YouVersion Logo
Search Icon

BAAHLODI 20

20
Baiseraele ba itokisetsa ntwa
1Bana bohle ba Iseraele, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, le naheng ya Gileade, ba tsamaya. Setjhaba sa phuthehela Misepa ho Morena, sa iketsa kgokanyana phiri. 2Baetapele bohle ba setjhaba le ba merabe yohle ya Iseraele ba ba teng phuthehong ya setjhaba sa Modimo; e le banna ba ditaaso ba dikete tse makgolo a mane, ba hlometseng ka disabole. 3Jwale ba morabe wa Benjamine ba utlwela hore bana ba Iseraele ba nyolohetse Misepa. Bana ba Iseraele ba re: “Re bolelleng hore na bokgopo bona bo etsahetse jwang?”
4Yaba Molevi eo e leng monna wa mosadi ya ileng a bolawa, o a araba, o re: “Ke ile ka fihla Gibea, naheng ya morabe wa Benjamine, ke ena le mosadi wa ka wa lefielo, hore re robaletse teng. 5Banna ba Gibea ba ntsohela matla, bosiu ba etsetsa ntlo eo ke robetseng ka ho yona sakanalankope. Ba ne ba rerile ho mpolaya, empa ba beta mosadi wa ka wa lefielo, mme a shwa. 6Ka nka setopo sa mosadi eo wa ka wa lefielo, ka se kgaola dikotwana, ka di romela naheng yohle eo Baiseraele ba e jeleng lefa, hobane Bagibea bao ba entse bohlola le manyala naheng ya Iseraele. 7Bonang, lona bana ba Iseraele, le mona bohle; rerisanang, le eletsane hona mona.”
8Setjhaba sohle sa ba ntsweleng, sa re: “Ha ho le ya mong wa rona ya tla ya lapeng la hae, mme ha ho le ya mong wa rona ya tla kgutlela ha hae. 9Seo re tla se etsa Gibea ke sena: Ba tla e futuhela ba tla ntshwa ka lotho. 10Merabeng yohle ya Iseraele re tla nka banna ba leshome ho ba lekgolo, ba lekgolo ho ba sekete, le ba sekete ho ba dikete tse leshome, ho ya batlela bahlabani dijo, e le hore ha ba fihla Gibea e naheng ya Benjamine, ba tle ba pheteletse manyala wohle ao banna ba Gibea ba a entseng naheng ya Iseraele.” 11Kahoo banna bohle ba Iseraele ba futuhela motse oo ba ikentse kgokanyana phiri.
12Merabe ya bana ba Iseraele ya romela banna morabeng wohle wa Benjamine, ya re: “Ke bokgopo bofe boo, bo etsahetseng hara lona? 13Ka baka leo, re neeng banna bao ba ditshila, ba Gibea, re tle re ba bolaye, mme re fedise bokgopo bona naheng ya Iseraele.”
Empa ba morabe wa Benjamine ba se ke ba natsa polelo ya bana babo bona, e leng bana ba Iseraele. 14Ba morabe wa Benjamine ba tswa metseng ya bona, ba phuthehela Gibea, ho ya lwantsha bana ba Iseraele. 15Ka tsatsi leo, palo ya ba morabe wa Benjamine, ba neng ba hlometse ka disabole, e ne e le banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e tsheletseng, ntle ho banna ba motse wa Gibea, ba kgethilweng. 16Banna bana bohle, ba kgethilweng, ba makgolo a supileng, e ne e le ba maqele. E mong le e mong wa bona o ne a ka betsa qoba ya moriri ka letjeketjane, mme a se ke a e fosa.
17Ntle ho ba morabe wa Benjamine, banna ba Baiseraele, ba neng ba hlometse ka disabole, e ne e le dikete tse makgolo a mane. Banna bana bohle e ne e le bahlabani.
Morabe wa Benjamine o a futuhelwa
18Setjhaba sa Iseraele sa nyolohela Bethele, ho fumana keletso ya Modimo, mme sa re: “Ke bafe ho rona ba tla futuhela bana ba Benjamine pele?”
Morena a re: “Ho tla futuha Juda pele.”
19Bana ba Iseraele ba tsoha e sa le hoseng, ba fihla ba hloma pela Gibea. 20Banna ba Iseraele ba futuhela ba morabe wa Benjamine. Banna ba Iseraele ba theela ba morabe wa Benjamine theko ya ntwa Gibea. 21Ba morabe wa Benjamine ba tswa motseng wa Gibea. Ka lona letsatsi leo ba bolaya banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi tsa bana ba Iseraele. 22Empa banna ba Iseraele ba tsoha molota, ba boela ba thea theko ya ntwa moo ba neng ba e theile teng ka letsatsi la pele. 23Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla ba le kapele ho Morena, ho fihlela ka phirimana. Ba botsa Morena, ba re: “Na re ka boela ra futuhela bana babo rona, ba morabe wa Benjamine?”
Morena a re: “Nyolohang le ba futuhele.”
24Ka letsatsi la bobedi bana ba Iseraele ba boela ba futuhela ba morabe wa Benjamine. 25Ka lona letsatsi leo la bobedi, ba morabe wa Benjamine ba tswa Gibea, ba boela ba bolaya banna ba Iseraele ba dikete tse leshome le metso e robedi. Banna bana bohle e ne e le ba hlometseng ka disabole.
26Jwale bana bohle ba Iseraele, le setjhaba sohle, ba nyolohela Bethele. Ba lla, mme ba dula kapele ho Morena. Ka letsatsi leo ba itima dijo ho fihlela ka phirimana. Ba nyehella Morena ka dinyehelo tsa setjheso le ka dinyehelo tsa teboho. 27Yaba bana ba Iseraele ba botsa Morena, hobane areka ya selekane sa Modimo e ne e sa le teng mehleng eo. 28Ka matsatsi wona ao, Finease, mora wa Eleasare, mora wa Arone, e ne e le yena ya sebeletsang kapele ho yona. Jwale a re: “Na re ka boela ra futuhela bana babo rona, ba morabe wa Benjamine, kapa re kgaotse?”
Morena a re: “Nyolohang, hobane hosasane ke tla neelana ka bona matsohong a lona.”
29Baiseraele ba lalla motse wa Gibea ba o potapotile. 30Ka letsatsi la boraro Baiseraele ba nyoloha, ba futuhela ba morabe wa Benjamine. Ba itokisetsa ho futuhela Gibea jwaloka makgetlong a mang a pele. 31Ba morabe wa Benjamine ba tswa ho futuhela setjhaba sa bana ba Iseraele. Ba ba hulela thokwana le motse, ba qala ho bolaya setjhaba, ba se etsa mofela, jwaloka makgetlong a pele. Ba ba bolaela mebileng e moholo e yang Bethele, le mmileng o yang Gibea, le hara masimo, e batlile e eba banna ba mashome a mararo ba Baiseraele. 32Ba morabe wa Benjamine ba re: “Re ba hlotse jwaloka lekgetlo la pele.”
Empa bana ba Israele ba re: “A re baleheng, re ba hulele thokwana le motse, ho ya mebileng e meholo.”
33Banna bohle ba Iseraele ba phahama moo ba neng ba le teng, ba thea theko ya ntwa, ba le Baale-Tamare. Banna ba Iseraele ba neng ba laletse ba tswa moo ba neng ba le teng, ka bophirimela ho Geba. 34Jwale bahlabani ba mokgetho wa Iseraele, ba dikete tse leshome, ba futuhela Gibea, ntwa ya eba e mahlomafubedu. Empa ba morabe wa Benjamine ba ne ba sa tsebe hore koduwa e haufi ho ba wela hodimo. 35Morena a etsa hore Baiseraele ba hlole ba morabe wa Benjamine. Ka lona letsatsi leo Baiseraele ba bolaya banna ba morabe wa Benjamine ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano le lekgolo. Banna bana bohle e ne e le ba hlometseng ka disabole.
36Ba morabe wa Benjamine ba bona hore ba hlotswe. Banna ba Iseraele ba tjhetjha kapele ho ba morabe wa Benjamine, hobane ba ne ba tshepile banna ba neng ba laletse ho potapota Gibea. 37Ba laletseng ba potlakela ho futuhela Gibea. Bao ba laletseng ba ropoha, ba bolaya bohle ba motseng oo ka sabole. 38Ho ne ho ena le tumellano ya pontsho pakeng tsa banna ba Iseraele le ba neng ba laletse, ya hore ha mosi o foqoha motseng, 39banna ba Iseraele ba boye sekwele.
Ba morabe wa Benjamine ba bolaya banna ba Iseraele ba mashome a mararo, hobane ba ne ba re: “Ruri re ba hlotse jwaloka ntweng ya pele.” 40Mosi wa foqoha motseng o entse leru le lopaletseng. Ha ba morabe wa Benjamine ba hetla, ba bona motseng ho foqoha mosi o lebang hodimo. 41Jwale banna ba Iseraele ba boya sekwele, ba morabe wa Benjamine ba kgathala matla, hobane ba ile ba bona hore koduwa e ba wetse hodimo. 42Ba morabe wa Benjamine ba baleha banna ba Baiseraele, ba nka tsela e lebang lehwatateng, empa dira tsa ba bea merebele, mme ba neng ba etswa motseng ba kena hara bona, ba ba fekefa. 43Ba etsetsa ba morabe wa Benjamine sakanalankope ba ntse ba ba phaladisa. Ba ba etsa mofela ho ya fihla ka botjhabela ho Gibea. 44Ha bolawa banna ba morabe wa Benjamine ba dikete tse leshome le metso e robedi. Banna bana bohle e ne e le bahale. 45Ba morabe wa Benjamine ba balehela nqa lehwatateng, ho ya fihla lefikeng la Rimone. Ba dikete tse hlano Baiseraele ba ba bolaela mmileng o moholo. Ba ba bea merebele ho ya fihla Gidome, mme ho bao ba boela ba bolaya ba dikete tse pedi.
46Ka letsatsi leo ba bolaya ba morabe wa Benjamine ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ba hlometseng ka disabole. Banna bana bohle e ne e le bahale.
47Yaba banna ba makgolo a tsheletseng ba ileng ba phekgoha, ba balehela nqa lehwatateng, lefikeng la Rimone, ba dula teng ka dikgwedi tse nne. 48Baiseraele ba boela ba kgutlela ho ba morabe wa Benjamine, ba ba bolaya ka sabole, ba bolaya le bohle ba motseng, le diphoofolo, le tsohle tseo ba ileng ba di fumana. Metse yohle eo ba ileng ba fihla ho yona ba e tjhesa ka mollo.

Currently Selected:

BAAHLODI 20: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy