YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 51

51
Jerusalema e a tshediswa
1“Lona ba labalabelang ho loka,
mmameleng,
le lona ba batlang Morena:
Tadimang lefika
leo le kgephotsweng ho lona,
le morafo
oo le tjhekilweng ho wona.
2Tadimang ho ntata lona,
ntata lona Aborahama,
le tadime le ho Sara
ya le belehileng.
Ha ke bitsa Aborahama
o ne a se na ngwana,
ka mo hlohonolofatsa,
ka ba ka mo anafatsa.
3“E, Morena
o tla utlwela Sione bohloko,
a utlwele bohloko
masupi wohle a yona,
mafeella ao a a fetole
a be jwaloka Edene,
mahwatata a yona
a be jwaloka rapa sa Morena.
Thabo le nyakallo
di tla fumanwa ho yona,
ho utlwahale mantswe
a pina tsa diteboho.
4“Lona batho ba ka,
a le ke le mamele!
Lona tjhaba sa ka
ntshekeheleng tsebe!
Molao o le tsamaisang
o tla tswa ho nna,
kahlolo ya ka
e be sedi le bonesetsang ditjhaba.
5Ho loka ha ka ho se ho atametse,
ho pholosa ha ka ho se ho le tseleng,
toka e tla tlisetswa ditjhaba
ke letsoho la ka.
Ba dihlekehlekeng
ba tla ntebella ka tjheseho,
ba lebelle ka tshepo
ho sireletswa ke tsoho la ka.
6Lelatsang mahlo
le tadime mahodimong,
le be le tadime le tlase, lefatsheng;
mahodimo a tla nyamela
sa mosi ha o nyamela,
lefatshe le tsofale jwaloka seaparo,
baahi ba lona ba shwe
jwaloka dintsintsi.
Empa ho pholosa ha ka
ke ha kamehla yohle,
le ho loka ha ka
ha ho ka ke ha fediswa.
7“Lona ba tsebang se lokileng,
mamelang!
Lona tjhaba se tsebang molao wa ka,
tjhaba seo molao wa ka
o leng ka pelong tsa sona:
Le se ke la tshaba
ha batho ba le nyefola,
kapa la tshoswa ke mahlapa a bona.
8Tshwele e tla ba ja
sa ha e eja seaparo,
seboko se ba je
jwalokaha se eja boya.
Empa ho loka ha ka
ho tla hlola kamehla yohle,
ho pholosa ha ka
e be ha meloko yohle.”
9Morena tsoha!
Tsoha o re thusetse
ka tsoho la hao le matla!
O tsohe
jwaloka mehleng ya kgalekgale,
o tsohe
jwaloka melokong ya boholoholo.
Na hase wena
ya neng a kgabelake Rahaba?
Na hase wena
ya neng a kgehlepele kganyapa?
10Na hase wena
ya neng a pshese lewatle,
ya neng a pshese metsi
a bodibabohalo?
Ya neng a bule tsela
bodibeng ba lewatle,
hore ba lopolotsweng
ba tle ba tsebe ho tshela?
11Balopollwa ba Morena ba tla kgutla,
ba kene Sione ba bina ka nyakallo,
thabo ya kamehla yohle
e be mefapahlooho ya bona,
thabo le nyakallo di ba aperele,
maswabi le masisapelo
wona a ba tlohele.
12“Nna, nna ke inotshi,
ke nna ya le tshedisang.
O mang wena o tshabang batho,
dibopuwa tse shwang?
O tshabang batho
ba itshwanelang le jwang feela?
13O leballang Morena,
e leng Mmopi wa hao,
yena ya ileng a ala mahodimo,
a ba a rala metheo ya lefatshe?
O phelelang ka tshabo,
ka matsatsi wohle,
ka baka la kgalefo ya mohatelli
ya rerileng ho o timetsa?
E kae kgalefo ya mohatelli eo?
14Bathopuwa ba matswalong
ba kgatheng la ho lokollwa,
ha ba ka ke ba shwela
ka tjhankaneng ya bona,
ha ba ka ke ba hloka
leha e le bohobe.
15“Ke nna Morena Modimo wa hao,
ya fuduhang lewatle
hore maqhubu a lona a hwase;
Morena wa mabotho
ke lona lebitso la hae.
16Dipolelo tsa ka
di tla tswa molomong wa hao,
ke o sireleditse
ka moriti wa seatla sa ka,
ke nna ya beileng mahodimo
tulong tsa wona,
ke nna
ya radileng metheo ya lefatshe,
ke nna ya reng ho Sione:
‘O setjhaba sa ka.’ ”
Pheletso ya ditsietsi tsa Jerusalema
17Tsoha! Tsoha!
Ema wena Jerusalema,
wena ya nweleng senwelo sa kgalefo,
sa kgalefo ya Morena
se le atleng sa hae,
wena ya minyeletsang maritsa,
maritsa a jwala bo tsekedisang batho.
18Hara bohle ba mala a hae,
ha ho ya mo tataisang,
hara bao a ila ba hodisa,
ha ho ya mo tshwarang ka letsoho.
19Koduwa tse pedi tsena
di o wetse hodimo;
ya ka o tshedisang ekaba ke mang?
O wetse ke tshenyeho le tahleho,
o wetswe ke sekoboto le sabole;
ya ka o thobang pelo
ekaba ke mang?
20Baahi ba hao ba akgehile,
ba rapaletse dihukung,
hukung tsa diterata tsohle,
ba jwaloka kgama
e tshwasitswe lerabeng.
Ba pipitletswe ke kgalefo ya Morena,
le yona kgalemo ya modimo wa hao.
21Ka baka lena, mamela mona,
wena ya otlilweng,
ya tahilweng,
le hoja o sa tahwa ke veine.
22Morena, Morena wa hao,
Modimo wa hao,
yena ya buellang tjhaba sa hae,
o bua tjena: “Bona!
Ke phamotse letsohong la hao
senwelo se neng se o tsekedisa;
senwelo seo sa kgalefo ya ka
o ke ke wa hlola
o nwela ho sona hape.
23Ke tla se bea matsohong
a batubi ba hao,
bona ba ileng ba re ho wena:
‘Paqama fatshe,
re tle re o tsamaye hodimo!’
Wa etsa hore
mokokotlo wa hao o ke lefatshe,
o ke mmila
oo ho tsamauwang ho wona.”

Currently Selected:

ESAYA 51: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy