YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 26

26
Modimo o tla nea tjhaba sa hae tlholo
1Ka tsatsi leo, naheng ya Juda ho tla binwa sefela sena:
Re na le motse o matla,
ka marako le metero ya wona
Modimo o a re pholosa.
2Bulang menyako ya motse,
tjhaba se lokileng se kene,
tjhaba se tshepahalang se kene.
3O boloka kgotso
ya ba maikutlo a tsitsitseng,
hobane bona ba fela ba o tshepile.
4Itshepele Morena kamehla yohle,
hobane Morena Modimo,
ke Fika la mehla yohle.
5Ba tulong tse phahameng
o a ba theola,
motse o phahameng a o kokobetse,
a o heletse o wele fatshe,
a o theolele tlase, leroleng.
6O tla hatakelwa ka maoto,
o hatakelwe ke maoto a mafutsana,
o hatakelwe ke mehato ya bahloki.
7Tsela ya ya lokileng
ha e na makukuno,
wena Ya Lokileng
o batalatsa tsela ya hae.
8Oho, Morena, re o emetse,
re tsamaya tseleng
ya dikahlolo tsa hao;
lebitso la hao le botumo ba hao
ke tsona tseo re di labalabelang.
9Moya wa ka o o tsetselela bosiu,
pelo ya ka le yona
e o hlolohetswe haholo.
Ha kahlolo tsa hao
di phethwa lefatsheng,
baahi ba lefatshe
ba tla ithuta ho loka.
10Leha ba kgopo ba ka hauhelwa,
ha ba ke be ba ithute ho loka;
leha ba ka phela naheng ya toka,
ba tswela pele
ho nna ba etsa bokgopo,
botlotlehi ba Morena
ba se ke ba bo bone.
11Tsoho la hao
le phahamisitswe, Morena,
empa batho bana bona
ha ba le bone;
ako ba bontshe
ha o tjhesehela tjhaba sa hao,
ba bone, mme dihlong di ba aparele,
mollo o tjhesang dira tsa hao
o ba timetse.
12Morena, o re theela kgotso,
hoba mesebetsi yohle ya rona
e phethilwe ke wena.
13Oho, Morena Modimo wa rona,
babusi ba bang ba kile ba re busa,
empa ke bitso la hao feela
leo re le tlotlang.
14Ba shwele,
ba ke ke ba hlola ba phela,
ba mabitleng,
ba ke ke ba hlola ba tsoha;
o ba otlile, wa ba wa ba timetsa,
wa etsa hore
ba se hlole ba hopoleha.
15Oho, Morena,
o se atisitse setjhaba,
o se atisitse, o a tlotleha ke hona;
wa namisa meedi ya naha.
16Morena, ba tlile ho wena
ba tsielehile,
ha o ba kgalema yaba ba a o rapela.
17Jwalokaha moimana
ya kgatheng la ho beleha
a ye a meneke,
a lliswe ke mahlaba a hae,
le rona re bile jwalo
mahlong a hao Morena.
18Re ne re le baimana,
re meneka ke mahlaba,
empa ha re pepa
ra beleha moya feela.
Fatshe la rona
ha re a le tlisetsa pholoho,
ba tla aha ho lona
le bona ha ba a tswalwa.
19Bafu ba lona
ba tla boela ba phele,
ditopo tsa bona
di tla boela di tsoha.
Lona ba phelang leroleng,
tsohang le bine;
kahobane phoka ya hao
e tshwana le phoka ya hoseng,
fatshe le tla boela
le tsosa bafu ba lona.
Kahlolo le ntjhafatso
20Ikeleng tjhaba sa ka,
le kene kamoreng tsa lona,
ha le se le kene,
le ikwalle kahara tsona,
le ipate ho se hokae,
kgalefo e be e fele.
21Bonang, Morena o tswa
ka leahong la hae,
ho ahlolela baahi ba lefatshe
dibe tsa bona.
Fatshe le tla hlahisa madi
a tsholletsweng hodima lona,
ba bolaetsweng ho lona
le ke ke la hlola le sa ba pata.

Currently Selected:

ESAYA 26: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy