YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 43

43
Modimo o tshepisa ho lopolla Iseraele
1Empa jwale, ke sena
seo Morena a se bolelang,
yena ya o bopileng, wena Jakobo,
yena ya o entseng, wena Iseraele:
“O se ke wa tshaba,
hobane ke o lopolotse;
ke o bitsitse ka lebitso,
ke o bitsitse, o wa ka.
2Ha o tshela hara madiba
ke tla ba le wena;
ha o tshela dinoka
ha di ka ke tsa o nka.
Ha o tsamaya hara mollo
ha o ka ke wa tjha,
malakabe ha a ka ke a o tjhesa.
3Ke nna Morena Modimo wa hao,
Ya Halalelang wa Iseraele,
Mopholosi wa hao;
ke fana ka Egepeta
hore ke o lopolle,
ke fana ka Kushe le Seba
bakeng sa hao.
4Kaha o bile ntho ya bohlokwa,
o hlompheha mahlong a ka,
hobane ke o rata,
ke tla fana ka batho
bakeng sa hao,
ke fane ka ditjhaba
bakeng sa bophelo ba hao.
5O se ke wa tshaba,
hobane ke na le wena;
ditloholo tsa hao
ke tla di lata botjhabela,
ke o bokelle o etswa bophirimela.
6Ho batho ba ka leboya ke tla re:
‘Neelanang ka bona!’
Ho ba ka borwa ke re:
‘Le se ke la hana ka bona!’
Kgutlisang bara ba ka
ba etswa hole,
le baradi ba ka
ba dipheletsong tsa lefatshe,
7e leng bohle ba ipitsang
ka lebitso la ka,
bao ke ba bopileng hore ba ntlotlise,
bao ke ba bopileng
ka ba ka ba etsa.”
Iseraele ke paki ya Morena
8Tlisang ba foufetseng
empa ba ena le mahlo,
bao e leng ditholo
empa ba ena le ditsebe.
9Matjhaba wohle
a phutheha hammoho,
ditjhaba le tsona di a kgobokana;
ke mang hara tsona
ya boletseng tsee,
a ba re bolella tsa kgalekgale?
A ba ke ba tlise
dipaki tsa bona mona,
di tle di pake hore ba nepile,
e le hore di ba utlwe,
di re: “Ke nnete!”
10“Wena Iseraele, o paki ya ka,”
ho rialo Morena,
“o mohlanka wa ka
eo ke mo kgethileng,
o tle o tsebe, o dumele ho nna,
mme o utlwisise
hore ke nna Modimo.
Ha ho modimo
o bopilweng pele ho nna,
kapa ha eba le o mong
kamorao ho nna.
11“Nna, nna ke inotshi, ke Morena,
kantle ho nna ha ho Mopholosi.
12Ke nna ya senotseng,
ka pholosa, ka phatlalatsa,
ke nna, e seng modimo o mong osele
o hara lona.
Lona le paki tsa ka
hore ke nna Modimo,”
ho rialo Morena.
13“E, haesale ke le yena
ho tloha mehleng ya kgale,
ha ho ya ka pholosang
se ka seatleng sa ka.
Seo ke se etsang
se ka etsollwa ke mang?”
Setjhaba se phonyoha Babilona
14Morena, Mopholosi wa hao,
Ya Halalelang wa Iseraele,
o bua tjena:
“Ka baka la lona
ke tla otla Babilona,
babalehi bohle ba Bakalatiya
ke ba theole,
ke ba theole ba balehele dikepeng,
dikepeng tseo
ba neng ba ikgantsha ka tsona.
15Ke nna Morena,
Ya Halalelang wa lona,
Mmopi wa Iseraele,
Kgosi ya lona.”
16Morena o bua tjena,
yena ya phuntseng tsela lewatleng,
a seha mmila
hara metsi a befileng;
17ya ntshitseng dipere
le kariki tsa ntwa,
a ntsha mabotho
le mekgahlelo ya wona,
mabotho a rapalla moo,
a rapallela ruri,
a fediswa seka lebone le tingwa:
18“Lebalang tsa kgalekgale,
tse fetileng le se ke la di nahana.
19Bonang, ke etsa ntho e ntjha!
Ke ena e mela, na ha le e bone?
Ke phunya tsela hara lehwatata,
le dinoka naheng e omeletseng.
20Phoofolo tse hlaha
di a ntlhompha,
diphokojwe le dimpshe
di a nthorisa,
hobane didiba
ke di tjheka lehwatateng,
dinoka di phalle
naheng e omeletseng,
ho nyorolla tjhaba sa ka,
bakgethwa ba ka.
21Setjhaba seo ke ipopetseng sona,
se tla ntumisa ka dithoko.”
Sebe sa Iseraele
22“Empa ha o a ipiletsa ho nna,
wena Jakobo,
ha o a ikgathatsa ka nna,
wena Iseraele.
23Ha o a ntlisetsa
konyana tsa setjheso,
leha e le ho ntlhompha
ka mahlabelo a hao.
Ha ke a ka ka o imetsa
ka ho batla nyehelo tsa dijo,
kapa ka o kgathatsa
ka ho o kopa mokubetso.
24Ha o a nthekela
hlaka le monko o monate,
kapa wa nthabisa
ka mafura a mahlabelo a hao.
Empa o nkimeditse ka dibe tsa hao,
wa ntena ka makgopo a hao.
25Nna, nna ke inotshi,
ke hlakola ditshito tsa hao,
ke di hlakola ka baka la ka,
ha ke sa hlola ke hopola
dibe tsa hao.
26“Ako nkgopotse tse fetileng,
re phehisane kgang ka tsona;
bolela kamoo o hlokang
molato kateng.
27Ntataomoholo o ne a etse sebe,
babuelli ba hao ba mphetohela,
28kahoo ke tla tlontlolla
baokamedi ba tempele ya hao,
Jakobo yena ke mo abele timelo,
Iseraele yena a nyedisehe.”

Currently Selected:

ESAYA 43: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy