YouVersion Logo
Search Icon

BAAHLODI 14

14
Lenyalo la Samosone
1Samosone a theohela Timina, mme ha a le hona teng a kgahlwa ke morwetsana e mong wa barwetsana ba Bafilesita. 2A nyolohela ha habo, mme a bolella batswadi ba hae, a re: “Ke kgahlilwe ke morwetsana e mong wa barwetsana ba Bafilesita, mane Timina. Ka baka leo, nqelleng yena hore e be mosadi wa ka.”
3Batswadi ba hae ba re ho yena: “Na ha ho na morwetsana hara barwetsana ba bang ka wena, kapa hara setjhaba sohle sa heso, hoo o ka ratang ho nyala mosadi hara Bafilesita baa ba maqai?”
Samosone a re ho ntatae: “Nqelle yena, hobane ke mo rata haholo.”
4Empa batswadi ba hae ba ne ba sa tsebe hore hona ho tswa ho Modimo, hobane a ne a batla monyetla wa ho lwantsha Bafilesita. Ka yona nako eo Bafilesita ba ne ba busa Baiseraele.
5Jwale Samosone a theohela Timina a ena le batswadi ba hae. Ha ba fihla masimong a morara a Timina, tawana ya purumela Samosone. 6Moya wa Morena wa theohela hodima hae ka matla, mme a tamolla tawana eo jwalokaha motho a ka tamolla potsanyane. O ne a sa nka letho matsohong a hae. Empa ha a ka a bolella batswadi ba hae seo a se entseng.
7A theohela Timina, a buisana le morwetsana eo, mme morwetsana eo a kgahla Samosone haholo. 8Kamora matsatsi a se makae, a kgutlela hape ho ya mo nyala. A kgelohela kathoko ho ya bona sefifi sa tawana, mme a fumana dinotshi di hahetse ka sefifing seo, di behetse mahe. 9A ntshetsa dinotshi tseo ka matsoho, a tswela pele, a tsamaya a ntse a eja. Yaba o kgutlela ho batswadi ba hae, a fihla a ba fa mahe a dinotshi, mme ba eja. Empa a se ke a ba bolella hore o ntsheditse mahe ana a dinotshi ka sefifing sa tawana.
10Ntatae a theohela habo morwetsana, mme Samosone a etsa mokete teng, hobane hona e ne e le tlwaelo ya bahlankana. 11Ha Bafilesita ba mmona, ba romela bahlankana ba mashome a mararo ho ya hlola le yena.
12Samosone a re ho bona: “Ke a le lotha. Ha le ka la ntlhalosetsa selotho sena matsatsi a supileng a mokete a eso fete, mme la se nepa, ke tla le nea dihempe tse mashome a mararo tse entsweng ka lesela la lene, le diaparo tse mashome a mararo tsa mokgabo. 13Empa haeba le hlolwa ho ntlhalosetsa sona, ke lona ba tla nnea dihempe tse mashome a mararo, tse entsweng ka lesela la lene, le diaparo tse mashome a mararo tsa mokgabo.”
Yaba ba re ho yena: “Re lothe, re ke re utlwe!”
14A ba lotha, a re:
“Dijewang di tswile ka ho maja,
dimonate di tswile ka ho ya matla.”
Ba hlolwa ho hlalosa selotho ka matsatsi a mararo.
15Ka letsatsi la bosupa ba re ho mosadi wa Samosone: “Qeka monna wa hao hore a re hlalosetse selotho sena, esere ra o tjheseletsa ka tlung ya ntatao. Na le re memetse ho tla re futsanehisa? Ha ho jwalo?”
16Mosadi wa Samosone a itshela ka dikgapha, a re ho yena: “Ruri o ntlhoile, ha o nthate. O lothile baheso, empa ha o eso ntlhalosetse selotho seo.”
Yaba Samosone o re ho yena: “Bona mona, esita le batswadi ba ka ha ke a ka ka ba bolella. Jwale wena o re ke o bolelle?” 17A mo llela ka matsatsi a supileng a mokete, mme ka letsatsi la bosupa a mmolella tlhaloso ya sona, hobane mosadi o ne a sa mo fe tshweya. Mosadi eo a ya bolella ba habo.
18Ka letsatsi la bosupa, pele letsatsi le dikela, banna ba motse ba re ho yena:
“Ho monate ho fetisa dinotshi ke hofe?
Ho matla ho feta tau ke hofe?”
Samosone a re ho bona: “Hoja le se leme ka pholo ya ka, le ka be le sa hlalosa selotho sa ka!”
19Moya wa Morena wa theohela hodima hae ka matla, yaba o theohela Ashekelone, teng a bolaya banna ba mashome a mararo. A nka diaparo tsa bona, a nea banna ba ileng ba mmolella tlhaloso ya selotho sa hae diaparo tsa mokgabo. Kgalefo ya hae ya tlokoma, a nyolohela lapeng habo. 20Yaba mosadi wa Samosone o newa molekane wa Samosone, eo e neng e le moetsana wa hae.

Currently Selected:

BAAHLODI 14: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy