YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 4

4
Ditaba tsa Kaine le Abele
1Adama a kena dikobong tsa mosadi wa hae, Eva; mosadi a ithwala, a tswala Kaine. Yaba Eva o re: “Ke fumane monna ka thuso ya Morena.” 2A boela a tswala Abele, moena Kaine.
Abele e ne e le modisa wa dinku, athe Kaine yena e ne e le molemi. 3Ha nako e ntse e eya, Kaine a tlisetsa Morena nyehelo ya dilopotsiya. 4Abele le yena a mo tlisetsa matsibolo a nonneng a mohlape wa hae. Morena a kgahlwa ke Abele le nyehelo ya hae, 5empa a se ke a kgahlwa ke Kaine le nyehelo ya hae. Kaine a halefa haholo, sefahleho sa hae sa tsunkana.
6Morena a re ho Kaine: “O halefetseng? Ke ka baka lang ha sefahleho sa hao se tsunkane? 7Haeba o etsa hantle, na sefahleho sa hao ha se na ho bontsha kgotso? Empa ha o sa etse hantle, sebe se laletse monyakong wa hao, se a o lakatsa; feela wena eka kgona o se hlole.”
8Kaine a re ho Abele, moena hae: “A re ye naheng.” Jwale yare ha ba le naheng, Kaine a tsohela Abele moena hae matla, a mmolaya.
Teleko ya Kaine
9Morena a re ho Kaine: “Ngwaneno, Abele, o kae?”
Kaine a araba, a re: “Ha ke tsebe! Na ke nna modisana wa ngwaneso?”
10Morena a re: “O entseng? Lentswe la madi a ngwaneno le ipiletsa ho nna le etswa mobung. 11Kahoo o rohakehile, mme o lelekilwe mobung oo madi a ngwaneno, a tsholotsweng ke letsoho la hao, a monyetseng ho wona. 12Ha o lema, mobu o ke ke wa hlola o o atlehisa ka tse tswang ho wona. O tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng.”
13Kaine a re ho Morena: “Kotlo ya ka e kgolo hoo ke sitwang ho e mamella. 14Bona, kajeno o ntelekile naheng ena, mme nke ke ka hlola ke bona sefahleho sa hao. Ke tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng, mme ho tla etsahala hore ya mponang a mpolaye.”
15Morena a re ho yena: “Ka baka leo, mang le mang ya tla bolaya Kaine, polao eo e tla pheteletswa hasupa.” Yaba Morena o tshwaya Kaine, esere ya mmonang a mmolaya. 16Kaine a tloha pela Morena, a ya aha lefatsheng la Nodo, ka botjhabela ho Edene.
Leloko la Kaine
17Kaine a kena dikobong tsa mosadi wa hae; mosadi a ithwala, a tswala Henoke. Kaine a haha motse, a o reella ka mora wa hae, Henoke. 18Henoke a tswala Irade; Irade a tswala Mehuyaele; Mehuyaele a tswala Methushaele; Methushaele a tswala Lameke.
19Lameke a nyala basadi ba babedi: lebitso la e mong e ne e le Ada, la e mong e le Silla. 20Ada a tswala Jabale, eo e leng ntata ba neng ba phela ditenteng, ba ruileng mehlape. 21Lebitso la moena hae e ne e le Jubale, eo e leng ntata bohle ba neng ba letsa makodilo le diphala. 22Silla yena a tswala Tubale-Kaine, eo e neng e le lelala la dintho tse entsweng ka lethose le tshepe. Kgaitsedi ya Tubale-Kaine e ne e le Naama.
23Yaba Lameke o re ho basadi ba hae:
“Ada le Silla, utlwang lentswe la ka;
lona basadi ba Lameke,
mamelang polelo ya ka:
ke bolaile motho
ya mpatileng leoma,
le mohlankana ya nteteditseng.
24Haeba Kaine a pheteletswa hasupa,
Lameke yena e tla ba
hamashome a supileng hasupa.”
25Adama a boela a kena dikobong tsa mosadi wa hae, mosadi a mo tswalla mora eo a ileng a mo rea lebitso la Seta. Eva a re: “Modimo o mphile ngwana e mong bakeng sa Abele, hobane Kaine o ne a mmolaye.” 26Seta le yena a ba le mora, mme a mo rea lebitso la Enoshe.
Jwale batho ba qala ho rapela Morena.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy