YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 27

27
Ho pholoswa ha Iseraele
1Ka tsatsi leo,
Morena o tla bolaya kganyapa,
a e bolaye ka sabole e bohale,
e kgolo, e sefea,
kganyapa, noha e tjhalametsang,
kganyapa, noha e bothang e ikgarile,
ke yena ya tla bolaya
sebata sa lewatleng.
2Ka tsatsi leo, ho tla thwe:
“Binelang rapa sa morara
se behang haholo.
3Ke nna Morena,
mohlokomedi wa sona,
ke se nwesetsa ka dinako tsohle,
ke se lebela motsheare le bosiu,
hore ho se be le ya mong
ya ka se senyang.
4Ho halefa ha ke a halefa.
Ha ho ne ho eme hlabahlabane,
ho eme le meutlwa kapele ho nna,
ke ne ke tla e futuhela ke e lwantshe,
ke e hatakele kaofela ha yona,
ke e tjhese.
5Ho seng jwalo, a ba ke ba tle ho nna,
nna ke be setshabelo sa bona,
ba tle ho nna ke etse kgotso le bona.
E, ba tle ho nna
ke etse kgotso le bona.”
6Ka matsatsi a tlang
Jakobo o tla hloma,
Iseraele a thunye, a etse dipalesa,
fatshe lohle le tlale tholwana tsa hae.
7Na Morena o ile a otla Iseraele
jwalokaha a ile a otla
ba ileng ba mo otla?
Na o bolailwe
jwaloka ba ileng ba mmolaya?
8O mo otlile
ka ho mo lelekela naheng esele,
wa mo fefola ka moya o matla,
jwaloka mohla
moya wa botjhabela o fokang.
9Molato wa Jakobo
o tla hlakolwa tjena,
ena e be tsela
ya ho fedisa sebe sa hae:
Ha a fedisa
dialetare tsohle tsa majwe,
a di sila, a di etsa thuethue
sa phofo ya mokwetla,
medimo ya bohata,
le tshwantsho tsa Ashera,
di se di le siyo.
10Motse o haheleditsweng
o fetohile dithako,
ke motse o siilweng,
o furaletsweng sa lehwatata,
ke moo manamane a fulang teng,
a be a bothe, a itjelle makala.
11Makala a motse oo
ha a omme a ye a rojwe,
basadi ba a rwalle,
ba bese mollo ka wona.
Tjhaba sena ke sa batho
ba hlokang kutlwisiso,
kahoo Mmopi wa sona
a ke ke a se utlwela bohloko,
Mmopi wa sona
a ke ke be a se hauhela.
12Ka letsatsi leo, Morena o tla pola koro ho tloha nokeng ya Euferatese ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta, ebe lona bana ba Iseraele, le bokellwa ka bonngwe. 13Ka lona tsatsi leo, ho tla letswa lenaka le leholo, mme ba neng ba le lekgatheng la ho shwela naheng ya Asiria, le ba neng ba leleketswe naheng ya Egepeta, ba tla kgutla, ba kgumamele Morena thabeng e halalelang e Jerusalema.

Currently Selected:

ESAYA 27: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy