YouVersion Logo
Search Icon

JAKOBO 4

4
Ho se etse setswalle le lefatshe
1Dintwa le diqabang tse hara lona di bakwa keng? Na ha di bakwe ke ditakatso tse mpe tse lwanang ka ho lona? 2Le a lakatsa, empa ha le fumane. Le a bolaya, le na le mohono, empa ha le atlehe. Le a qabana, le a lwana; ha le fumane letho, hobane ha le kope ho Modimo. 3Le a kopa, empa ha le fumane letho, hobane le kopa ka mokgwa o mobe, hore le tle le kgotsofatse ditakatso tsa lona.
4Lona bakwenehi, na ha le tsebe hore ho etsa setswalle le lefatshe ke bora ho Modimo? Mang le mang ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe o iketsa sera sa Modimo. 5Kapa le hopola hore Mangolo ha a bolele letho, ha a re: “Moya oo Modimo a o kentseng ho rona o o boulela haholo?” 6Empa Modimo o re neile mohau o moholo ka ho fetisa. Ke ka hona ho thweng:
“Modimo o lwantsha
ba ikgohomosang,
athe baikokobetsi
o a ba hauhela.”
7Ka baka leo, ikokobeletseng Modimo. Lwantshang Diabolosi, mme o tla le baleha. 8Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona. Lona baetsadibe, hlatswang matsoho a lona; lona ba qeaqeang, hlwekisang dipelo tsa lona. 9Lemohang bosoto ba lona, le hlomohe, le bokolle; letsheho la lona le fetohe dillo, thabo ya lona e fetohe maswabi. 10Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa.
Ho ahlola ngwaneno
11Bana beso, le se ke la buana hampe. Ya buang ngwanabo hampe, kapa ya mo ahlolang, o bua molao hampe, mme o a o ahlola. Haeba o ahlola molao, ha o sa le ya phethang molao, empa o se o le ya ahlolang. 12O mong feela moetsi wa molao le moahlodi: Ke ya nang le matla a ho pholosa le ho timetsa. Ebe wena o mang o ka ahlolang wa heno?
Kotsi ya boithoriso
13Mamelang, lona ba reng: “Kajeno kapa hosasane re tla ya motseng o itseng, moo re tla hlola teng selemo sohle, re hwebe, re tle re rue.” 14Ha le tsebe hore na la hosasane le tla le tlela le eng, kapa bophelo ba lona bo tla ba jwang, hobane le tshwana feela le mohodi, o bonahalang nakwana, o nto nyamela. 15Bakeng sa ho re: “Ha Morena a rata, re tla phela, re etse hona kapa hane,” 16jwale le a ikakasa, mme le a ithorisa. Boithoriso bohle bo jwalo bo bobe. 17Ka baka leo, ya tsebang ho etsa ho hotle, empa a sa ho etse, o etsa sebe.

Currently Selected:

JAKOBO 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy