YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 2

2
Modimo o babeletse Baiseraele
1Lentswe la Morena la boela la mphihlela, la re:
2“Tsamaya o yo howeletsa hore baahi ba Jerusalema ba utlwe, o re Morena o bua tjena:
“ ‘Ke hopola ho nkgomarela ha hao
botjheng ba hao,
kamoo o nthatileng kateng
o sa le monyaduwa,
wa ntshala morao lehwatateng,
naheng eo ho sa jalwang,
ho sa jalwang letho ho yona.
3Ho Morena, Iseraele e ne halalela,
e le dilopotsiya tsa kotulo ya hae;
bohle ba di jang ba ne ba le molato,
bobe bo ba wela hodimo,’ ”
ho rialo Morena.
Sebe sa baholoholo ba Baiseraele
4Lona ba ntlo ya Jakobo, le ba malapa wohle a ntlo ya Iseraele, utlwang lentswe la Morena. 5Morena o bua tjena:
“Baholoholo ba lona
ba bone kgopo ba ka e le bofe,
ha ba ile ba mphuralla,
ba mathelaka mafeela,
mme jwale ba fetohile mafeela?
6Ke hobaneng
ba sa kang ba botsa, ba re:
‘O kae Morena ya re nyolotseng
naheng ya Egepeta,
yena ya ila re fetisa hara lehwatata,
naheng ya mahlabathe
le ya madumela;
naha e sekaka,
e leng naha ya matshabeho,
eo ho seng ya kila tsamaya ho yona,
eo motho a eso phele ho yona?’
7Ke le tlisitse naheng e manoni,
hore le je tholwana tsa yona
le menate ya yona;
empa ha le fihla le ile la e silafatsa,
lefa la ka la le fetola manyala.
8Baprista ha ba a ka ba re:
‘O kae Morena?’
Ditsebi tsa Molao
ha di a hlola di sa ntseba,
babusi ba setjhaba
le bona ba mphetohela;
baporofeta ba porofeta
ka lebitso la Baale,
ba latela medimo
e ke ke ya ba thusa.”
Modimo o qosa setjhaba sa hae
9“Kahoo ke tla le qosa,”
ho rialo Morena,
“ke be ke qose
le tloholwana tsa lona.
10Eyang hlekehlekeng tsa Kitime
le ke le bone,
le romele maqosa Kedare,
le hlahlobe hantle,
le bone na ho tjena
ho kile ha eba teng.
11Na tjhaba se teng
se kileng sa fetola medimo ya sona,
le hoja medimo eo
e ne le ya bohata?
Empa tjhaba sa ka se anantse nna,
nna Tlotla ya sona,
sa nkananya ka medimo
e se na thuso.
12Lona mahodimo tsotang,
le makalle sena,
le thothomele, le tshabe haholo,”
ho rialo Morena.
13“Tjhaba sa ka
se entse dibe di le pedi:
Se furaletse nna,
diba sa metsi a phoroselang,
sa itjhekela diqanthana
tseo e leng tsa sona,
qanthana tseo metsi
a ke keng a ema ka ho tsona.”
Tholwana tsa ho se tshepahale ha Baiseraele
14“Na Iseraele ke mohlanka
ya tswetsweng e le lekgoba?
Ho ya kang
ha a sa fetohile lelobelo?
15Tawana di a puruma,
di a mo kgobolaka,
naha ya hae
di e fetotse nanaola,
metse ya hae
ke masupi, ha e na baahi.
16Banna ba Nofe le ba Tahepanehese,
le bona ba se ba mmeotse lekorana.
17Na hase wena ya ipileditseng hoo
ka ho furalla Morena,
Modimo wa hao,
nakong ya ha a ne
a o tsamaisa tseleng?
18O ratelang ho ya Egepeta
ho ya nwa metsi a Shihore?
O ratelang ho ya Asiria
ho ya nwa metsi a Noka?
19Bokgopo ba hao
ke bona bo tla o otla,
ho mphuralla ha hao
hona ho o kgaleme.
Imamele ke hona o ele hloko
kamoo o babelwang
ke bokgopo ba hao,
ha o furalla Morena,
Modimo wa hao,
o bile o so sa ntshabe le ho ntshaba,”
ho rialo Morena, Modimo wa
mabotho.
Baiseraele ba hana ho kgumamela Morena
20“Joko ya hao ke kgale o no e robe,
marapo a yona wona wa a kgaola,
wa re:
‘ha ke sa tla ba lekgoba la hao!’
Yaba o hlwella hodima maralla,
tlasa difate tse talana wa lelera,
wa paqama fatshe ho etsa bootswa.
21Ke ne ke o hlomme
sa morara o motlemotle,
sa morara o jetsweng
ka peo e butswitseng;
jwale o ile wa mphuralla jwang,
wa fetoha hlahlaane
ya morara wa naha?
22Leha o ka ba itlhatswa ka sota,
wa itlhatswa ka sesepa se le sengata,
ke tla nne ke bone letheba
la molato wa hao,”
ho rialo Morena Modimo.
23“O ka bua jwang, wa re:
‘Ha ke a silafala;
ha ke a ka ka petlapetla
kamora bo-Baale?’
Hlahloba boitshwaro ba hao
ba ka kgohlong,
o nahane seo o ileng wa se etsa!
O tshwana le kamele e palesitse,
e parakanya,
e kgaohanya tsela tsa yona;
24o ka tonki e hlaha,
e tlwaetseng lehwatata,
e fofonelang moya
ha e fihletswe ke takatso;
ha e palesitse
e ka thibelwa ke mang?
Poho tse e batlang
di ke ke tsa ikgathatsa,
di tla e fumana
ka kgwedi ya ho tlolelwa.
25Kgaotsa ho tsamaya,
oto le se fellwe ke meqathatso,
mmetso wa hao
o se omelle ke lenyora.
Empa wena o itse:
‘Tjhe, ha ho na thuso!
Nna ke ithatela medimo,
medimo ya baditjhaba,
mme ke tlameha hore
ke e sale morao!’ ”
Baiseraele ba lokelwa ke kotlo
26“Jwalokaha leshodu
le hlajwa ke dihlong,
le hlajwa ke dihlong ha le tshwerwe,
Baiseraele le bona
ba hlajwe ke dihlong jwalo,
bona le dikgosi le mahosana a bona,
le baprista le baporofeta ba bona.
27Ba re ho sefate:
‘Wena o ntata rona!’
Ho lefika ba re:
‘Rona re tswetswe ke wena!’
Ba mphuraletse,
fahleho tsa bona ha di ntadime;
athe ka nako ya ditsietsi ba re:
‘Ako tle, o re pholose!’
28“E kae jwale medimo ya lona,
medimo ya maiketsetso?
A e ke e tle
haeba e tseba ho le pholosa
nakong ena ya lona ya ditsietsi!
Palo ya metse ya hao, wena Juda,
e lekana le palo ya medimo ya hao.
29“Ke ka baka lang
ha le phea kgang le nna?
Kaofela ha lona
le ba mphetohetseng,”
ho rialo Morena.
30“Ke otlile bara ba lona,
empa thuso ha e yo;
kgalemelo ya ka
ba hanne ho e mamela;
sabole tsa lona
di jele baporofeta ba lona,
tsa ba ja sa tau e harolakang.
31“Lona ba moloko ona,
mamelang lentswe la Morena:
Na ke bile lehwatata ho Baiseraele,
ka ka naha e lefifi ho bona?
Ke ka baka lang
ha tjhaba sa ka se re:
‘Rona re tla iketsetsa borata,
ha re ka ke ra kgutlela ho wena?’
32Na morwetsana a ka lebala
mekgabiso ya hae,
monyaduwa a lebala aparo tsa hae?
Empa tjhaba sa ka sona se ntebetse,
se ntebetse ka ditshiu di se na palo!
33O hlalefetse tsela tsa ho batla lerato,
o rutile le diotswa tsela tseo tsa hao.
34Aparong tsa hao madi a fumanwe,
madi a bafumanehi
ba se nang molato,
e seng madi a mashodu,
dithuamatlo.
35Empa wena o re:
‘Ha ke na molato!
Ruri kgalefo ya Morena
e tla mphapoha!’
Bona mona, nna ke tla o ahlola,
hobane o re wena ha o a etsa sebe.
36O lelera hakaale ka baka lang,
o tsamaya o kgeloha tsela tsa hao?
O tla hlabiswa dihlong ke Egepeta,
jwalokaha Asiria
e o hlabisitse dihlong.
37Le moo Egepeta, o tla kgutla,
o kgutle teng
matsoho o a beile hloohong,
hoba Morena o furaletse
bao o ba tshepang,
mme ba ke ke
ba o fumantsha katleho.”

Currently Selected:

JEREMIA 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy