YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 63

63
Morena o hlola ditjhaba tsohle
1Eo ya tswang Edomo
ekaba ke mang,
ya tswang Bosera
aparo tsa hae di le kgubedu?
Eo ya apereng tse ntlentle
ekaba ke mang,
ya hwantang
ka bonatla bo boholo ba hae?
“Ke nna ya buang ka tsa ho loka,
ke nna ya nang le matla,
matla a ho pholosa!”
2Ke hobaneng ha aparo tsa hao
di le kgubedu,
e ka tsa ya tlabikelang
tlhotlelo sa veine?
3“Ke tlabiketse tlhotlelo sa veine
ke le inotshi,
hara baditjhaba
ha ho ya kileng a ba le nna.
Ke ile ka ba hatakela ke halefile,
ka ba tlabikela
ke loloma ke kgalefo;
madi a bona
a qaphaletsa aparo tsa ka,
kobo tsohle tsa ka
tsa silafatswa ke madi ao.
4Ke hopotse tsatsi
leo ke tla iphetetsa ka lona,
lemo sa topollo le sona
se se se fihlile.
5Ka qamaka kahohle,
empa ka hloka mothusi,
ka makala haholo
ha ke bona ho se motshehetsi;
yaba tsa pholoho
ke di sebetsa ka letsoho la ka,
kgalefo ya ka
ya eba yona motshehetsi wa ka.
6Ke ile ka hatakela ditjhaba
ke halefile,
ka di tsherehanya
ke loloma ke kgalefo,
madi a tsona ka a tshollela fatshe.”
Molemo wa Morena ho Baiseraele
7Ke tla bolela
tsa rato la Morena le sa feleng,
le ketso
tseo a lokelang ho di rorisetswa,
ho ya ka tsohle
tseo a re etseditseng tsona,
melemo e meholo
ho ba ntlo ya Iseraele,
eo a ba abetseng yona
ho ya ka mehauhelo ya hae,
le ho ya ka ketso tsa hae
tsa lerato, tse ngata.
8“Ruri ke tjhaba sa ka,”
ho rialo Morena,
“bana ba ka
ba ke keng ba bua leshano;”
kahoo ya eba yena Mopholosi,
Mopholosi wa bona,
9matshwenyeho wohle a bona
le yena a mo tshwenya.
Hase lengeloi le ba pholositseng,
ba pholositswe ke Morena ka seqo,
ka lerato le ka mohau wa hae
a ba lopolla;
ho tloha kgale a ba nka,
a ba a ba jara.
10Empa ba fetohela Morena,
Moya o Halalelang ba o swabisa,
ka baka leo,
yena a fetoha sera sa bona,
a ba lwantsha e le yena ka seqo;
11ke ha ba hopola matsatsi a fetileng,
ba hopola Moshe le tjhaba sa habo,
ba re: “O kae
ya neng a tshedise modisa,
a mo tshedisa
le mohlape wa hae lewatleng?
O kae ya neng a theole
Moya o Halalelang wa hae,
a o theolela hodima Moshe?
12O kae ya neng a tataise
tsoho le letona la Moshe,
a le tataisa
ka tsoho le tlotlehang la hae;
ya neng a arohanye metsi
kapele ho bona,
a etsa hore bitso la hae
le tume kamehla yohle?
13O kae ya neng a ba tshedise,
a ba tshedisa hara madiba?”
Jwaloka pere e sa kgoptjweng
hara lehwatata,
le bona ha ba tshela
ha ba a ka ba kgoptjwa.
14Jwaloka dikgomo tse theohelang
kahara kgohlo,
Moya wa Modimo
o ile wa ba phomotsa.
Tjhaba sa hao o se tataisitse tjena,
hore o iketsetse lebitso le tlotlehang.
Thapelo e kopang mohau le thuso
15Wena ya leahong la hao
le halalelang, le tlotlehang,
tadima fatshe,
o le lehodimong, o bone!
E kae tjheseho ya hao,
a kae matla a hao?
E kae kutlwelobohloko ya hao,
o kae mohau wa hao?
Oho, Morena,
o re hanetse ka tsona!
16Wena Morena, ke wena ntata rona,
le hoja Aborahama a sa re tsebe,
le Iseraele a sa re letho ka rona,
oho, wena Morena,
ke wena ntata rona,
Molopolli wa rona:
Ke bitso la hao la kamehla yohle.
17O re tloheletseng, Morena,
ho kgeloha tsela tsa hao?
O thatafaleditseng pelo tsa rona,
hore re se ke ra o tshaba?
Kgutla ka baka la rona
bahlanka ba hao,
rona merabe eo e leng lefa la hao.
18Ke hobaneng ha ba kgopo
ba futuhetse Sehalalelo sa hao,
dira tsa rona di hataketse
baka se halalelang sa hao.
19Re tshwana le bao o eso ba buse
ho tloha kgale,
ba eso ka ba bitswa
ka lebitso la hao.

Currently Selected:

ESAYA 63: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy