YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 25

25
Ho roriswe Morena
1Oho, Morena,
ke wena Modimo wa ka,
ke tla o tlotla,
ke rorise lebitso la hao,
hobane wena o entse dimakatso,
merero ya hao ya kgale
e a tshepeha, ke ya nnete.
2Wena o fetotse motse
qubu ya majwe,
motse o haheleditsweng
wa o fetola lesupi,
motse wa bokgosi wa baditjhaba
ha e sa le motse,
le ho tsoswa
o ke ke wa hlola o tsoswa.
3Kahoo ditjhaba tse matla
di tla o tlotlisa,
metse ya tjhaba tse sehloho
e o tshabe,
4hobane o bile setshabelo
ho mafutsana,
wa ba setshabelo
ho bahloki tsietsing tsa bona,
wa ba mosireletsi
nakong ya difefo,
wa ba moriti
hara lebatama la letsatsi.
Moya wa ya sehloho
o ka sefefo se thula lebota,
5o ka lebatama
la letsatsi lehwatateng.
Rata la baditjhaba o tla le fedisa;
jwalokaha leswiti
le kokobetsa motjheso,
le pina ya ya sehloho
e tla fediswa jwalo.
Modimo o etsa mokete wa dijo
6Thabeng ena Morena wa mabotho
o tla etsa mokete,
a etsetse tjhaba tsohle
mokete wa dimonate,
a o etse ka veine e ritelehile,
dijo di le monate, veine e ritelehile.
7Thabeng ena o tla tlosa lesira,
le fifaditseng tjhaba tsohle,
a tlose lesela
le fifaditseng ditjhaba tsohle.
8Morena Modimo o tla fedisa lefu,
le felle ruri,
a hlakole meokgo
fahlehong tsa batho bohle,
a tlose dihlong
tjhabeng sa hae fatsheng lohle,
hobane Morena o buile jwalo.
9Ka tsatsi leo, batho ba tla re:
“Ruri enwa ke Modimo wa rona,
re ile ra mo tshepa,
o re pholositse;
enwa ke Morena,
re ile ra mo tshepa,
a re nyakalleng,
re thabele ha a re pholositse.”
Modimo o tla otla Bamoabe
10Morena o tla sireletsa thaba ena,
Bamoabe bona a ba hatakele,
a ba hatakele sa mmoko
o hatakellwa moraheng.
11Leha ba ka phakalatsa
matsoho a bona hodima moraha,
ba a phakalatsa sa sehlapi se sesa,
Morena o tla fedisa
boikgantsho ba bona,
le hoja matsoho a bona a le bohlale.
12Qhobosheane
e marako a phahameng
o tla e heletsa,
a e heletse, e burame fatshe,
a e heletse, e fetohe lerole.

Currently Selected:

ESAYA 25: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy