YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 39

39
Maqosa a tswang Babilona
(2 Dikg. 20:12-19)
1Ka yona nako eo, Merodake-Baladane, mora wa Baladane, kgosi ya Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Hesekiya, hobane o ne a ile a utlwela tsa ho kula ha hae le ho fola ha hae. 2Hesekiya a thabela ditaba tsa maqosa, mme a a bontsha matlotlo a ntlo ya hae. A a bontsha silefera le kgauta le dinoko le ditlolo tsa bohlokwa, le ntlo ya hae ya dihlomo le tsohle tse ka matloleng a hae. Ha ho a ka ha eba le letho le ka tlung ya hae, le mmusong wa hae, leo Hesekiya a sa kang a a bontsha lona.
3Yaba moporofeta Esaya o fihla ho kgosi Hesekiya, o re ho yena: “Banna baa ba itseng? Ba itse ba tswa kae?”
Hesekiya a araba, a re: “Ba tlile ho nna ba etswa naheng e hole, Babilona.”
4Moporofeta Esaya a re: “Ba bone eng ka tlung ya hao?”
Hesekiya a araba, a re: “Ba bone tsohle tse ka tlung ya ka. Ha ho letho ka matloleng a ka leo ke sa ba bontshang lona.”
5Yaba Esaya o re ho Hesekiya: “Mamela lentswe la Morena ya matla wohle: 6‘Mehla e a tla eo ka yona tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bo-ntatao ba di bolokileng ho fihlela jwale, di tla iswa Babilona. Ha ho letho le tla sala,’ ho rialo Morena. 7Ba bang ba bara ba hao, ba tla tswalwa ke wena, ba tla thopuwa, e yo ba bahlanka ka tlung ya kgosi ya Babilona.”
8Yaba Hesekiya o re ho Esaya: “Lentswe la Morena, leo o le boletseng, le lokile.” Ka pelong ya hae o ne a re: “Mehleng ya ka re tla phela ka kgotso, re sireletsehile.”

Currently Selected:

ESAYA 39: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy