YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 47

47
1Josefa a kena, a bolella Faro, a re: “Ntate le bana beso, le mehlape ya bona ya dinku le ya dikgomo, le tsohle tseo ba nang le tsona, ba fihlile ho tswa naheng ya Kanana, mme jwale ba se ba le seterekeng sa Goshene.” 2Yaba o nka ba bahlano ba bana babo, a ba bea kapele ho Faro.
3Faro a re ho bana bao babo: “Mosebetsi wa lona ke ofe?”
Ba araba Faro, ba re: “Bahlanka ba hao ke badisa ba mehlape ya dinku, jwaloka bo-ntata bona.” 4Ba boela ba re ho Faro: “Re tlile ho tla jaka naheng ena, hobane mehlape ya bahlanka ba hao ha e na makgulo, kaha tlala e kgolo naheng ya Kanana. Ka hona re a o kopa: O ke o dumelle bahlanka ba hao ho aha seterekeng sa Goshene.”
5Faro a bua le Josefa, a re: “Ntatao le bana beno ba tlile ho wena. 6Naha ya Egepeta ke ena kapele ho wena. Bea ntatao le bana beno moo naha e leng ntle, ba ahe seterekeng sa Goshene. Haeba o tseba hore ho na le banna ba tshepahalang hara bona, o ba etse badisa ba mehlape ya ka.”
7Yaba Josefa o tlisa ntatae Jakobo, o mo emisa kapele ho Faro, mme Jakobo a hlohonolofatsa Faro. 8Jwale Faro a re ho Jakobo: “Dilemo tsa hao di kae?”
9Jakobo a re ho Faro: “Dilemo tsa bojaki ba ka mona lefatsheng ke lekgolo le mashome a mararo. Dilemo tsa bophelo ba ka di bile kgutshwanyane, tsa eba thata, mme ha di a fihla dilemong tseo bo-ntate ba di phetseng.” 10Yaba Jakobo o hlohonolofatsa Faro, mme a tloha ho yena.
11Josefa a bea ntatae le bana babo, a ba kgethela sebaka sa bodulo naheng ya Egepeta, moo naha e leng ntle, seterekeng sa Ramesese, jwalokaha Faro a ne a laetse. 12Josefa a fepa ntatae, le bana babo, le lelapa lohle la ntatae, ho ya ka palo ya baphedisuwa.
Puso ya Josefa nakong ya tlala
13Ho ne ho se dijo lefatsheng lohle, hobane tlala e ne e le ya bojadikata, mme naha ya Egepeta le ya Kanana tsa ba tsa fellwa ke dijo ka baka la tlala. 14Josefa a bokella tjhelete yohle e neng e fumanwa naheng ya Egepeta le ya Kanana ha ho ntse ho rekiswa koro, mme a e isa tlung ya Faro. 15Yare ha tjhelete e fela naheng ya Egepeta le ya Kanana, Baegepeta bohle ba tla ho Josefa, ba re: “Re fe dijo! O re re shwe o ntse o re tadimile, hobane feela re feletswe ke tjhelete?”
16Josefa a araba, a re: “Tlisang diphoofolo tsa lona; ke tla le ananyetsa dijo ka diphoofolo tsa lona, haeba tjhelete e fedile.” 17Ba tlisa diphoofolo tsa bona ho Josefa, mme Josefa a ba ananyetsa dijo ka dipere, le dinku, le dikgomo, le ditonki. Selemong seo a ba ananyetsa dijo ka diphoofolo tsa bona tsohle.
18Ha selemo seo se fedile, ba tla ho yena ka selemo sa bobedi, ba re: “Ha re ka ke ra patela morena wa rona hore tjhelete e fedile, le leruo la diphoofolo le feletse ho morena ka. Ha re a sallwa ke letho leo morena ka a ka le bonang, haese mmele ya rona le masimo a rona. 19Re ka shwela mahlong a hao ka baka lefe, rona le masimo a rona? Re rekelle le masimo a rona ka dijo, hore rona le masimo a rona re be makgoba a Faro. Re fe peo re tle re phele, re se ke ra shwa, le hore masimo a se ke a lala.”
20Yaba Josefa o rekela Faro naha yohle ya Egepeta, hobane Moegepeta e mong le e mong o ile a rekisa tshimo ya hae, kaha tlala e ne e ba imetse, mme naha ya eba ya Faro. 21Batho bona a ba fallisetsa metseng, ho tloha karolong e nngwe ya Egepeta ho isa ho e nngwe. 22Ke masimo a baprista feela ao a sa kang a a reka, hobane baprista ba ne ba newa moputso ke Faro, ba phela ka wona, mme ka lebaka lena ba se ke ba rekisa masimo a bona.
23Yaba Josefa o re ho setjhaba: “Bonang, kajeno lona le masimo a lona ke le reketse Faro. Jwale peo ke ena, mme le tla jala masimo. 24Ka nako ya kotulo le tla nea Faro karolo e le nngwe ho tse hlano ya tse kotutsweng. Karolo tse nne e tla ba tsa lona, e be peo, le dijo tsa lona le tsa malapa a lona, le dijo tsa bana ba lona.”
25Ba re: “O re pholositse! A re ke re fumane mohau ho morena ka, mme re tla ba makgoba a Faro.”
26Yaba Josefa o etsa molao naheng ya Egepeta, o ntseng o le teng le kajeno-ya-bokajeno, wa hore Faro a newe karolo e le nngwe ho tse hlano ya tse kotutsweng. Ke masimo a baprista feela ao e sa kang ya eba a Faro.
Taelo ya Jakobo ya ho qetela
27Yaba Baiseraele ba aha naheng ya Egepeta, seterekeng sa Goshene; ba e rua, ba ata, ba ngatafala haholo.
28Jakobo a phela naheng ya Egepeta dilemo tse leshome le metso e supileng; kahoo Jakobo a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mane a metso e supileng. 29Ha nako ya ho shwa ha Iseraele e atamela, a bitsa mora wa hae Josefa, a re ho yena: “Haeba ke fumane mohau ho wena, ako bee seatla sa hao ka tlasa serope sa ka. Tshepisa hore o tla nne o nthate, o tshepahale, mme o ke ke wa nkepela Egepeta. 30Mohla ke shwang jwaloka bo-ntate, o nkuke, o nntshe Egepeta, o yo nkepela mabitleng a bona.”
Josefa a araba, a re: “Ke tla etsa kamoo o boletseng kateng.”
31Iseraele a re: “Ntlhapanyetse!” A mo hlapanyetsa. Iseraele a inamisetsa hlooho mosamong.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 47: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy