YouVersion Logo
Search Icon

BAAHLODI 13

13
Tswalo ya Samosone
1Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Morena a neelana ka bona matsohong a Bafilesita ka dilemo tse mashome a mane.
2Ho ne ho ena le monna ya bitswang Manowa, ya neng a ahile Sora. E ne e le wa morabe wa Dane. Mosadi wa hae e ne e le nyopa. 3Lengeloi la Morena la itlhahisa ho mosadi eo, la re ho yena: “Bona, o nyopa, empa o tla emola, o belehe ngwana wa moshanyana. 4Ka baka leo, hlokomela hle, o se ke wa ba wa nwa veine, kapa seno se tahang; o se ke wa ja ntho efe kapa efe e silafetseng. 5Bona, o tla emola, mme o belehe mora. O se ke wa ba wa beola moriri wa hae, hobane ho tloha popelong ngwana enwa e tla ba mokgethwa wa Modimo, mme o tla qala ho namolela Baiseraele matsohong a Bafilesita.”
6Yaba mosadi enwa o ya ho monna wa hae, o fihla a re: “Moromuwa wa Modimo o ile a fihla ho nna, mme tshobotsi ya hae e ne e tshwana le ya lengeloi la Modimo, e tshosa. Ha ke a ka ka mmotsa hore na o tswa kae, le yena ha a a ka a mpolella lebitso la hae. 7O ile a re ho nna: ‘Bona, o tla emola, mme o belehe mora. O se ke wa nwa veine, kapa seno se tahang, mme o se ke wa ja ntho efe kapa efe e silafetseng, hobane ho tloha popelong, ho fihlela a eshwa, ngwana eo e tla ba mokgethwa wa Modimo.’ ”
8Jwale Manowa a rapela Morena, a re: “Oho, Morena, moromuwa wa Modimo, eo o ileng wa mo roma, a ke a tle ho rona hape, ke a o kopa, a tlo re ruta seo re tla se etsa ho ngwana ya tla tswalwa.”
9Modimo a mamela kopo ya Manowa, mme lengeloi la Morena la boela la fihla ho mosadi a ntse a dutse hara tshimo, empa Manowa, monna wa hae, o ne a le siyo moo ho mosadi. 10Mosadi a matha ka potlako, a ya bolella monna wa hae, a re ho yena: “Hela, monna yane ya ileng a fihla ho nna ka tsatsi lane, o boetse o itlhahisitse ho nna hape.”
11Manowa a ema, a latela mosadi wa hae; a fihla ho monna eo, mme a re ho yena: “Na ke wena monna ya ileng a bua le mosadi eo?”
Yaba monna eo o re: “Ke nna.”
12Manowa a re: “Ha mantswe a hao a se a phethahetse, moshanyana eo o tla hodiswa jwang? O tla etsa eng?”
13Lengeloi la Morena la re ho Manowa: “Ho hlokomelwe tsohle tseo ke di boleletseng mosadi. 14Mosadi a se ke a ja letho la tsohle tse tswang morareng, a se ke a nwa veine, leha e le seno se tahang, mme a se ke a ja ntho efe kapa efe e silafetseng. A ke a boloke tsohle tseo ke mo laetseng tsona.”
15Manowa a re ho lengeloi la Morena: “A re ke re o tshwarelle ho se hokae, re ke re o hlabele potsanyane.”
16Lengeloi la Morena la re ho Manowa: “Le hoja le ntshwarella, nke ke ka ja dijo tsa lona, empa haeba le etsa nyehelo ya setjheso, le e nyehelle Morena.” Manowa o ne a sa tsebe hore eo ke lengeloi la Morena.
17Manowa a boela a re ho lengeloi la Morena: “Lebitso la hao o mang, e le hore ha dipolelo tsa hao di phethahala re tle re o tlotle?”
18Yaba lengeloi la Morena le re ho yena: “Ke hobaneng ha o mpotsa lebitso la ka, empa lebitso la ka e le sephiri?”
19Yaba Manowa o nka potsanyane, le nyehelo ya dijo, mme o nyehella Morena ka tsona hodima lefika. Ha bo-Manowa le mosadi wa hae ba shebeletse, Morena a etsa ntho e hlollang, 20lelakabe la tlola hodima aletare, la nyolohela lehodimong, lengeloi la Morena la nyoloha le le kahara lelakabe leo le tswang aletareng. Bo-Manowa le mosadi wa hae ba bona hona, mme ba itihela fatshe ka difahleho. 21Empa lengeloi la Morena la se ke la hlola le itlhahisa ho Manowa le mosadi wa hae. Jwale Manowa a tseba hore efela e ne e le lengeloi la Morena.
22Manowa a re ho mosadi wa hae: “Ruri re tla shwa, hobane re bone Modimo.”
23Empa mosadi wa hae a re ho yena: “Haeba Morena a ne a rata ho re bolaya, a ka be a sa ka a ananela nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo e tswang matsohong a rona. Hape a ka be a sa ka a re bontsha dintho tsena tsohle, mme a ka be a sa ka a re bolella dintho tse kang tsena, ka nako ena.”
24Mosadi a beleha ngwana wa moshanyana, a mo rea lebitso la Samosone. Ngwana a nna a hola, mme Morena a mo hlohonolofatsa. 25Moya wa Morena wa qala ho mo susumetsa ha a le Mahaneha-Dane e pakeng tsa Sora le Eshetaole.

Currently Selected:

BAAHLODI 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy