YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 47

47
Babilona e a ahlolwa
1“Theoha teroneng,
o dule leroleng,
Wena morwetsana,
moradi wa Babilona;
itulele fatshe,
o theotswe teroneng,
wena moradi wa Bakalatiya.
Ha o sa tla bitswa ya bonojwana,
ya bokotswang.
2Nka lelwala, o sile phofo,
lesira la hao lona o le role.
Nyolla mese ya hao,
ditlhafu di hlahe,
ebe jwale o tseba ho tshela dinoka.
3Bofeela ba hao bo tla pepeseha,
dihlong tsa hao di se ke tsa pateha.
Ke tla iphetetsa,
ha ke na ho qenehela motho.”
4Molopolli wa rona
bitso la hae ke Morena wa mabotho,
ke Ya Halalelang wa Iseraele.
5“Dula o kgutsitse,
o kene hara lefifi,
wena moradi wa Bakalatiya,
ha o sa tla bitswa
mofumahadi wa mebuso.
6“Ke ne ke halefetse setjhaba sa ka,
ka hlompholla lefa la ka;
ka neelana ka sona
matsohong a hao,
mme wena wa se hlokela mohau.
Esita le maqheku ao e se le mobu,
wa a belesa joko e boimahadi.
7“Yaba wena o re:
‘Ke tla nne ke be mofumahadi,
ke be yena kamehla yohle!’
Empa tsena ha wa ka wa di nahana,
kapa wa hopola pheletso ya tsona.
8“Jwale mamela,
wena ya ratang boithabiso,
wena ya iphelelang a sa natse letho,
wena ya ntseng a ithetsa, ka ho re:
‘Ho re nna feela,
ha ho pohopedi ntle ho nna!
Nke ke be ka ba mohlolohadi
le kgale,
le ho shwelwa ke bana
nke ke ka ho tseba!’
9Empa tsena tse pedi
di tla o kgaoletsa,
ka ho panya ha ntshi,
ka tsatsi le le leng:
Ho shwelwa ke bana
le ho ba mohlolohadi.
Di tla o wela hodimo
ka matla a maholo,
di sa re letho ka boloi ba hao,
di sa re letho ka boreba ba hao.
10“O ile wa thepa bokgopo ba hao,
wa ba wa re: ‘Ha ho ya mponang!’
Wa kgeloswa ke bohlale
le tsebo ya hao,
ka pelong ya hao wa ithetsa, wa re:
‘Ho re nna feela,
ha ho pohopedi ntle ho nna!’
11Kahoo o tla welwa
ke koduwa hodimo,
ha o na ho tseba le ho e upa;
o tla welwa ke bomadimabe hodimo,
o ke ke wa tseba
ho bo qhelela thoko;
timelo le yona e tla o wela hodimo,
e o tsometse o sa ka wa tseba.
12“Itswelle pele ka boreba ba hao,
le ka boloi ba hao bo se nang palo,
boo esale o bo emella
ho tloha botjheng ba hao!
Mohlomong
bo tla o tlisetsa katleho,
mohlomong
ka bona o tshose dira tsa hao!
13O ikgathaditse feela
ka keletso tse ngatangata!
Jwale bitsa balepi ba hao,
balepi ba hao ba dinaledi,
dinohe tse o senolelang diketsahalo,
tsa kgwedi le kgwedi,
di ke di o pholose
ho tsena tse o tlelang.
14“Ha e le bona,
ba tla tshwana le dirite feela
mollo o tla ba tjhesa, ba tjhelle lore!
Ba ke ke ba ipholosa
kganareng ya malakabe,
ana hase mashala
a ka futhumetsang motho,
ona hase mollo
o ka orwang ke motho.
15Ke sona feela
seo ba ka o etsetsang sona,
bana bao o sebeditseng le bona,
bao esale o hweba le bona
ho tloha botjheng ba hao.
E mong le e mong
o ikela ka tsela ya hae,
ha ho le ya mong wa bona
ya ka o pholosang.”

Currently Selected:

ESAYA 47: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy