YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 66

66
Morena o ahlola ditjhaba
1Morena o bua tjena:
“Lehodimo ke terone ya ka,
lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka.
E kae ntlo eo ba nkgahelang yona?
Se kae sebaka
seo ke tla phomola ho sona?
2Ntho tsena tsohle di entswe ke nna,
ka di etsa, mme jwale di teng,”
ho rialo Morena.
“Ya tjena ke yena eo ke mo ratang:
Ya ikokobeditseng,
ya moya o robehileng,
ya thothomelang
ha a utlwa lentswe la ka.
3Empa ya etsang mahlabelo ka poho,
o tshwana le mmolai wa motho;
ya etsang nyehelo ka konyana,
o tshwana le ya robang ntja molala;
ya etsang nyehelo ka dijo,
o tshwana le ya nyehelang
ka madi a kolobe;
ya tjhesang mokubetso
ho etsa kgopotso,
o tshwana le ya kgumamelang
modimo wa bohata.
E, ba ikgethetse tsela tsa bona,
meya ya bona
e thabela manyala a bona.
4Le nna ke tla ba otla
ka kotlo e bohloko,
ke ba tlisetse sona
seo ba se tshabang.
Ha ke ne ke bitsa,
ha ho ya kila arabela,
ha ke ne ke bua,
ha ba a ka ba mamela.
Ba entse bobe
moo ke ntseng ke ba shebile,
ba ikgethela dintho
tse sa nthabiseng.”
5Lona ba thothomelang
ha Morena a bua,
mamelang dipolelo tsa hae:
“Bana babo lona ba le hloileng,
ba le kgesang
ka baka la lebitso la ka, ba re:
‘Morena ha a ke a tlotliswe,
re bone thabo ya lona!’
Empa bona
ba tla hlajwa ke dihlong.
6Utlwang morusu
o tswang kahara motse!
Utlwang lerata
le tswang ka Tempeleng!
Ke modumo o tswang ho Morena,
o putsa dira tsa hae
ho ya ka mesebetsi ya tsona.
7“Mosadi o belehile
a eso utlwe mahlaba a pelehi,
a beleha mora, mahlaba a pelehi
a eso mo fihlele.
8Ya kila utlwa ntho e tjee ke mang?
Ya kila bona ntho tse tjee ke mang?
Na fatshe le ka boptjwa
ka tsatsi le le leng,
kapa sona setjhaba
sa tswalwa ka motsotswana?
Eitse ha Sione e utlwa
mahlaba a pelehi,
yaba e beleha
bana ba yona hanghang.
9Na nka fihlisa mosadi
kgatheng la ho beleha,
yaba ke thibela
ho tswalwa ha ngwana wa hae?”
ho rialo Morena.
“Na ke ye ke kwale
popelo ya mosadi,
ke e kwale ka nako ya pelehi?”
ho rialo Modimo wa hao.
10“Lona bohle ba ratang Jerusalema,
thabang le nyakalle mmoho le yona;
lona bohle ba e llelang,
thabang haholo mmoho le yona.
11Matsweleng a yona
le tla anya le kgotsofale,
le tshedisehe, le mokonye haholo,
le thabele ho sisa ha yona.”
12Morena o bua tjena:
“Ke tla e tlisetsa kgotso
sa noka e tletseng,
ke e tlisetse maruo a ditjhaba
sa nokana e tletse tswete!
E tla le anyesa,
e le sike ka matsoho a yona,
lona le bapalle mangweleng a yona.
13Jwalokaha mosadi
a bobisa ngwana wa hae,
le nna ke tla le tshedisa jwalo,
ke le tshedise le le Jerusalema.”
14Ha le bona tsena
pelo tsa lona di tla nyakalla,
le tlokome jwaloka jwang
ha bo tlokoma.
Bahlanka ba Morena
ba tla tseba matla a hae,
dira tsa hae tsona
di bone kgalefo ya hae.
15Bonang,
Morena o tla a le hara mollo,
kariki tsa hae tsa ntwa
di ka setsokotsane,
kgalefo ya hae e tlokomang
o e dihela ka mabifi,
malakabe a mollo
ke yona kgalemo ya hae.
16Morena o tla ahlola bohle
ka mollo le ka sabole,
bao a tla ba bolaya
e tla ba boiyane.
17“Ba ikgalaletsang, ba itlhwekisang,
ba itlhwekisetsa
ho kgumamela medingwana,
ho e kgumamela masimong,
ba emeng kamora sefate
se bohareng ba tshimo,
ba jang nama ya dikolobe
le ya ditweba, le tse manyala,
bana ba tla timetswa kaofela,”
ho rialo Morena.
18“Ke tseba diketso tsa bona
le mehopolo ya bona;
nako e tla fihla,
ke kgobokanye ditjhaba,
le ba dipuo tsohle,
bohle ba tla tla
ba bohe tlotla ya ka.
19“Ke tla etsa pontsho hara bona,
ba phonyohileng
ke ba romele ditjhabeng
tsa Tarshishe, le Pule, le Lode,
e leng tsona tse tummeng
ka ho fula ka metsu.
Ke tla ba romela Tubale le Jafane,
le dihlekehlekeng tse hole,
tse eso utlwe botumo ba ka,
tse eso bone le yona tlotla ya ka;
ba tla phatlalatsa
tlotla ya ka hara ditjhaba.
20Ba tla tlisa bana babo lona bohle,
ba ba tlise ba etswa ditjhabeng,
ba ba tlise ho Morena e le nyehelo,
ba ba tlise ba palame dipere,
le kariki tsa ntwa le makoloi,
ba ba tlise
ba palame dimmeile le dikamele,
ba ba tlise Jerusalema,
thabeng ya ka e halalelang,”
ho rialo Morena.
“Ba tla ba tlisa sa bana ba Iseraele,
ba tlisa nyehelo,
ba e tlisa ka Tempeleng ya Morena,
ba e tlisa
e le ka janeng se hlwekileng.
21Ba bang ba bona
ke tla ba etsa baprista,
ke ba etse Balevi,”
ho rialo Morena.
22“Jwalokaha mahodimo a matjha
le lefatshe le letjha,
e leng dintho tseo ke tla di bopa,
di tla ba kapele ho nna kamehla,”
ho rialo Morena,
“ditloholo tsa ona
di tla hlola jwalo,
le lona lebitso la lona
le hlole jwalo.”
23Morena o re:
“Batho bohle ba tla nkgumamela,
ba nkgumalele
ha kgwedi ka nngwe e thwasa;
ba nkgumamele
ka Sabatha se seng le se seng.
24Ba tla tsamaya, ba yo bona ditopo,
topo tsa ba ileng ba ntshitelwa;
boko tse ba jang
ha di ka ke tsa eshwa,
mollo o ba tjhesang
ha o ka ke wa tima,
mme batho bohle
ba tla ba nyonya.”

Currently Selected:

ESAYA 66: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy