YouVersion Logo
Search Icon

BAHEBERU 13

13
Tshebeletso e kgahlisang Modimo
1Le nne le ratane jwalokaha bana ba motho ba ratana. 2Se lebaleng ho amohela baeti, hobane, ka ho etsa jwalo, ba bang ba amohetse mangeloi ba sa lemohe. 3Hopolang ba ditlamong, jwaloka hoja le le ditlamong le bona; esita le ba hlekefetswang, hobane le lona le sa phela lefatsheng.
4Bohle ba hlomphe lenyalo, mme dikano tsa lona di bolokwe ka botshepehi. Modimo o tla ahlola dihlola le difebe. 5Bophelo ba lona bo se ke ba buswa ke ho rata tjhelete. Le kgotsofalle seo le nang le sona, hobane Modimo ka boyena o itse:
“Ha nka ke ka o lahla,
kapa ka o furalla.”
6Ke ka baka leo re leng sebete ho re:
“Morena ke mothusi wa ka,
nke ke ka tshaba letho.
Motho a ka nketsang?”
7Hopolang batsamaisi ba lona ba le boleletseng lentswe la Modimo. Tadimang tsela eo ba phetseng ka yona, eo ba shweleng ka yona, mme le ba etsise tumelong ya bona. 8Le kajeno Jesu Kreste e ntse e le yena wa maobane, mme e tla nne e be yena kamehla yohle.
9Se kgelosweng ke dithuto disele, tsa mefutafuta. Ke ntho e ntle ha pelo ya motho e matlafatswa ka mohau wa Modimo, e seng ka melao e amanang le dijo, e se nang molemo ho ba e latelang. 10Re na le aletare, eo basebeletsi ba Tente ba se nang tokelo ya ho jela ho yona.
11Moprista e Moholo o tlisa madi a diphoofolo Sehalalelong e le nyehelo ka baka la sebe, empa ditopo tsa tsona di tjhesetswa kantle ho diahelo. 12Ke ka lebaka lena Jesu a ileng a hlokofaletswa kantle ho kgoro ya motse, e le hore a tle a halaletse setjhaba ka madi a hae. 13Kahoo a re mo kgahlanyetseng kantle ho diahelo, re ntse re jere sekgobo sa hae. 14Mona lefatsheng ha re na motse wa kamehla, empa re ipatlela motse o tlang ho tla.
15Ka baka leo, ka Jesu, a re se phetseng ho nyehella Modimo ka sehlabelo sa thoriso e tswang melomong e rokang lebitso la hae. 16Se lebaleng ho ba mosa le ho thusana, hobane ana ke wona mahlabelo a kgahlisang Modimo.
17Mamelang batsamaisi ba lona, le ipee tlasa bona. Ba a le hlokomela, kaha ba tla ikarabella ka lona. Etsang hore ba phethe hoo ka thabo, e seng ka maswabi, hobane ha ba etsa ka maswabi, hoo ho ke ke ha le tswela molemo wa letho.
18Re rapelleng. Re kgodisehile hore matswalo a rona a kgutsitse, hobane re rata ho ba le metsamao e metle dinthong tsohle. 19Haholoholo ke ipiletsa ho lona hore le etse jwalo, e le hore Modimo a tle a nkgutlisetse ho lona kapele.
Tlhohonolofatso le ditumediso tsa ho qetela
20Modimo ya re fang kgotso, ya tsositseng Morena wa rona Jesu bafung, yena Jesu ya ileng a etswa modisa e moholo wa dinku ka madi a selekane se sa feleng, 21a ke a le fe tsohle tse molemo, tseo le di hlokang ho phetha thato ya hae. Tse mo kgahlisang a ke a di bope ka dipelong tsa rona, ka Jesu Kreste, ya lokelwang ke tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!
22Bana beso, ke ipiletsa ho lona hore le mamelle mantswe ana a kgothatso, leha ke le ngoletse hakgutshwanyane.
23Tsebang hore ngwanabo rona Timothea o lokolotswe. Haeba a ka fihla ka nako, re tla tla le yena ho le hlwela.
24Dumedisang batsamaisi bohle ba lona le badumedi bohle. Ba Italia ba a le dumedisa.
25Mohau o ke o be le lona bohle.

Currently Selected:

BAHEBERU 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy