YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 24

24
Morena o tla otla lefatshe
1Morena o tla falatsa lefatshe,
a le timetse,
sebopeho sa lona a se senye,
baahi ba lona a ba hasanye.
2Ho tla ba jwalo ho moprista
le ho setjhaba,
ho mohlanka le ho monga hae,
ho lekgabunyane
le ho mofumahadi wa lona;
ho be jwalo ho moreki
le ho morekisi,
ho moadimi le ho moadimuwa,
ho morui le ho mofutsana.
3Fatshe le tla falatswa kahohlehohle,
tsohle tsa lona le di amohuwe,
hobane Morena o buile jwalo.
4Fatshe le bofifing, le bile le a pona,
fatshe le a tepella, le bile le a pona,
bahlomphehi ba lefatshe
le bona ba a tepella.
5Fatshe le silafaditswe
ke baahi ba lona,
ba tlotse melao, ba robile ditaelo;
ba sentse selekane sa kamehla yohle.
6Kahoo thohako e aparetse lefatshe,
baahi ba lona
ba jere molato wa bona,
ba tjheswa ke lebatama,
ho sale ba mmalwana.
7Veine e ntjha e fofile,
fate tsa morara di ponne,
ba thabileng
ba aparelwa ke maswabi.
8Meropa ya thabo
e kgaotsa ho tidinya,
mehoo ya ba nyakaletseng
le yona e a fela,
pina tsa diharepa
le tsona di kgaoditse.
9Veine e fedile
le dipina ha di sa le yo,
dino tse tahang
ke mohalakane ho ba di nwang.
10Motse wa mafeela o fetohile lesupi,
matlo wohle a tinketswe,
hore ha se be ya ka kenang.
11Diterateng tsohle
batho ba llela veine,
menyaka yohle le yona e se fedile,
lefatsheng lohle
medidietsane ha e sa utlwahala.
12Hara motse ho setse masupi feela,
menyako ya motse
e robehile dikotwana.
13Ho tla ba jwalo lefatsheng,
hara ditjhaba,
ho be jwaloka fate sa mohlwaare
ha se hlohlorwa,
ho kgwahlapiswa morara o setseng
ha ho kotulwa.
14Ba tla howeletsa ka mantswe a phefa,
ba binele Morena ya tlotlehang,
ba howe haholo,
ba howe ho tloha bophirimela.
15Lona ba ka botjhabela
tlotlisang Morena,
le lona ba dihlekehlekeng,
le tlotlise bitso la Morena,
Modimo wa Iseraele.
16Pina tse tswang
pheletsong tsa lefatshe
re di utlwile:
“Tlotla e ke e iswe
ho Ya Lokileng!”
Empa nna ke re: “Ke fedile!
Ke fedile! A nna elwa!”
Mahlabaphiyo
a ntsa tswela pele ho eka,
bohlabaphiyo ba wona
bo ntse bo hatela pele!
17Tshabo le mohohlo le leraba
di o emetse,
di emetse wena ya ahileng lefatsheng.
18Ya balehang mokgosi
o bakwang ke tshabo,
yena o tla wela kahara mohohlo;
ya ngwangwarelang
hore a tswe ka mohohlong,
raba le tjhehilweng
yena le tla mo tshwasa.
Pula ya ditlwebelele
e tla tsholoha e etswa hodimo,
metheo ya lefatshe
le yona e tla reketla.
19Fatshe lohle le tla ripitlwa,
le ripitlwe,
fatshe lohle le tla phatloha,
le phatlohe,
fatshe le tla sisinngwa
madulong a lona,
le sisinngwe.
20Fatshe le tla thekesela,
le kapeye sa letahwa,
le tsokotsehe
sa lephephe la molebedi;
dibe tsa lona di tla le imela haholo,
ebe le a wa,
ha le hlole le tsoha hape.
21Ka tsatsi leo, Morena o tla otla,
a otle mabotho
a hodimo lehodimong,
kgosi tsa lefatshe
a di otlele lefatsheng.
22Kgosi di tla kgobokanngwa tsohle
di be mmoho,
di kgobokanngwe sa batshwaruwa
ba le ka mohohlong,
ebe di ya kwallwa ka tjhankaneng,
kamora matsatsi a mangata
di nto newa kotlo.
23Kgwedi e tla fifala,
tsatsi le ipate sefahleho,
ha Morena wa mabotho
a busa Sione le Jerusalema,
baholo a ba senolela tlotla ya hae.

Currently Selected:

ESAYA 24: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy