rapella hodima maralla
ha ho thuse letho,
lereberebe le hodima dithaba
ha le thuse letho;
ruri Morena, Modimo wa rona,
ke yena Mopholosi wa Baiseraele.
24Ho tloha botjheng ba rona
bo-Baale ba jele,
ba eja tse sebeditsweng
ka thata ke bo-ntata rona:
Mehlape ya dikgutshwane
le mehlape ya dikgomo,
bara ba bona le baradi ba bona.
25A re paqameng fatshe
ka dihlong tsa rona,
sekgobo sa rona se re aparele,
hoba re sitetswe Morena,
Modimo wa rona,
rona mmoho le bo-ntata rona;
ho tloha botjheng ba rona
ho fihlela kajeno,
ha re a ka ra mamela Morena,
Modimo wa rona.”

Currently Selected:

JEREMIA 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy